LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb22 March leq. 9
  • Metswalle ya Hao Inthaneteng ke bo Mang?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Metswalle ya Hao Inthaneteng ke bo Mang?
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dintlha tse Ding
  • Qoba Maraba a Metjha ya Puisano
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Kgetha Metswalle Hantle
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Molaodi ya Phahameng wa Tsa Bophelo o Lemosa Batho ka Dikotsi Tsa Inthanete—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 March leq. 9

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Metswalle ya Hao Inthaneteng ke bo Mang?

Lentswe motswalle le bolela ya “kgomarelang e mong ka lebaka la lerato kapa tlhompho.” Ka mohlala, Jonathane le Davida e ile ya eba metswalle e matla ka mora hore Davida a bolaye Goliathe. (1Sa 18:1) Banna bana ka bobedi ba ne bana le makgabane a ratehang a neng a etsa hore ba thabele ho ba metswalle. Ka hoo e le hore setswalle sa lona se be matla o lokela ho tseba motswalle wa hao hantle. Ho hlokahala nako le boiteko hore o tsebe motho hantle. Motho a ka ba le metswalle metjheng ya puisano ka motsotswana feela. Ka ha batho ba nahana esale pele hore na ba tla reng, ba beha dintho tse tla etsa hore batho ba ba shebe ka tsela e itseng mme seo se ka etsa hore ba pate seo ba leng sona. Ka hoo ho molemo hore o ipehele moedi hore na o tla ba le metswalle ya mofuta ofe. Haeba motho eo o sa mo tsebeng a batla ho ba motswalle wa hao Inthaneteng o se ke wa tshaba ho hana hobane o nahana hore seo se tla mo utlwisa bohloko. Ka lebaka la dikotsi tse bang teng, batho ba bang ba kgethile ho se sebedise marangrang ka ho feletseng. Le ha ho le jwalo, ke eng seo o lokelang ho dula o se hopola haeba o kgetha ho sebedisa marangrang?

SHEBELLANG VIDEO YA EBA BOHLALE HA O ETSA METSWALLE INTHANETENG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolo ya video ya “Eba Bohlale ha o Etsa Metswalle Inthaneteng.” Ngwanana o a makala ha a bona setshwantsho sa hae thelevisheneng.

    Keng seo o lokelang ho nahana ka sona pele o beha ditshwantsho kapa o ngola ntho e itseng Inthaneteng?

  • Karolo ya video ya “Eba Bohlale ha o Etsa Metswalle Inthaneteng.” Sekala se kala setshwantsho sa ngwanana le tjhelete ya tshepe. Setshwantsho se boima ho feta tjhelete.

    Ke hobaneng ha o lokela ho kgetha metswalle ka bohlale Inthaneteng?

  • Karolo ya video ya “Eba Bohlale ha o Etsa Metswalle Inthaneteng.” Banna ba babedi ba kgopo ba bontsha moshanyana ntho e nngwe Inthaneteng mme o ikwahela mahlo.

    Ke hobaneng ha o lokela ho ipehela nako eo o tla e qeta o sebedisa marangrang?​—Ef 5:15, 16

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share