MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EXODA 23-24
O se ke wa Latela Bongata
Jehova o ile a lemosa dipaki le baahlodi hore ha ba le nyeweng ba se ke ba susumetswa ke bongata hore ba bue leshano le ho fana ka kahlolo e se nang toka. Molaomotheo ona wa hore motho a se ke a latela bongata o sebetsa le maemong a mang bophelong. Kajeno lefatshe le dula le leka ho susumetsa Bakreste ho nahana le ho etsa dintho ka tsela eo batho ba sa hlompheng Modimo ba nahanang le ho etsa dintho ka teng.—Bar 12:2.
Ke hobaneng ha e se bohlale ho latela bongata ha re
utlwa lesebo kapa ditaba tseo re se nang bonnete ba tsona?
kgetha diaparo, tsela eo re lokisang moriri ka yona le ha re kgetha boithabiso?
nahana le ho sebedisana le batho ba morabe o mong, setso se seng le ba boemo bo fapaneng ba ditjhelete?