LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 February leq. 3
  • O ka Ithutang Dipineng Tsa Broadcasting?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O ka Ithutang Dipineng Tsa Broadcasting?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Rorisang Jehova ka ho mo Binela le Thabile
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dipina Tsa Mmuso di re Tsosa Molota
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 February leq. 3
Bara le baradibabo rona ba thabela ho mamela mmino wa katara le ho bina ba dutse ka ntle.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O ka Ithutang Dipineng Tsa Broadcasting?

Ke dipina dife tsa Broadcasting tseo o di ratang ka ho fetisisa? Ho na ke hobaneng ha o di rata? Na o bona di bua ka dintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi? Dipina tsena di ama motho e mong le e mong ka ha di entswe ka ditsela tse sa tshwaneng hape di na le dihlooho tse ngata tse sa tshwaneng. Ho feta moo, dipina tsena tse hlahang Broadcasting tse mamelwang le tse shebellwang ha di a etsetswa hore batho ba ithabise feela.

Pina ka nngwe e re ruta thuto ya bohlokwa eo re ka e sebedisang bophelong ba rona le tshimong. Dipina tse ding di bua ka kamohelo ya baeti, bonngwe, botswalle, sebete, lerato kapa tumelo. Tse ding di bua ka ho kgutlela ho Jehova, ho tshwarela batho ba bang, ho dula re tshepahala le ho batla ditsela tse ding tsa ho sebeletsa Jehova. Ho na le pina e nngwe e hlahang Broadcasting e buang ka ho sebedisa founu hantle. Ke eng hape eo o ithutileng yona dipineng tse ding tsa Broadcasting?

SHEBELLA PINA E RENG ANANELA POPO YA MODIMO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng e thusitseng bana ba hlahang videong ee hore ba atamele haufi le Jehova?

  • Ho nahanisisa ka popo ya Jehova ho ka re thusa jwang hore re ipone moo ha ditshepiso tsa Modimo di se di phethahala?

  • Re ka bontsha jwang hore re ananela popo ya Jehova?

  • Ke eng eo o e ratang ka popo ya Jehova?

SEO O KA SE ETSANG BORAPEDING BA LELAPA

Shebella dipina tsa Broadcasting tse latelang, e be ka mora moo o araba dipotso tsena tse pedi tse latelang: Ke ithutileng videong ee? Nka sebedisa dintho tseo ke ithutileng tsona jwang bophelong ba ka?

  • Lwanela Tumelo

  • Ha re Bang

  • “Eba ya Amohelang Baeti”

  • Monate wa Kopano

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share