PHELA JWALO KA MOKRESTE
Qoba ho Hasa Mashano
Kajeno ditaba di ka fihla ho batho ba bangata ka pele, ka dintho tse kang koranta, seyalemoya, thelebeshene le Inthanete. Batho ba rapelang “Modimo wa nnete” ha ba batle ho etsa phoso ya ho fetisa ditaba tse fosahetseng. (Pes 31:5; Ex 23:1) Ho fetisa ditaba tse sa nepahalang ho batho ba bang ho ka baka mathata a mangata. Haeba o batla ho tseba hore na taba e itseng e nepahetse kapa tjhe, ipotse:
‘Na taba ee e tswa mohloding oo nka o tshepang?’ Motho ya o bolellang ditaba a ka nna a se tsebe dintlha kaofela. Hangata motho ha a bolella ba bang taba e itseng qetellong ya fetoha. Ka hoo, e ba hlokolosi ha o mamela taba eo o sa tsebeng hore na e qadile hokae. Ka ha batho ba tshepa ditaba tse hlahang ho batho ba nang le boikarabelo ka phuthehong, ba lokela ho ela hloko hore ba se ke ba fetisa ditaba tseo ho se nang bonnete ba hore na di nepahetse kapa tjhe.
‘Na ditaba tsee ke lesebo?’ Haeba e le ditaba tse senyang lebitso la motho ya itseng kapa batho ba itseng, e ka ba hantle hore o se ke wa bua ka tsona.—Lipr 18:8; Fil 4:8
‘Na taba ee e a utlwahala?’ Ela hloko hore o se ke wa mamela ditaba tseo ho leng thata ho di kgolwa
SHEBELLA VIDEO E RENG NKA TLOHELA HO SEBA BATHO BA BANG JWANG? EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ho ya ka Liproverbia 12:18, seo motho a se buang se ka baka bothata bofe?
Bafilipi 2:4 e re thusa jwang tabeng ya ho bua ka batho ba bang?
Re lokela ho etsang ha batho ba bang ba bua ba bang hampe?
Pele re ka bua ka batho ba bang re lokela ho ipotsa dipotso dife?