PHELA JWALO KA MOKRESTE
Tshwara Basadi ba Baholo Jwalo ka Bomme, Basadi ba Batjha Jwalo ka Dikgaitsedi
Bibele e re kgothalletsa hore re tshware Bakrestemmoho le rona ba baholo jwalo ka ha e ka ke bomme kapa bontate le ba banyane jwalo ka banababo rona. (Bala 1 Timothea 5:1, 2.) Ka ho kgetheha barababo rona ba lokela ho tshwara baradibabo rona ka tlhompho mme ba ba siele seriti.
Morabo rona ha a lokela ho bapala ka maikutlo a baradibabo rona kapa a etse ntho e nngwe e itseng e ka etsang hore moradiwabo rona a ikutlwe a sa phutholoha ha a e na le yena. (Job 31:1) Morabo rona wa lesoha ha a lokela ho etsa e ka o rata moradiwabo rona wa lesoha empa a tseba hantle hore ha a mo rate.
Ka mosa baholo ba lokela ho mamela ha baradibabo rona ba ba botsa dipotso kapa ba batla ho tseba ka ntho e nngwe e itseng. Ka ho kgetheha baholo ba hlokomela baradibabo rona ba se nang balekane e le hore ba kgone ho ba sireletsa.—Ru 2:8, 9.
SHEBELANG VIDEO YA TSWELAPELE HO BONTSHA LERATO KA PHUTHEHONG—HO BA SE NANG BONTATE LE BAHLOLOHADI EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Phutheho e ile ya bontsha jwang hore e rata Moradiwabo rona Myint?
Lerato leo phutheho e ileng ya le bontsha le ile la fana ka bopaki jwang ho batho ba bang?
Lerato leo phutheho e ileng ya le bontsha le ile la ama baradi ba Moradiwabo rona Myint jwang?
Ke dintho dife tse ding tseo o ka di etsang ho bontsha hore o nka baradibabo rona ba phuthehong ya lona e le ba bohlokwa ebile o a ba rata?