PHELA JWALO KA MOKRESTE
Itokisetse Bokudi ba Tshohanyetso
Ke hobaneng ha o lokela ho itokisa? Motho a ka kula ka tshohanyetso a ba a kena sepetlele a sa lebella. Ka hona, etsa sohle seo o ka se kgonang hona jwale pele maemo a tshohanyetso a hlaha hore o fumane kalafo e loketseng. Ha o etsa jwalo, o tla be o bontsha hore o hlompha bophelo le molao wa Jehova mabapi le madi.—Dik 15:28, 29.
O ka etsang ho itokisa?
Rapela ebe ka hloko o tlatsa karete ya madi (DPA).a Bahweletsi ba kolobeditsweng ba ka fumana karete ya madi ho mohlanka wa dibuka mme ba fumanela le bana ba bona ba dilemong tse tlase Identity Card (ic)
Haeba o imme, kopa foromo ya Tlhahisoleseding Bakeng sa Baimana (S-401) ho baholo. Foromo ena e tla o thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng ha o ntse o imme le ha ngwana a hlaha.
Haeba ho hlokahala mokgwa wa kalafo o amanang le madi kapa ho hlokahala hore o robale sepetlele, tsebisa baholo esale pele mme o tsebise sepetlele hore e mong wa Dipaki Tsa Jehova o tlo o etela.
Baholo ba ka thusa jwang? Ba ka o thusa hore o tlatse karete ya hao ya madi (DPA). Le ha ho le jwalo, moo o lokelang ho iketsetsa kgetho, baholo ba ke ke ba o etsetsa qeto. (Bar 14:12; Gal 6:5) Ha o tsebisa baholo hore ho ka nna ha eba le bothata ba hore o tshelwe madi, ba tla tsebisa Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele (HLC).
Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele e ka thusa jwang? Bara babo rona ba Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele ba kwetliseditswe ho thusa ba sebetsang dipetlele le makgotleng ho utlwisisa seo re se dumelang ka tshebediso ya madi. Ba ka buisana le ngaka ya hao ka mekgwa ya kalafo e sa sebediseng madi. Haeba ho hlokahala, ba ka o thusa ho fumana ngaka e tla utlwisisa boemo ba hao mabapi le ho tshelwa madi.
SHEBELLANG VIDEO YA RE KA ETSA DIQETO TSA PHEKOLO TSE AMANG MADI JWANG EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:
O ithutileng videong ee e tla o thusa hore o itokisetse ho kula ka tshohanyetso bo ka hlokang hore o tshelwe madi?
a Kgaolo ya 39 ya bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e ka o thusa hore o etse diqeto mabapi le tshebediso ya madi.