MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 16-17
Letsatsi la ho Kwahela Dibe le Bolelang ho Wena?
Re ka ithutang tseleng eo dibano di neng di sebediswa ka yona ka Letsatsi la ho Kwahela Dibe?
Dithapelo tseo bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba di etsang di tshwana le dibano. (Pes 141:2) Feela jwalo ka ha moprista ya phahameng a ne a tlisa dibano ka pela Jehova ka tlhompho, ka ho tshwanang le rona ha re rapela Jehova re etsa seo ka tlhompho
Moprista ya phahameng o ne a lokela ho tjhesa dibano pele a ka fana ka mahlabelo. Ka ho tshwanang, pele Jesu a ka fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo, o ne a lokela ho etsa hore Jehova a se amohele ka hore a tshepahale bophelong bohle ba hae
Nka etsa bonnete ba hore Jehova o amohela mahlabelo ao ke mo etsetsang ona jwang?