PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ikokobetse ha ba Bang ba o Rorisa
Ka dinako tse ding batho ba bang ba ka re babatsa kapa ba re rorisa. Sena se ka re kgothatsa haeba batho ba re rorisa ho tswa pelong ebile ba etsa seo ka sepheo se nepahetseng. (Lipr 15:23; 31:10, 28) Empa re lokela ho ela hloko hore seo se se ke sa etsa hore re ikgohomose kapa re ikutlwe re le ba bohlokwa ho feta batho ba bang.
SHEBELLA VIDEO E RENG LULA U TŠEPAHALA JOALOKA JESU HA U RORISOA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke dintho dife tseo batho ba bang ba ka re babatsang ka tsona?
Barababo rona ba ile ba babatsa Sergei jwang?
Thoriso ya bona e ne e se e fetelletse ka tsela efe?
O ithutang tseleng eo Sergei a ileng a araba ka boikokobetso ka yona?