PALE YA BOPHELO
Ke Fumane Ditlhohonolofatso ho Jehova Hobane ke ile ka Ithuta ho Batho ba Mpehelang Mehlala e Metle
HA ke ne ke le monyane, ho ne ho le thata hore ke ye ka ntlo le ntlo. Ha ke ntse ke hola, ke ile ka kopuwa hore ke etse mesebetsi eo ke neng ke nahana hore nke ke ka kgona ho e etsa. Ka hoo, e re ke le bolelle ka batho ba ileng ba mpehela mohlala o ileng wa nthusa hore ke hlole tshabo mme ke thabele ditlhohonolofatso tseo ke ileng ka di fumane tshebeletsong ya nako e tletseng ka dilemo tse 58.
Ke hlahetse Quebec City, e leng profenseng ya Quebec, Canada moo ho buuwang Sefrench. Batswadi ba ka e leng Louis le Zélia, ba nhodiseditse lelapeng le nang le lerato. Ntate wa ka o ne a le dihlong ebile a rata ho bala. Nna ke ne ke rata ho ngola mme ke tshepa hore ka le leng la matsatsi ke tla ba mongodi.
Ha ke ne ke le dilemo di 12, Rodolphe Soucy e leng e mong wa basebetsimmoho le ntate wa ka, o ile a tla lapeng le motswalle wa hae. E ne e le Dipaki Tsa Jehova. Ke ne ke sa tsebe hakaalo ka Dipaki, hape ke ne ke sena kgahleho ka bodumedi ba bona. Ho ntse ho le jwalo, ke ile ka kgahlwa ke tsela e mosa le e utlwahalang eo ba ileng ba arabela dipotso tsa rona ka yona ba sebedisa Bibele. Batswadi ba ka le bona ba ile ba kgahlwa ke sena mme re ile ra qala ho ithuta Bibele.
Ka nako eo ke ne ke kena sekolo sa Khatholike. Ka dinako tse ding, ke ne ke buisana le bana bao ke kenang tlelase le bona ka dintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng. Qetellong matitjhere a rona ao e neng e le baprista, a ile a utlwela ka sena. Ho ena le hore a sebedise Bibele ho hanyetsa seo ke se buang, e mong wa bona o ile a bolella bana ba tlelase hore ke lerabele. Le hoja boemo bona bo ile ba ntshwenya haholo, empa bo ile ba nthusa ho bona hore dithuto tsa bodumedi ha di dumellane le seo Bibele e se rutang. Ka hoo, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho tlohela sekolo seo mme ka tumello ya batswadi ke ile ka ya sekolong se seng.
KE ILE KA ITHUTA HO RATA TSHEBELETSO YA TSHIMO
Ke ile ka tswela pele ke ithuta Bibele, empa ke ne ke sa etse diphetoho tse kaalo hobane ke ne ke tshaba ho ya ka ntlo le ntlo. Kereke ya Khatholike e ne e ena le tshusumetso e matla mme e hanyetsa mosebetsi wa rona wa boboledi. Moetapele wa dipolotiki wa Quebec e leng Maurice Duplessis, o ne a sebedisana le baetapele ba bodumedi. Ka hoo, ka tshehetso ya hae, batho ba ile ba hlasela Dipaki. Ka nako eo, ho ne ho hlokahala hore Dipaki di be sebete e le hore di etse mosebetsi wa boboledi.
Morabo rona John Rae, ya neng a le tlelaseng ya borobong ya Sekolo sa Gileade, o ile a nthusa hore ke hlole tshabo. Le hoja John a ne a ena le tsebo e ngata, o ne a ikokobeditse. Le ha hangata a ne a sa nkgalemele ka ho toba, empa ke ile ka ithuta mohlaleng wa hae. John o ne a sokolo ho bua Sefrench mme hangata ke ne ke mo thusa ka sona ha re le tshebeletsong ya tshimo. Ho qeta nako e telele ke ena le yena ho ile ha nthusa hore ke etse qeto ya ho ba Paki ya Jehova. Ke kolobeditswe ka di 26 tsa May 1951 e leng dilemo tse leshome ka mora hore ke kopane le Dipaki.
Mohlala wa John Rae (A) o ile wa nthusa (B) hore ke hlole tshabo ya ho ya ka ntlo le ntlo
Phutheho ya rona e nyane e Quebec City, e ne e ena le bopulamadiboho ba bangata. Mohlala wa bona o motle, o ile wa nsusumelletsa hore le nna ke be pulamadiboho. Ka nako eo, re ne re sebedisa Bibele feela ho bolela ditaba tse molemo ka ha re ne re sena dingolwa. Seo se ne se re thusa hore re tsebe ditemana tsa Bibele tse ka re thusang hore re sireletse nnete. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ba ne ba sa batle ho bala phetolelo ya Bibele e neng e sa dumellwa ke Kereke ya Khatholike.
Ka 1952 ke ile ka nyala Simone Patry eo re neng re le phuthehong e le nngwe le yena. Re ile ra lo dula Montreal mme pele selemo se fela, ra hlohonolofatswa ka moradi e leng Lise. Le hoja ke ile ka kgaotsa ho ba pulamadiboho pele ke nyala, nna le Simone re ile ra phela bophelo bo bobebe e le hore re ka etsa sohle seo re ka se kgonang ho thusa ka mosebetsi ka phuthehong.
Ho ile ha feta dilemo tse leshome pele nka nahana hape ka ho nka bopulamadiboho. Ka 1962 ke ile ka ya sekolong sa baholo se nkang kgwedi se neng se tshwaretswe Bethele e Canada mme ke ne ke dula le morabo rona Camille Ouellette. Ke ile ka kgahlwa ke mafolofolo ao Camille a neng a ena le ona tshebeletsong ya tshimo le hoja e ne e le ntate wa lelapa. Ka nako eo, e ne e eba bara le baradibabo rona ba mmalwa bao e neng e eba bopulamadiboho Quebec, ha ka lehlakoreng le leng ba hodisa bana. Ho ntse ho le jwalo, ke sona seo Camille a neng a batla ho se etsa. Nako eo ke e qetileng ke ena le yena, o ile a nkgothalletsa hore ke nahane ka boemo ba ka. Ka hoo, ka mora dikgwedi tse mmalwa, ke ile ka hlokomela hore nka kgona ho nka bopulamadiboho hape. Batho ba bangata ba ile ba re ha ke ya etsa qeto e bohlale empa ke ile ka qala ho ba pulamadiboho hape, hobane ke ne ke kgodisehile hore Jehova o tla nthusa ho etsa mosebetsi ona.
RE ILE RA KGUTLELA QUEBEC CITY RE SE RE LE BOPULAMADIBOHO BA KGETHEHILENG
Ka 1964 nna le mosadi wa ka Simone, re ile ra kgutlela Quebec City toropong ya habo rona, e leng moo re ileng ra sebeletsa re le bopulamadiboho ba kgethehileng ka dilemo tse mmalwa. Ka nako eo, le hoja re ne re ntse re ena le bahanyetsi, empa re ne re se re sa hanyetswe jwalo ka pele.
Ka moqebelo o mong thapama, mapolesa a ile a ntshwara toropong e nyane ya Sainte-Marie, e haufi le Quebec City. Ka hoo, ke ile ka kwallwa hobane ke ne ke sena tumello ya ho paka ka ntlo le ntlo. Ha morao ke ile ka tliswa ka pela moahlodi ya neng a tshosa e leng Baillargeon. O ile a mpotsa hore na ke mang eo e tla ba leqhwetha la ka. E itse ha ke re e tla ba Glen How,a e leng leqhwetha le tsebahalang la Paki, o ile a tshoha ya ba o re: “Tjhe boo! Eseng yena!” Glen How o ne a tsebahala ka ho hlola dinyewe tse neng di le kgahlanong le Dipaki ka nako eo. E se kgale, lekgotla la dinyewe le ile la ntsebisa hore ha ke sa qoswa ka tlolo ya molao.
Ka lebaka la ho hanyetswa ha mosebetsi wa boboledi Quebec, ho ile ha eba thata hore re fumane sebaka seo re ka se hirang e le hore re tshwarele diboka teng. Phutheho ya rona e nyane, e ile ya fumana feela karatjhe e neng e le ya kgale ebile e bata. Mariha barababo rona ba ne ba sebedisa hitara ya oli e le hore ho futhumale. Hangata pele diboka di qala, re ne re dula pela yona mme re kgothatsana.
Ke ho thabisang ho bona ditlamorao tse ileng tsa tliswa ke ho bolela ditaba tse molemo ho tloha ka nako eo. Dilemong tsa bo 1960, ho ne ho ena le diphutheho tse mmalwa feela Quebec City, tse neng di akarelletsa Côte-Nord region le Gaspé Peninsula. Kajeno ho se ho ena le bara le baradibabo rona ba bangata dibakeng tsena mme ba kopanela Diholong Tsa Mmuso tse ntle.
MEMO YA HO ETSA MOSEBETSI WA POTOLOHO
Ka 1977, ke ile ka ya sebokeng sa balebedi ba tsamayang se neng se tshwaretswe Toronto, Canada
Ka 1970 re ile ra kopuwa hore re ilo ba bapotolohi. Yaba ka 1973, re abelwa hore re ilo ba balebedi ba setereke. Ka dilemo tseo, ke ile ka ithuta ho hongata ho barababo rona ba nang le tsebo, e leng Laurier Saumurb le David Splane,c bao ka bobedi e neng e le balebedi ba tsamayang. Ka mora kopano e nngwe le e nngwe ya potoloho, nna le David re ne re bua ka moo re ka ntlafatsang tsela eo re rutang ka yona. Ke hopola ka letsatsi le leng ha David a ne a re ho nna: “Léonce ke thabetse puo ya hao ya ho qetela. E ne e le monate empa nkabe ke ile ka etsa dipuo tse tharo ka dintlha tsa yona!” Ke ne ke rata ho fana ka dintlha tse ngata ha ke fana ka dipuo. Ka hoo ke ne ke hloka ho fokotsa dintlha tseo ke neng ke bua ka tsona.
Ke ile ka sebetsa ditoropong tse fapaneng tse botjhabela ba Canada
Balebedi ba setereke ba ne ba ena le boikarabelo ba ho kgothatsa bapotolohi. Ho ntse ho le jwalo, ka ha bahweletsi ba bangata ba ne ba ntseba Quebec, hangata ba ne ba batla ho sebetsa le nna ha ke ne ke le ketelong ya bona. Le hoja ke ne ke thabela ho etsa mosebetsi wa boboledi le bona, empa ha ke ya ka ka qeta nako e ngata le mopotolohi. Ka letsatsi le leng, ka lerato molebedi wa potoloho o ile a re ho nna: “O etsa hantle hore ebe o fa bara le baradibabo rona nako ya hao, empa o se ke wa lebala hore o etetse nna bekeng ena. Le nna ke hloka ho kgothatswa!” Ke ile ka ithuta ho hongata keletsong e mosa eo a ileng a mpha yona.
Ka 1976 ho ile ha etsahala ntho e nngwe eo ke neng ke sa e lebella. Mosadi wa ka simone o ile a kula haholo mme qetellong a hlokahala. E ne le motho ya ratang Jehova haholo ebile a nahanela batho ba bang. Ka ha ke ne ke qeta nako e ngata ke le tshebeletsong ya tshimo, ke ile ka kgona ho mamella bohloko bona mme ke leboha Jehova ka lerato le tshehetso eo a ileng a mpotsha yona nakong ena e thata. Ha morao ke ile ka nyala Carolyn Elliott, e leng pulamadiboho ya neng a bua Senyesemane ya neng a tlile tlhokahalong Quebec. Carolyn ke motho ya atamelehang le ya ratang batho ba bang, haholoholo ba dihlong le ba utlwang eka batho ha ba ba rate. O ile a nthusa haholo ha ntse re le mosebetsing wa potoloho.
SELEMO SA BOHLOKWA KA HO FETISISA
Ka January 1978 ke ile ka kopuwa ho ilo ruta sekolong sa pele sa bopulamadiboho Quebec. Ke ne ke tshohile haholo ka ha ke ne ke soka ke ya sekolong seo kapa hona ho bona buka e sebediswang moo. Ka hoo nna le bahweletsi ba neng ba ya sekolong seo, re ne re sa tsebe letho. Ho thabisang ke hore tlelase ya pele eo ke neng ke e ruta, e ne e ena le bopulamadiboho ba bangata ba nang le tsebo. Le hoja e ne e le nna ya ba rutang, empa ke ithutile ho hongata ho bona.
Ha morao ka 1978, ho ile ha tshwarwa kopano ya matjhaba ya “Victorious Faith,” setediamong sa Olympic se Montreal. Ena e ne e le kopano e kgolo haholo Quebec, ka ha ho ne ho tlile batho ba ka hodimo ho 80 000. Ke ile ka kopuwa hore ke sebetse lefapheng la phatlalatso kopanong eo. Ke ile ka bua le baqolotsi ba bangata ba ditaba mme ka thaba haholo ha ke bona dintho tse ntle tseo ba di ngotseng ka rona. Batho ba thelevishene le ba radio, ba ile ba buisana le rona ka dihora tse fetang tse 20 le ho ngola dihlooho tse fetang lekgolo ka rona. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ile ba tseba ho hongata ka Jehova le bahlanka ba hae.
HO YA TSHIMONG E NNGWE
Ka 1996 ho ile ha ba le phetoho e kgolo. Ho tloha ha ke ne ke kolobetswa, ke ne ke sebeletsa tshimong eo ho buuwang Sefrench Quebec, empa ka fuwa kabelo ya ho ya tshimong eo ho buuwang Senyesemane seterekeng sa Toronto. Ke ne ke utlwa ke sa tshwanelehe ebile ke tshaba ho fana ka dipuo ka Senyesemane, ka ha ke ne ke sa se tsebe hantle. Ka hoo ke ne ke hloka ho rapela ka mehla le ho tshepa Jehova haholwanyane.
Ke ne ke tshohile haholo pele ke qala ho sebetsa seterekeng seo, empa ke ile ka thabela dilemo tse pedi tseo ke di qetileng Toronto. Ka mamello Carolyn o ile a nthusa haholo hore ke phutholohe haholwanyane ha ke bua Senyesemane. Hape bara le baradibabo rona ba ne ba ntshehetsa le ho nkgothatsa. Ka pele feela re ile ra ba le metswalle e mengata.
Ha ho ntse ho hlophisetswa kopano ya letsatsi, hangata ka labohlano mantsiboya ke ne ke qeta hora ke le tshebeletsong ya tshimo. Batho ba bang ba ne ba mpotsa ba re: “Ke hobaneng ha o ya tshebeletsong ya tshimo pele ho kopano?” Ho ntse ho le jwalo, ke ile ka hlokomela hore ha ke bua le batho tshebeletsong ya tshimo, ke ne ke kgothala. Le hona jwale ke ntse ke thabiswa ke ho ya tshebeletsong ya tshimo.
Ka 1998 nna le mosadi wa ka Carolyn re ile ra abelwa ho ba bopulamadiboho ba kgethehileng Montreal. Ka dilemo tse ngata, mosebetsi wa ka o ne o akarelletsa ho etsa ditlhophiso tsa ho paka phatlalatsa le ho sebetsa le boraditaba ho lokisa maikutlo a fosahetseng ao batho ba neng ba ena le ona ka Dipaki Tsa Jehova. Hona jwale nna le Carolyn re thabela ho pakela batho ba tlileng Canada ba tswang dinaheng tse ding ba thabelang ho ithuta ka ho eketsehileng ka Bibele.
Le mosadi wa ka Carolyn
Ha ke nahana ka dilemo tse 68 tseo ke bileng mohlanka wa Jehova ka tsona, ke bona ka moo a ntlhohonolofaditseng ka teng. Ke thaba haholo ka ha ke ile ka ithuta ho rata tshebeletso ya tshimo le ho thusa batho ba bangata hore ba tsebe nnete. Moradi wa ka le monna wa hae ba ile ba qala ho nka bopulamadiboho ba ka mehla ka mora hore bana ba bona ba hole. Ho a thabisa ho bona ka moo a leng mafolofolo ka teng tshebeletsong ya tshimo. Haholoholo ke leboha Bakrestemmoho ba ileng ba mpehela mohlala le ho nkeletsa, e leng se ileng sa nthusa hore ke be le kamano e matla le Jehova le ho mo sebeletsa ka ditsela tse fapaneng. Ke ile ka hlokomela hore re ka tswela pele re etse seo mokgatlo wa Jehova o re kopang hore re se etse hafeela re itshetlehile ka moya wa hae o halalelang. (Pes. 51:11) Ka hoo, ke tswela pele ho leboha Jehova ka monyetla oo a mphileng ona wa hore ke rorise lebitso la hae.—Pes. 54:6.
a Sheba pale ya bophelo ya W. Glen How, “The Battle Is Not Yours, but God’s,” e hlahang makasineng ya Tsoha! ya April 22, 2000 e fumanehang ka Senyesemane.
b Sheba pale ya bophelo ya Laurier Saumur, “I Found Something Worth Fighting For,” ho Tora ya ho Lebela ya Senyesemane ya November 15, 1976.
c David Splane ke e mong wa Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova.