MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 4-5
Fa Jehova Sohle Seo o ka se Kgonang
Bofutsana bo ne bo sa thibele le ha e le mang Iseraele hore a etse kgotso le Jehova. Esita le bafutsana ba neng ba futsanehile ka ho fetisisa ba ne ba ka kgona ho etsetsa Jehova nyehelo e amohelehang ha feela e ne e le sohle seo ba ka kgonang ho fana ka sona. Ba ne ba ka fana ka phofo empa Jehova o ne a lebelletse hore e be phofo e “thumisehileng,” kapa e sitsweng hantle eo ba neng ba ka e sebedisa ha ba na le baeti ba bohlokwa. (Ge 18:6) Mehleng ena Jehova o amohela mahlabelo a rona a thoriso ho sa tsotellehe hore na maemo a rona a re sitisa ho mo sebeletsa hakae.—Heb 13:15.
Sena se ka o kgothatsa jwang haeba o se o sa kgone ho sebeletsa Jehova jwalo ka pele mohlomong ka lebaka la ho kula kapa ho fellwa ke matla?