MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 6-7
“Jwale o Tla Bona Seo ke Tla se Etsa ho Faro”
Pele Jehova a ka tlisa dikotlo Egepeta le ho lopolla Baiseraele bokgobeng, o ile a ba bolella seo a tla se etsa. Baiseraele ba ne ba tla bona matla a Jehova ka ditsela tseo ba neng ba e so ka ba a bona pele, mme Baegepeta ka sebele ba ne ba tla tseba hore na Jehova ke mang. Ha ditshepiso tsa Modimo di phethahala, tumelo ya Baiseraele e ile ya matlafala mme seo se ile sa ba thusa ho hanela tshusumetso ya bodumedi ba bohata ba Egepeta.
Tlaleho ee ya Bibele e matlafatsa tumelo ya hao jwang mabapi le hore ditshepiso tsa Modimo ka bokamoso di tla phethahala?