LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb22 March leq. 13
  • Diteko Tsohle di Tla Fela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Diteko Tsohle di Tla Fela
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dintlha tse Ding
  • Jehova o re Thusa ho Mamella Mathata a Rona
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dula o Ena le Mamello
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • Na o Ikemiseditse ho Leta ka Mamello?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Letela Jehova ka Mamello
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 March leq. 13
Ditshwantsho: Karolo ya video ya “Batho ba Momahaneng Lefatsheng le Arohaneng.” 1. Letshwele la bara le baradibabo rona ba batsho kopanong. 2. Baholo ba batsho le ba basweu ba nka senepe le balekane ba bona. 3. Baradibabo rona ba babedi ba merabe le dilemo tse sa tshwaneng ba etsa mosebetsi wa boboledi.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Diteko Tsohle di Tla Fela

Ho ka ba bonolo hore diteko tseo re kopanang le tsona di re nyahamise, haholoholo ha di nka nako e telele. Davida o ne a tseba hore bothata ba hae bo neng bo bakwa ke Morena Saule bo ne bo tla fela, le hore e ne e tla ba morena jwalo ka ha Jehova a ne a tshepisitse. (1Sa 16:13) Tumelo eo Davida a neng a na le yona e mo thusitse hore a be le mamello le ho letela Jehova.

Ha re na le mathata, re ka leka ho sebedisa bohlale kapa tsebo ya rona ho fetola maemo a rona. (1Sa 21:12-14; Lipr 1:4) Le ha ho le jwalo, mathata a mang a tla dula a le teng esita le haeba re entse sohle seo re ka se kgonang ho a rarolla re sebedisa melaomotheo ya Bibele. Maemong a jwalo, re lokela ho ba le mamello mme re letele Jehova. Haufinyane o tla fedisa mathata a rona mme a ‘hlakole meokgo yohle’ ya rona. (Tše 21:4) Ebang mathata a rona a fediswa ke Jehova ka ho toba kapa a fela ka lebaka le leng le itseng, seo re se tsebang ke hore: Diteko tsohle di tla fela. Ho tseba seo ho ka re kgothatsa.

SHEBELLANG VIDEO YA BATHO BA MOMAHANENG LEFATSHENG LE AROHANENG EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke mathata afe ao Bakreste ba karolong e ka borwa ya Amerika ba kopaneng le ona?

  • Ba ile ba bontsha lerato le mosa jwang?

  • Ba ile ba tswela pele ho “nepisisa dintho tsa bohlokwa” jwang?​—Fil 1:10

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share