MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 17-18
Banna ba Ikokobeditseng ba Kwetlisa ba Bang le ho ba fa Boikarabelo
Barababo rona ba nang le boiphihlelo ba bontsha jwang hore ba na le boikokobetso, lerato le ponelopele ha ba kwetlisa barababo rona ba batjha mme ba ba fa mosebetsi ka phuthehong?
Kgetha barababo rona ba ka kgonang ho phetha mosebetsi o eketsehileng ka phuthehong
Ba bolelle ka ho hlaka seo ba lokelang ho se etsa hore ba kgone ho phetha mosebetsi wa bona
Ba fe dintho tseo ba tla di hloka ho phetha mosebetsi wa bona
Hlahloba mosebetsi wa bona mme o ba bolelle hore o a ba tshepa hore ba tla kgona ho phetha mosebetsi wa bona hantle
IPOTSE, ‘Nka abela barababo rona mesebetsi efe?’