LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb21 May leq. 5
  • Etsa Dipapiso ho Hlakisa Dintlha Tsa Bohlokwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Etsa Dipapiso ho Hlakisa Dintlha Tsa Bohlokwa
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Dintlha tse Ding
  • Sebedisa Mehlala
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Amohela Thuso ya Jehova ya Thapelo
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Thabela Tshebeletso ya Hao
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Eketsa Thabo ya Hao Boboleding​—⁠Botsa Dipotso
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
mwb21 May leq. 5
Mme le moradi ba shebile dinonyana le malomo ha ba ntse ba mametse Jesu a fana ka Thuto ya Thabeng.

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING

Sebedisa Mehlala ho Hatisa Dintlha Tsa Sehlooho

Ha re etsa maeto a ho boela kapa re ithuta Bibele le batho, re lokela ho ba thusa hore ba utlwisise dintlha tsa bohlokwa. Ha re sebedisa dipapiso ho hlakisetsa batho dintlha tsa bohlokwa, ba tla ameha dipelo ba be ba nolofallwe ke ho hopola seo ba ithutileng sona.

Ha o ntse o lokisetsa leeto la ho boela kapa thuto ya Bibele, o ka kgetha dintlha tsa bohlokwa tseo o batlang ho bua ka tsona. Ebe ka mora moo o kgetha mohlala o bonolo oo batho ba ka o utlwisisang. (Mat 5:​14-16; Mar 2:​21; Lu 14:​7-11) Leka ho tseba motho eo o ithutang Bibele le yena le hore na o rata ho etsa dintho dife. (Lu 5:​2-11; Joh 4:​7-15) Ha o bona motho eo o ithutang le yena a thabile ka lebaka la ho utlwisisa ntlha eo, le wena o tla thaba.

SHEBELLANG VIDEO YA THABELA MOSEBETSI WA HO ETSA BARUTUWA​—NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA​—KA HO SEBEDISA MEHLALA HO HATISA DINTLHA TSA SEHLOOHO, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya ‘Fumana Thabo ha o Ntse o Ruta Batho Bibele​—Ntlafatsa Tsela eo o Rutang ka Yona​—Etsa Dipapiso ho Hlakisa Dintlha Tsa Bohlokwa.’ Jade o botsa Niki potso.

    Ke hobaneng ha batho bao re ithutang Bibele le bona ba hloka ho thuswa ho utliwisisa ditemana tsa Bibele?

  • Karolo ya video ya ‘Fumana Thabo ha o Ntse o Ruta Batho Bibele​—Ntlafatsa Tsela eo o Rutang ka Yona​—Etsa Dipapiso ho Hlakisa Dintlha Tsa Bohlokwa.’ Niki o etsetsa Jade mohlala.

    Nteboheleng o ile a sebedisa papiso jwang ho hlakisa lengolo la Baroma 5:12?

  • Karolo ya video ya ‘Fumana Thabo ha o Ntse o Ruta Batho Bibele​—Ntlafatsa Tsela eo o Rutang ka Yona​—Etsa Dipapiso ho Hlakisa Dintlha Tsa Bohlokwa.’ Niki o bontsha Jade video.

    Dipapiso tse bonolo di finyella pelo

    Dipapiso tse bonolo di ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona jwang?

  • Ha re ruta batho Bibele, ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa divideo le dintho tse ding tse rutang tse lokiseditsweng ke mokgatlo wa Jehova?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share