LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 March leq. 9
  • O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • Tshepahala ha e Mong wa Leloko a Kgaotswe
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 March leq. 9
Lefatshe le a petsoha mme le kwenya Baiseraele ba marabele.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng

Kora, Dathane le Abirame ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa Jehova. Ka hoo, Jehova o ile a ba timetsa ha mmoho le bohle ba neng ba ba tshehetsa. (Nu 16:26, 27, 31-33) Ke maemo afe a ka lekang botshepehi ba rona ho Jehova? Ke mehlala efe e hlahang ka Bibeleng e ka re thusang ho qoba ho ba jwalo ka batho ba sa kang ba tshepahala?

SHEBELLA VIDEO YA O SE KE WA ETSISA BATHO BA SA TSHEPAHALENG, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya ‘O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng.’ Nneheng o nahana moshemane ya mo fang jwala phathing e lerata.

    Ke boemo bofe bo lekang tumelo boo Nneheng a ileng a ba ho bona, hona o ile a thuswa ke mohlala ofe hore a tshepahale?

  • Karolo ya video ya ‘O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng.’ Morabo rona o nahanisisa ka boemo bo mo tshwenyang.

    Ke ntho efe e ileng ya leka botshepehi ba morabo rona ya swetsehileng, hona o ile a thuswa ke mohlala ofe?

  • Karolo ya video ya ‘O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng.’ Morabo rona Thabiso o nahana a buisana le moradiwabo rona ya hlalaneng le monna wa hae ba le bang kantle Holong ya Mmuso.

    Ke boemo bofe bo ileng ba leka morabo rona Thabiso, hona o ile a thuswa ke mohlala ofe hore a dule a tshepahala?

  • Karolo ya video ya ‘O se ke wa Etsisa Batho ba sa Tshepahaleng.’ Morabo rona ya motjha o shebile link Inthaneteng ya ho betjha eo ba mo romelletseng yona founong ya hae.

    Ke ntho efe e ileng ya leka botshepehi ba morabo rona ya ntseng a le sekolong, hona ke mohlala ofe o ileng wa mo thusa?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share