SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10
O Tla Susumelletseha ho Kolobetswa ha o Rata Ebile o Ananela Jehova
“Ke eng se nthibelang ho kolobetswa?”—LIK. 8:36.
PINA YA 37 Ho Sebeletsa Jehova ka Moya Wohle
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
1, 2. Ho ya ka Liketso 8:27-31, 35-38, keng e ileng ya susumetsa leqhalaha la Moethiopia hore le kolobetswe?
NA O batla ho ba molatedi wa Kreste? Lerato le kananelo di tla o susumelletsa hore o kolobetswe. Nahana ka mohlala wa leqhalaha le neng le sebeletsa mofumahadi wa Ethiopia.
2 Hang ha leqhalaha leo le hlokomela hore mangolo a re o lokela ho kolobetswa, o ile a etsa jwalo. (Bala Liketso 8:27-31, 35-38.) Empa o ile a susumetswa keng? Ho hlakile hore o ne a ananela Lentswe la Modimo ka ha o ne a ntse a bala lengolo la Esaia ha a ntse a tsamaya ka kariki ya hae. Eitse ha Filipi a bua le yena, o ile a ananela seo Jesu a mo etseditseng sona. Empa ke hobaneng ha leqhalaha lena le ne le e ya Jerusalema? Hobane o ne a se a ntse a rata Jehova. Re tseba seo jwang? O ne a se a ntse a rapela Jehova Jerusalema. Monna enwa wa leqhalaha, o ne a tlohetse bodumedi ba hae mme a ikopanya le setjhaba se seng se inehetse ho Modimo wa nnete. Ka ha o ne a rata Jehova, o ile a susumelletseha hore a kolobetswe mme e be e mong wa balatedi ba Kreste.—Mat. 28:19.
3. Keng e ka thibelang motho hore a kolobetswe? (Sheba lebokose le reng “Keng se ka Pelong ya Hao?”)
3 Ha o rata Jehova o tla susumelletseha hore o kolobetswe. Empa lerato le ka boela la o thibela hore o kolobetswe. Jwang? Nahana ka mehlala ena. O ka rata ba lelapa le metswalle bao e seng Dipaki haholo hoo o ka tshwenyehang hore ha o ka kolobetswa batla o hloya. (Mat. 10:37) Kapa o ka rata dintho tseo o tsebang hore Modimo o di hloile mme wa fumana ho le thata hore o di tlohele. (Pes. 97:10) Mohlomong o ka rata thabo e tliswang ke ho keteka mekete e itseng e thehilweng bodumeding ba bohata, eo o hotseng e etswa. Ka lebaka leo, o ka nna wa utlwa ho le thata hore o tlohele dintho tse sa thabiseng Jehova. (1 Bakor. 10:20, 21) Ka hoo o tlameha ho ipotsa, “Keng kapa ke mang eo ke mo ratang haholo?”
MOTHO EO RE LOKELANG HO MO RATA HAHOLO
4. Ke lebaka lefe la bohlokwa la hore o kolobetswe?
4 O na le dintho tse ngata tseo o ka di ratang le ho di ananela. Ka mohlala e ka nna yaba pele o ithuta le Dipaki Tsa Jehova, o ne o ananela Bibele mme ho ka etsahala hore ebe o ne o rata Jesu. Ka ha hona jwale o tseba Dipaki Tsa Jehova, ho ka etsahala hore ebe o rata ho qeta nako le tsona. Empa ho rata dintho tsena ho ke ke ha o susumelletsa hore o inehele ho Jehova mme o kolobetswe. Lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa la hore o kolobetswe ke hobane o rata Jehova. Ha o rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe, o ke ke wa dumella eng kapa eng hore e o thibele ho mo sebetsa. Ka hoo, ho rata Jehova ho tla o susumetsa hore o kolobetswe le hore o dule o tshepahala ka mora kolobetso.
5. Re tla hlahloba dipotso dife?
5 Jesu o itse re tlameha ho rata Jehova ka dipelo tsa rona tsohle, moya, kelello le matla. (Mar. 12:30) Empa ke jwang o ka ithutang ho rata le ho hlompha ka tsela eo? Ha re nahana ka moo Jehova a re ratang ka teng, seo se tla etsa hore le rona re mo rate. (1 Joh. 4:19) Jwale o tla ikutlwa le ho etsang ha o se o ena le lerato leo?b
6. Ho ya ka Baroma 1:20, o ka ithuta ka Jehova hokae?
6 Ithute ka Jehova popong. (Bala Baroma 1:20; Tšen. 4:11) Nahana ka dimela le diphoofolo tseo Jehova a di bopileng mme o bone ka moo di bontshang hore o bohlale. Ithute ka tsela e hlollang eo mmele wa hao o entsweng ka yona. (Pes. 139:14) Nahana ka letsatsi, le hoja e le e nngwe ya dinaledi tse dimilione le na le matla a mangata.c (Esa. 40:26) Ka hoo ha o ntse o nahana ka popo ya Jehova o tla mo hlompha le ho feta. Le ha ho le jwalo ho tseba hore Jehova o bohlale ebile o matla, ke qalo feela ya hore o be le setswalle le yena. Ke nnete hore ke ha bohlokwa hore o tsebe hore Jehova o bohlale ebile o matla empa e le hore o mo rate le ho feta le hore e be motswalle wa hao o hloka ho tseba ho fetang hoo.
7. O lokela ho kgodiseha kang e le hore o rate Jehova haholo?
7 O hloka ho kgodiseha hore Jehova o o kgathalla o le motho ka bomong. Na o fumana ho le thata ho kgolwa hore Mmopi wa lehodimo le lefatshe o a o tseba ebile o a o kgathalla? Haeba ho jwalo hopola hore Jehova ha a “hole le e mong le e mong wa rona.” (Lik. 17:26-28) “O phenya dipelo tsohle” hape o o tshepisa hore “haeba o mo batla, o tla etsa hore o mo fumane.” (1 Likron. 28:9) Ha e le hantle lebaka leo o ithutang Bibele ka lona kajeno, ke hobane Jehova o itse ‘ke o huletse ho nna.’ (Jer. 31:3) Ka hoo ha o ntse o ananela dintho tseo Jehova a o etseditseng tsona, o tla mo rata le ho feta.
8. O ka bontsha jwang hore o ananela lerato leo Jehova a o ratang ka lona?
8 Tsela eo o ka bontshang hore o ananela lerato leo Jehova a o ratang ka lona ke ka hore o mo rapele. O tla rata Modimo le ho feta ha o mo leboha ka dintho tseo a o etseditseng tsona ebile o mo bolella ka dintho tsohle tse o tshwenyang. Ka hoo ha o bona a arabela dithapelo tsa hao, setswalle sa hao le yena se tla matlafala. (Pes. 116:1) Ebile o tla kgodiseha le ho feta hore o a o utlwisisa. Empa e le hore o be le setswalle se haufi le Jehova o hloka ho utlwisisa dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng le hore na ke hobaneng ha a etsa dintho tse itseng. Hape o hloka ho tseba hore na o lebelletseng ho wena. Ka hoo tsela feela ya hore o tsebe dintho tseo ke ka hore o ithute Bibele.
Tsela e molemo ya hore re be metswalle ya Modimo le ho tseba hore na o batla hore re phele jwang, ke ka hore re ithute Bibele (Sheba serapa sa 9)d
9. O ka bontsha jwang hore o ananela Bibele?
9 Ithute ho ananela Lentswe la Modimo Bibele. Ke Bibele feela e ka o bolellang nnete ka Jehova le ka dintho tseo a batlang ho o etsetsa tsona. O tla be o bontsha hore o ananela Bibele haeba o e bala letsatsi le letsatsi, ha o lokisetsa pele motho a o rutang a tla ho wena le ha o sebedisa seo o ithutileng sona. (Pes. 119:97, 99; Joh. 17:17) Na o na le nako eo o e behileng ya ho ithuta Bibele? Na ha nako eo e fihla o etsa bonnete ba hore o a e bala?
10. Keng e ikgethang ka Bibele?
10 Ntho e nngwe e ikgethang ka Bibele ke hore e na le ditlaleho tse tswang ho batho ba boneng Jesu. Ke yona feela buka e nepahetseng e hlalosang seo Jesu a o etseditseng sona. Ka hoo ha o ithuta ka dintho tseo Jesu a di buileng le ho di etsa, o tla batla ho ba motswalle wa hae.
11. Keng e ka o thusang hore o rate Jehova?
11 Ithute ho rata Jesu mme o tla rata Jehova le ho feta. Hobaneng? Hobane Jesu o ne a bonahatsa makgabane a Ntate wa hae. (Joh. 14:9) Ka hoo ha o ntse o ithuta ka Jesu o tla utlwisisa le ho ananela Jehova le ho feta. Nahana ka moo Jesu a neng a hauhela batho ba neng ba nkwa e se ba bohlokwa hobane feela ba ne ba kula, ba fokola ebile ba futsanehile. Nahana ka dikeletso tseo a o fang tsona letsatsi le letsatsi le tseo haeba o di latela di o thusang hore o ntlafatse bophelo ba hao.—Mat. 5:1-11; 7:24-27.
12. Ha o ntse o ithuta ka Jesu o ka susumelletseha ho etsang?
12 O ka rata Jesu le ho feta ha o nahanisisa ka sehlabelo seo a re etseditseng sona e le hore re tshwarelwe dibe. (Mat. 20:28) Ha o utlwisisa hore Jesu o ne a ikemiseditse ho o shwela, o ka nna wa susumelletseha hore o bake mme o kope Jehova hore a o tshwarele. (Lik. 3:19, 20; 1 Joh. 1:9) Ka hoo ha o ntse o rata Jesu le Jehova le ho feta, o tla batla ho ba hara batho ba ba ratang.
13. Keng seo Jehova a tla o fa sona?
13 Ithute ho rata batho ba ratang Jehova. Ba lelapa le metswalle bao e seng Dipaki, ba ka nna ba se ke ba utlwisisa hore na ke hobaneng ha o batla ho inehela ho Jehova. Ka hoo ba ka nna ba o hanyetsa empa Jehova o tla o thusa ka hore bara le baradibabo rona ebe lelapa leno. Ha o dula o e na le bona ba tla o rata le ho o tshehetsa. (Mar. 10:29, 30; Baheb. 10:24, 25) Ha nako e ntse e ya ba lelapa leno ba ka nna ba batla ho sebeletsa Jehova le ho mamela ditaelo tsa hae.—1 Pet. 2:12.
14. Ho ya ka 1 Johanne 5:3, keng seo o se hlokometseng ka melao ya Jehova?
14 Ithute ho ananela le ho sebedisa melao ya Jehova. E ka nna yaba pele o ithuta ka Jehova o ne o iketsetsa qeto ya se nepahetseng le se fosahetseng empa ka mora hore o ithute ka yena, o ile wa hlokomela hore melao ya hae e molemo. (Pes. 1:1-3; bala 1 Johanne 5:3.) Nahana ka keletso ya Bibele e fuwang banna, basadi, batswadi le bana. (Baef. 5:22–6:4) Na ho sebedisa keletso eo ho entse hore lelapa la hao le thabe le ho feta? Na ho mamela keletso ya Jehova ya ho kgetha metswalle e nepahetseng ho o tswetse molemo? Na o thabile ho feta pele? (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33) Ho ka etsahala hore karabo ya hao dipotsong tsena ke eya.
15. Keng seo o lokelang ho se etsa haeba o sa kgone ho sebedisa melaomotheo ya Bibele?
15 Ka dinako tse ding o ka nna wa thatafallwa ke ho sebedisa melaomotheo ya Bibele eo o ithutang yona. Ke ka hoo Jehova a sebedisang mokgatlo wa hae, ho o fa dingolwa tse hlalosang Bibele tse tla o thusa ho kgetha se nepahetseng le se fosahetseng. (Baheb. 5:13, 14) Ka hoo ha o ntse o bala le ho ithuta dingolwa tsena, o tla hlokomela ka moo di o thusang ka teng mme o tla batla ho ba karolo ya mokgatlo wa Jehova.
16. Jehova o hlophisitse batho ba hae jwang?
16 Ithute ho rata le ho tshehetsa mokgatlo wa Jehova. Jehova o hlophisitse batho ba hae ka diphutheho mme Mora wa hae Jesu ke hlooho ya tsona. (Baef. 1:22; 5:23) Jesu o kgethile sehlopha se senyane sa banna ba tlotsitsweng ba etellang pele ho hlophisa mosebetsi o etswang kajeno. Jesu o re banna bana ke “lekgoba le tshepahalang le le masene” mme ba nka boikarabelo ba bona e le ba bohlokwa ba ho o thusa hore o be le kamano e ntle le Modimo. (Mat. 24:45-47) E nngwe ya ditsela tseo lekgoba le o thusang ka tsona, ke ka hore le kgethe baholo e le hore ba o tataise le ho o sireletsa. (Esa. 32:1, 2; Baheb. 13:17; 1 Pet. 5:2, 3) Baholo ba ikemiseditse ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho o kgothatsa le ho o thusa hore o be le kamano e ntle le Modimo. Empa e nngwe ya dintho tsa bohlokwa tseo ba ka di etsang ke ho o thusa hore o rute batho ba bang ka Jehova.—Baef. 4:11-13.
17. Ho ya ka Baroma 10:10, 13, 14, ke hobaneng ha re bolella batho ba bang ka Jehova?
17 Thusa batho ba bang hore ba rate Jehova. Jesu o bolelletse balatedi ba hae hore ba rute batho ba bang ka Jehova. (Mat. 28:19, 20) Re ka mamela taelo ena hobane feela re tseba hore re tlameha ho e mamela. Empa ha o ntse o rata Jehova le ho feta o ka ikutlwa jwalo ka moapostola Petrose le Johanne ba ileng ba re: “Re ke ke ra kgaotsa ho bua ka dintho tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.” (Lik. 4:20) Re tla thaba haholo ha re ka thusa motho e mong hore a rate Jehova. Nahana ka moo Filipi a ileng a thaba ka teng ka mora hore a thuse Moethiopia ho ithuta nnete ya Mangolo le hore a kolobetswe. Ka tsela e tshwanang ha o etsisa Filipi mme o mamela taelo ya Jesu ya ho ruta batho Bibele, o bontsha hore o batla ho ba Paki ya Jehova. (Bala Baroma 10:10, 13, 14.) Ha o etsa sena, o ka nna wa ikutlwa jwalo ka Moethiopia ya ileng a re: “Ke eng se nthibelang ho kolobetswa?”—Lik. 8:36.
18. Re tlo bua kang sehloohong se latelang?
18 Ha o kolobetswa o tla be o etsa qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa. Ka hoo, o lokela ho tseba hore na ke hobaneng ha o kolobetswa. Jwale keng seo o lokelang ho se tseba ka ho kolobetswa? Hona o lokela ho etsang pele le ka mora hore o kolobetswe? Sehlooho se latelang se tla araba dipotso tsena.
PINA YA 2 Lebitso la Hao ke Jehova
a Batho ba bang ba rata Jehova empa ha ba tsebe hantle hore na ba batla ho kolobetswa mme e be Dipaki Tsa Jehova. Haeba o ikutlwa ka tsela eo sehlooho sena se tla o bontsha dintho tse ka o thusang hore o kolobetswe.
b Batho ha ba tshwane, ka hoo ba bang ba ka nna ba se ke ba sebedisa dintlha tse hlahang sehloohong sena ho ya ka tatellano ya tsona.
c E le hore o fumane mehlala e eketsehileng sheba bukana ya Was Life Created? le The Origin of Life—Five Questions Worth Asking tse fumanehang ka senyesemane.
d SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Moradiwabo rona o fa ausi ya rekisang pampitshana.
SETSHWANTSHO SE A HLALOSWA: Motho ya ithutang Bibele a ka ipotsa hore na pelo ya hae e tshwana le mobu ofe.