SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 13
Le Ratane ho Tswa Pelong
“Le ratane ka matla haholo ho tloha pelong.”—1 PET. 1:22.
PINA YA 109 Ratanang ho Tswa Pelong
SEO RE TLO ITHUTA SONAa
Bosiung ba hae ba ho qetela ha a ne a ena le baapostola ba hae, Jesu o ile a bua haholo ka lerato (Sheba serapa sa 1 le 2)
1. Jesu o ile a fa barutuwa ba hae taelo efe e hlakileng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
JESU o ile a fa barutuwa ba hae taelo e hlakileng bosiung ba pele a bolawa. O ile a re ho bona: “Le lona le ratane feela jwalo ka ha ke le ratile.” O ile a tswela pele hore: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le ena le lerato hara lona.”—Joh. 13:34, 35.
2. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho re re bontshane lerato?
2 Jesu o ile a re batho ba tla tseba balatedi ba hae haeba ba rata batho jwalo ka yena. Sena ke sona se neng se kgetholla Bakreste ba mehleng ya pele mme le kajeno ho ntse ho le jwalo. Ke ka hoo e leng ha bohlokwa hore re nne re ratane le ho ja ho ka ba thata.
3. Keng seo re tlo ithuta sona sehloohong sena?
3 Ka ha kaofela ha re a phethahala, ho ka ba thata hore re bontshane lerato. Empa re tlameha ho leka ho etsisa Kreste. Sehloohong sena re tlo ithuta ka moo lerato le re thusang hore re bope kgotso, re se ke ra kgetholla batho bang mme re amohele baeti. Ka hoo ha o ntse o ithuta sehlooho sena ipotse: ‘Nka ithutang ho bara le baradibabo rona ba ileng ba tswela pele ho bontshana lerato ho sa tsotelle mathata?’
BOPA KGOTSO
4. Ho ya ka Matheu 5:23, 24, ke hobaneng ha re lokela ho bopa kgotso le mora kapa moradiwabo rona ya re kwatetseng?
4 Jesu o ile a re ruta bohlokwa ba ho bopa kgotso le mora kapa moradiwabo rona ya re kwatetseng. (Bala Matheu 5:23, 24.) O ile a hatisa hore haeba re batla ho thabisa Modimo, re lokela ho dula re ena le kgotso le batho ba bang. Jehova o a thaba haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang ho bopa kgotso le bara le baradibabo rona. A ke ke a amohela borapedi ba rona haeba re dula re kwatetse batho ba bang, ebile re sa leke ho etsa kgotso le bona.—1 Joh. 4:20.
5. Keng e ileng ya etsa hore ho be thata hore morabo rona a bope kgotso?
5 Ka dinako tse ding ho ba thata hore re bope kgotso. Hobaneng? Nahana ka se ileng sa etsahalla Mark.b O ile a utlwa bohloko haholo ha morabo rona a ne a mo tshwaya diphoso mme a bua hampe ka yena ho ba bang ka phuthehong. Keng seo Mark a ileng a se etsa? O re: “Ke ile ka halefa haholo yaba ke a mo omanya.” Ka mora moo, Mark o ile swabela seo a ileng a se etsa yaba o leka ho kopa tshwarelo ho morabo rona le ho bopa kgotso le yena. Empa mora eo wabo rona o ile a hana ho mo tshwarela. Qalong Mark o ile a re: ‘Morabo rona ha a batle ho bopa kgotso, jwale ke hobaneng ha ke lokela ho mo phehella?’ Le ha ho le jwalo, mopotolohi o ile a kgothalletsa Mark hore a se ke a tela. Jwale keng seo Mark a ileng a se etsa?
6. (a) Ke jwang Mark a ileng a phehella ho bopa kgotso? (b) O ile a sebedisa keletso e ho Bakolose 3:13, 14 jwang?
6 Mark o ile a nahana ka boitshwaro ba hae mme a hlokomela hore ka dinako tse ding o inka a le molemo ho feta batho bang. O ile a hlokomela hore o lokela ho fetola boitshwaro ba hae. (Bakol. 3:8, 9, 12) Ka hoo ka boikokobetso o ile a boela a kgutlela ho morabo rona mme a kopa hore a mo tshwarele. O ile a ba a mo ngolla mangolo mme a mo bolella hore o kopa tshwarelo le hore o batla hore e be metswalle hape. Mark o ile a boela a fa morabo rona dimpho tseo a neng a nahana hore o tla di thabela. Ka bomadimabe mora eo wa bo rona ha a ka a mo tshwarela. Ho ntse ho le jwalo Mark o ile a tswela pele ho mamela taelo ya Jesu ya hore a rate morabo rona le ho mo tshwarela. (Bala Bakolose 3:13, 14.) Le hoja re entse sohle ho bopa kgotso le batho empa ba sa re tshwarele, re lokela ho ba rata jwalo ka ha Jesu a ba rata mme re ba tshwarele le ho rapella hore re boele re be le kgotso le bona hape.—Mat. 18:21, 22; Bagal. 6:9.
Haeba motho e mong a re kwatetse ho ka hlokahala hore re etse dintho tse ngata hore re boele re be le kgotso le yena (Sheba serapa sa 7 le 8)c
7. (a) Jesu o ile a re kgothalletsa hore re etseng? (b) Moradiwabo rona e mong o ile a kopana le bothata bofe?
7 Jesu o ile a re kgothalletsa hore re tshware batho ba bang ka tsela eo re ka thabelang hore ba re tshware ka yona. O ile a re ha re a lokela ho rata feela batho ba re ratang. (Luka 6:31-33) Ka mohlala, o tla etsang haeba motho e mong ka phuthehong a sa o dumedise? Ke nnete hore sena ha se etsahale hangata, empa ke sona se ileng sa etsahalla Lara. O re: “Moradiwabo rona ha a ka a ntumedisa mme ha ke tsebe hobaneng. Sena se ile sa ntshwenya haholo mme ke ne ke sa thabele ho ya dibokeng.” Qalong Lara o ile a re: ‘Ha ke a mo etsa letho. Ebile le batho ba bang ka phuthehong ba a tseba hore moradi enwa wabo rona o na le bothata.’
8. Lara o ile a etsang hore a bope kgotso, hona keng seo re ithutang sona mohlaleng wa hae?
8 Lara o ile a nka bohato ba ho bopa kgotso. O ile a rapela Jehova ya ba o ilo buisana le moradiwabo rona. Ba ile ba buisana ka bothata boo, ya ba ba a hakana mme ba bopa kgotso. Ho ile ha bonahala eka dintho di lokile. Lara o re: “Empa ha morao, moradiwabo rona o ile a pheta sona seo hape mme sena se ile sa nnyahamisa.” Qalong Lara o ile a nahana hore o tla thaba ha feela moradiwabo rona a ka fetola tsela eo a itshwarang ka yona. Empa ha morao Lara o ile a utlwisisa hore o lokela ho tswela pele ho rata moradiwabo rona le ho mo ‘tshwarela ka bolokolohi.’ (Baef. 4:32–5:2) Lara o ile a hopola hore lerato la nnete “ha le boloke tlaleho ya bobe. Le jara dintho tsohle, le dumela dintho tsohle, le tshepa dintho tsohle, le mamella dintho tsohle.” (1 Bakor. 13:5, 7) Ka hoo ha a ka a hlola a tshwenyeha ka bothata boo. Ha nako e ntse e ya moradi eo wabo rona o ile a bontsha Lara botswalle. Ka hoo ha o tswela pele ho bopa kgotso le bara le baradibabo rona ebile o ba rata, o ka kgodiseha hore ‘Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le wena.’—2 Bakor. 13:11.
O SE KE WA BA LE KGETHOLLO
9. Ho ya ka Liketso 10:34, 35, ke hobaneng ha re sa lokela ho ba le kgethollo?
9 Jehova ha a na kgethollo. (Bala Liketso 10:34, 35.) Ka hoo ha re sa kgetholle batho ba bang re bontsha hore re bana ba hae. Re mamela taelo ya hore re rate baahelani jwalo ka ha re ithata le ho tswela pele re bopa kgotso le Bakrestemmoho.—Bar. 12:9, 10; Jak. 2:8, 9.
10, 11. Ke jwang moradiwabo rona e mong a ileng a fetola monahano wa hae?
10 Ho ka ba thata ho batho ba bang hore ba se ke ba kgetholla ba bang. Ka mohlala nahana ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona Ruth. Haesale motjha, o ile a tshwarwa hampe ke motho ya hlahang naheng e nngwe. See se ile sa mo ama jwang? Ruth o re: “Ke ne ke hloile ntho e nngwe le e nngwe e amanang le naha eo. Ke ne ke nahana hore batho ba hlahang naheng eo ba a tshwana kaofela esita le bara le baradibabo rona.” Jwale Ruth o ile a fetola monahano wa hae jwang?
11 Ruth o ile a hlokomela hore o lokela ho fetola monahano wa hae. O ile a bala ditlaleho tsa naha eo bukeng ya selemo. O re: “Ke ile ka etsa boiteko ba ho fetola maikutlo a ka ka batho ba dulang naheng eo. Ke ile ka hlokomela hore bara le baradibabo rona ba dulang naheng eo ba sebeletsa Jehova ka mafolofolo. Sena se ile sa mpontsha hore ke karolo ya barababo rona ba lefatsheng lohle.” Ha nako e ntse e ya Ruth o ile a hlokomela hore o hloka ho ba bontsha lerato. O re: “Ha ke kopana le bara le baradibabo rona ba hlahang naheng eo, ke etsa bonnete ba hore ke ba bontsha botswalle. Ke bua le bona le ho ba tseba haholwanyane.” Ditlamorao e ile ya ba dife? Ruth o re: “Ha nako e ntse e ya ke ile ka fetola maikutlo a ka.”
Haeba re ‘rata mokgatlo wohle wa barababo rona’ ha re na ba kgetholla (Sheba serapa sa 12 le 13)d
12. Moradiwabo rona ya bitswang Sarah o ne a ena le bothata bofe?
12 Batho ba bang ba ka ba le kgethollo ba sa hlokomele. Ka mohlala moradiwabo rona Sarah o ne nahana hore ha a na kgethollo hobane o ne a sa ahlole batho ho ya ka morabe, maemo a bona a ditjhelete kapa boikarabelo boo ba nang le bona ka phuthehong. Empa o re: “Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke kgetholla batho.” Ka tsela efe? Ka ha Sarah o ne a tswa lelapeng la batho ba rutehileng, o ne a thabela ho etsa setswalle feela le batho ba rutehileng. Ka letsatsi le leng o ile a re ho motswalle wa hae: “Ke etsa setswalle le batho ba rutehileng feela.” Ho hlakile hore Sarah o ne a lokela ho fetola tsela eo a etsang dintho ka yona. O ne a tla etsa seo jwang?
13. Re ithutang tseleng eo Sarah a ileng a fetoha ka yona?
13 Molebedi wa potoloho o ile a thusa Sarah hore a hlahlobe tsela eo a etsang dintho ka yona. Sarah o re: “O ile a mpabatsa hore ke sebeletsa Jehova ka botshepehi, ka dikarabo tse monate tseo ke fanang ka tsona le ka ho tseba mangolo. O ile a boela a re ha tsebo ya rona e ntse e eketseha re tlameha ho ba le makgabane a Bokreste a kang boikokobetso le mohau.” Ka hoo Sarah o ile a sebedisa seo mopotolohi a ileng a mo bolella sona. O re: “Ke ile ka hlokomela hore ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke ho rata batho le ho ba mosa.” Ka lebaka leo o ile a qala ho sheba bara le barababo rona ka tsela e fapaneng. O re: “Ke leka ho sheba hore na ke makgabane afe a etseng hore ebe batho ba bohlokwa ho Jehova.” Hothweng ka rona? Ha re a lokela ho nahana hore re ba bohlokwa ho feta batho ba bang hobane feela re rutehile. Haeba re ena “le lerato bakeng sa mokgatlo wohle wa barababo rona” ha re na ba kgetholla.—1 Pet. 2:17.
EBA LE KAMOHELO YA BAETI
14. Ho ya ka Baheberu 13:16, Jehova o ikutlwa jwang ha re amohela baeti?
14 Jehova o a thaba ha re amohela baeti. (Bala Baheberu 13:16.) O nka seo e le karolo ya borapedi ba rona haholoholo ha re thusa batho ba hlokang. (Jak. 1:27; 2:14-17) Ke ka hoo Bibele e re kgothalletsang hore re ‘latele mokgwa wa ho amohela baeti.’ (Bar. 12:13) Ka hoo ha re amohela batho ba bang malapeng a rona re bontsha hore re a ba rata ebile re batla hore ebe metswalle ya rona. Jehova o a thaba ha re arolelana le ba bang dijo kapa re ipha nako ya bona. (1 Pet. 4:8-10) Empa dintho tse ding di ka etsa hore ho be thata ho amohela baeti.
Pele ke ne ke thatafallwa ho amohela baeti, empa ke ile ka thaba haholo ha ke se ke ba amohele” (Sheba serapa sa 16)e
15, 16. (a) Ke hobaneng ha batho ba bang ba nahana hore ha ba na kgona ho amohela baeti? (b) Keng e ileng ya thusa Edit hore a amohele baeti?
15 Ho ka ba thata hore re amohele baeti ka lebaka la maemo a rona. Nahana ka mohlala wa mohlolohadi ya bitswang Edit. Pele e eba Paki o ne a sa rate ho kopana le batho. Ka hoo o ne a nka hore batho ba bang ke bona ka kgonang ho amohela baeti.
16 Ka mora hore e be Paki, o ile a fetola tsela eo a ikutlwang ka yona. Ka hoo o ile a nka bohato ba hore a amohele baeti. O re: “Ha re ne re tlo hahelwa Holo ya Mmuso, moholo e mong o ile a nkopa hore ke amohele banyalani ba neng ba tlo re thusa ka kaho ka dibeke tse pedi. Ke ile ka hopola ka moo Jehova a ileng a hlohonolofatsa mohlolohadi wa Sarepta ka teng.” (1 Mar. 17:12-16) Ka hoo moradiwabo rona Edit o ile a ba amohela lelapeng la hae. Na o ile a fumana ditlhohonolofatso? O re: “Dibeke tse pedi di ile tsa fetoha dikgwedi tse pedi. Ka nako eo re ile ra ba metswalle.” Moradiwabo rona Edit o ile a boela a ba le metswalle ka phuthehong. Hona jwale ke pulamadiboho mme o thabela hore bara le baradibabo rona bao a sebetsang le bona tshimong ba mo etele. O re: “Ho fana ho a nthabisa. Hape nnete ke hore ke fumana ditlhohonolofatso tse ngata ka lebaka la ho fana.”—Baheb. 13:1, 2.
17. Keng seo Luke le mosadi wa hae ba ileng ba se hlokomela?
17 E ka nna yaba re se re ntse re le batho ba amohelang baeti, empa na re ka ntlafatsa? Ka mohlala, Luke le mosadi wa hae ke banyalani ba amohelang baeti. Ba ne ba tlwaetse ho amohela batswadi ba bona, ba leloko, metswalle le molebedi wa potoloho. Ho ntse ho le jwalo, Luke o re: “Re ile ra hlokomela hore re ne re amohela batho bao re neng re ba tlwaetse feela.” Ke jwang Luke le mosadi wa hae ba ileng ba ntlafatsa tabeng ya ho amohela baeti?
18. Ke jwang Luke le mosadi wa hae ba ileng ba ntlafatsa tabeng ya ho amohela baeti?
18 Luke le mosadi wa hae ba ile ba ithuta hore na keng se bolelwang ke ho amohela baeti, ha ba ne ba nahana ka mantswe a Jesu a reng: “Haeba le rata ba le ratang, le na le moputso ofe?” (Mat. 5:45-47) Ba ile ba hlokomela hore ba lokela ho etsisa Jehova ya seatla se bulehileng ho batho bohle. Ka hoo ba ile ba etsa qeto ya ho mema bara le baradibabo rona bao ba eso ka ba ba mema. Luke o re: “Kaofela re thabela nako ena. Sena se a re kgothatsa mme re ba metswalle e haufi ebile re ba haufi le Jehova.”
19. Re ka bontsha jwang hore re barutuwa ba Jesu, hona o ikemiseditse ho etsang?
19 Re bone ka moo ho ratana haholo ho ka re thusang hore re bope kgotso, re se ke ra ba le kgethollo hape re amohele baeti. Re tlameha ho lwantsha menahano e fosahetseng le ho rata bara le baradibabo rona ho tswa pelong. Haeba re etsa jwalo re tla thaba mme re tla be re bontsha hore re barutuwa ba Jesu e le ka nnete.—Joh. 13:17, 35.
PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao
a Jesu o ile a re Bakreste ba nnete ba tla tsejwa ka ho bontshana lerato. Ka ha re rata bara le baradibabo rona re leka ka matla ho bopa kgotso le bona, ho se ba kgetholle le ho ba amohela malapeng a rona. Le ha ho le jwalo ho ka ba thata ho etsa dintho tsena. Sehloohong sena re tla ithuta ka moo re ka tswelang pele ho ratana ho tswa pelong.
b Sehloohong sena mabitso a mang a fetotswe.
c DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona o leka ho bopa kgotso, qalong ha a atlehe empa o a phehella. Ka ha o tswela pele ho bontsha lerato, ba ba le kgotso hape.
d DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona ya seng a hodile o ikutlwa e le mokgelo ka phuthehong.
e DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Moradiwabo rona ya neng a thatafallwa ke ho amohela baeti, o fetola monahano wa hae mme seo se mo tlisetsa thabo.