EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING
Finyella Pelo
Re lokela ho mamela Modimo ho tswa pelong. (Lipr 3:1) Ka hoo ha re ruta batho Bibele, re lokela ho leka ka hohle hore dintho tseo re ba rutang tsona di ba ame dipelo. Re ka etsa jwalo jwang?
O se ke wa ruta motho Bibele feela empa o leke ho mo thusa ho bona hore na dintho tseo a ithutang tsona di ama bophelo ba hae le kamano ya hae le Jehova jwang. Mo thuse hore a utlwisise hore melao ya Bibele e bontsha hore Modimo o a re rata, o lokile ebile o re batlela se molemo. Ka mosa, mo botse dipotso e le hore a kgone ho nahanisisa ka dintho tseo a ithutang tsona le hore na o ikutlwa jwang ka tsona. Mo thuse hore a hlokomele hore haeba a sebedisa dithuto tseo bophelo ba hae bo tla fetoha mme a tlohelle dintho tse mpe tseo a neng a di etsa. Ha o bona motho eo o ithutang Bibele le yena a se a rata Jehova, o tla thaba haholo.
SHEBELLANG VIDEO YA THABELA MOSEBETSI WA HO ETSA BARUTUWA—NTLAFATSA TSELA EO O RUTANG KA YONA—KA HO FINYELLA PELO, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobaneng ha Nteboheleng a ile a botsa Dipontsho hore na o ile a nahana ka dintho tseo ba buileng ka tsona ka Mantaha?
Nteboheleng o ile a thusa Dipontsho jwang hore a utlwisise hore melao e ka Bibeleng e bontsha hore Jehova o a mo rata?
Haeba re ama dipelo tsa batho bao re ithutang Bibele le bona, ba tla ba le setswalle se matla le Modimo
Nteboheleng o ile a thusa Dipontsho jwang hore a bontshe hore o rata Modimo?