PHELA JWALO KA MOKRESTE
Tlhophiso e Entsweng ho Kgothatsa ba Sebeletsang Bethele
Kaofela ha rona re kopana le mathata mme re hloka ho tshehetswa le ho tshediswa. Esita le batho ba nang le tumelo e matla kapa ba nang le boikarabelo bo boholo ka hara mokgatlo wa Jehova ba ka nyahama. (Job 3:1-3; Ps 34:19) Re ka ithutang tlhophisong e entsweng ya ho tshehetsa le ho kgothatsa ba sebeletsang Bethele?
SHEBELLANG VIDEO YA “TSHEPA MODIMO” EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Bana ba bo rona ba sebeletsang Bethele ba kopana le mathata afe?
Ke dintho dife tse nne tse etswang ho ba tshedisa?
Bara ba bo rona ba tshedisang ba bang ba rua melemo efe?