PHELA JWALO KA BOKRESTE
Jehova o Rata Batho ba Hlwekileng
“Hlapa matsoho. Hlwekisa kamore ya hao. Fiela. Lahla matlakala.” Batswadi ba bangata ba ruta bana ba bona hore ba hlweke mmeleng. Le ha ho le jwalo, melaomotheo eo ya bohlweki e simoloha ho Modimo wa rona ya halalelang. (Ex 30:18-20; De 23:14; 2Ko 7:1) Re tlotlisa Jehova ha re boloka mmele ya rona le dintho tseo re nang le tsona di hlwekile. (1Pe 1:14-16) Ho thweng ka sebaka seo re dulang ho sona? Ho fapana le batho ba lahlelang matlakala ditseleng le dipakeng, Bakreste ba leka ka hohle hore ba boloke lefatshe le hlwekile. (Pes 115:16; Re 11:18) Esita le dintho tse nyane tse kang ho lahlela pampiri ya pompong kapa makotikoti a terinki fatshe, di ka bontsha hore re ikutlwa jwang ka bohlweki. Re batla ho “ipuella ka tsela e nngwe le e nngwe hore re basebeletsi ba Modimo.”—2Ko 6:3, 4.
SHEBELLANG VIDEO E RENG MODIMO O RATA BATHO BA HLWEKILENG, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Batho ba bang ba ka ipehela mabaka afe a hore ba se ke ba hlwekisa dintho tsa bona?
Molao oo Modimo a o fileng Moshe o ile wa bontsha jwang hore Modimo o ikutlwa jwang ka bohlweki?
Re ka rorisa Jehova jwang le hoja re sa bue letho?
Nka bontsha jwang bophelong ba ka hore ke rata bohlweki jwalo ka Jehova?