LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb19 December leq. 7
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Fetofetoha le Maemo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Fetofetoha le Maemo
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dintlha tse Ding
  • Bua ka Diketsahalo Tsa Moraorao ha o le Tshimong
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 December leq. 7
Baradibabo rona ba babedi ba sebedisa thabolete ho pakela monga polasi.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo Ya Rona Boboleding​—Ka ho Fetofetoha le Maemo

KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Batlotsuwa le ba bongata bo boholo ba mema batho ba mefuta yohle hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tše 22:17) Metsi a na a tshwantshetso a emela dintho tsohle tseo Jehova a fanang ka tsona ho pholosa batho ba mamelang sebeng le lefung. E le hore re thuse batho ba nang le ditso le ditumelo tse sa tshwaneng, re lokela ho bolela “ditaba tse molemo tse sa feleng” ka tsela e kgahlang e mong le e mong wa bona.​—Tše 14:6.

O KA ETSA SEO JWANG:

  • Kgetha ho bua ka taba e itseng kapa lengolo le tla ama batho ba tshimong ya heno. O ka kgetha ho bua o sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho kapa wa kgetha ho bua ka molaetsa oo o kileng wa o sebedisa ka katleho. Batho ba tshimong ya heno ba thabela ho bua ka ditaba dife le mangolo afe? Na ho na le ntho e hlahileng ditabeng eo batho ba nahanang ka yona le eo ba buang ka yona? Ke taba efe e ka kgahlang monna kapa mosadi?

  • Dumedisa batho bao o buisanang le bona ka tsela e tlwaelehileng sebakeng sa heno.​—2Ko 6:3, 4

  • Tseba dingolwa le divideo tse hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta e le hore o di bontshe motho ya thahasellang

  • Downloada divideo le dingolwa ka dipuo tsa batho ba tshimong ya heno

  • Fetola molaetsa wa hao ho latela ditlhoko tsa mongantlo. (1Ko 9:19-23) Ka mohlala, o ka reng haeba o utlwa hore mongantlo o sa tswa hlokahallwa?

SHEBELLA VIDEO, EBE KA MORA MOO O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng eo mohweletsi a qadileng ho bua ka yona le mongantlo?

  • Mongantlo o ne a etsahallwa ke eng bophelong ba hae?

  • Lengolo le neng le le molemo boemo boo ke lefe, hona hobaneng?

  • O fetola molaetsa wa hao jwang hore o kgahle batho ba tshimong ya heno?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share