PHELA JWALO KA MOKRESTE
Na o ka Fana ka Nako ya Hao le Matla a Hao?
Jwalo ka ha Esaia a boletse esale pele, karolo e lefatsheng ya mokgatlo wa Jehova e hola ka potlako. (Esa 54:2) Ka lebaka la sena, ho hlokahala hore ho hahwe Diholo Tsa Mmuso, Diholo Tsa Dikopano le diofisi tsa makala. Ka mora hore di hahwe, di tla hloka ho hlokomelwa mme tse ding di tla hloka ho lokiswa ka mora nako e itseng. Sena re fa monyetla wa hore re fe Jehova nako le matla a rona ka ditsela dife?
Re ka hlwekisa Holo ya Mmuso ha e le sehlopha sa rona sa tshimo se hlwekisang
Re ka ithaopela ho fumana kwetliso ya ho hlokomela Holo ya rona ya Mmuso
Re ka tlatsa foromo ya Local Design/Construction Volunteer Application (DC-50) e le hore re thuse ha ho hahwa kapa ho lokiswa meaho ya mokgatlo e haufi le moo re dulang
Re ka tlatsa foromo ya Application for Volunteer Program (A-19) mme ra ithaopela ho thusa ofising ya lekala kapa dibakeng tse ding tsa lekala ka nako e ka etsang beke kapa ho feta
SHEBELLA KAROLO YA VIDEO E RENG HO RERWA HA PROJEKE E NTJHA YA HO HAHA, E BE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Re ile ra qala ho sebedisa divideo jwang ho tloha ka 2014?
Ho rerilwe projeke efe e le hore ho nne ho etswe divideo tseo re di hlokang, hona e tla qala neng mme e fele neng?
Baithaopi ba ka thusa jwang projekeng ee?
Haeba o dula United States mme o batla ho thusa ka mosebetsi wa ho haha o Ramapo, ke hobaneng ha o lokela ho tlatsa foromo ya (DC-50) mme hape o thuse diprojekeng tsa Lefapha la Meralo le Kaho tse haufi le moo o dulang?
Keng e bontshang hore Jehova o ntse a tataisa projeke ee?
Re ka tshehetsa projeke ee jwang le hoja re sa kgone ho thusa ka mosebetsi wa ho haha?