LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w20 May maq. 8-11
  • Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Dintlha tse Ding
  • “Morena wa Leboya” Matsatsing a ho Qetela
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • “Morena wa Leboya” ke Mang Kajeno?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • Lengolo la Tšenolo le Bolelang ho Dira Tsa Modimo?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Ithute Boprofeta ba Bibele
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
w20 May maq. 8-11

Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela

Boprofeta bo bong boo ho buuang ka bona tjhateng ena bo hlalosa dintho tse ileng tsa etsahala ka nako e le nngwe. Dintho tsena di bontsha ka ditsela tse ngata hore re phela “nakong ya bofelo.”​—Dan. 12:4.

Tjhate e bontshang boprofeta bo buang ka morena wa leboya le morena wa borwa ho tloha ka 1870 ho fihlela kajeno.
  • Tjhate ya pele ho tse nne, e bontshang boprofeta bo tswelang pele ho phethahala nakong ya matsatsi a ho qetela ho tloha ka 1870 ho ya ho 1918. Ho hlaloswa hore matsatsi a ho qetela ke ho tloha ka selemo sa 1914 ho ya pele. Boprofeta ba 1: Sebata se dihlooho tse supileng se hlaha pele ho selemo se hlahang tjhateng. Nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, hlooho ya bosupa ya sebata e lemetse. Ho tloha ka 1917 ho ya pele, hlooho ya bosupa e fodile mme sebata se na le matla hape. Boprofeta ba 2: Morena wa leboya o ile a tsebahala ka 1871 mme morena wa borwa a tsebahala ka 1870. Ka 1871 morena wa leboya o hlaha hape e se e le Germany. Morena wa borwa o ne a tsejwa e le Great Britain, empa ka 1917 ke ha a nkelwa sebaka ke Britain le United States. Boprofeta ba 3: Ka mora 1870, Charles T. Russell le ba neng ba na le yena ke ‘baromuwa.’ Ka mora 1880, ‘Zion’s Watch Tower’ e ne e kgothalletsa babadi ba yona hore ba bolele ditaba tse molemo. Boprofeta ba 4: Ho tloha ka 1914 ho ya pele, kotulo. Mofoka o arolwa ho koro. Boprofeta ba 5: Ho tloha ka 1917 ho ya pele, re a tseba hore maoto a tshepe le letsopa a emelang. Se ileng sa etsahala: Ho tloha ka 1914 ho ya ho 1918 ho ba le Ntwa ya Pele ya Lefatshe. Dintho tse amang bahlanka ba Modimo: Ho tloha ka 1914 ho ya ho 1918, Diithuti tsa Bibele tse Britain le Germany di a kwallwa. Ka 1918, barababo rona ba etellang pele United States ba a kwallwa.
    Boprofeta ba 1.

    Lengolo: Tšen. 11:7; 12:13, 17; 13:1-8, 12

    Boprofeta: “Sebata” se busitse batho ka dilemo tse fetang tse 3 000. Matsatsing a ho qetela hlooho ya yona ya bosupa e lemetse. Ha morao, hlooho eo e a fola mme “lefatshe lohle” le latela sebata. Satane o sebedisa sebata sena ho “lwana le ba setseng.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Ka mora morwallo, mebuso eo e neng e le dira tsa Jehova e ile ya busa batho. Dilemo tse ka hodimo ho 3 000 ka mora moo, o mong wa mebuso e matla haholo e leng wa Britain o ile wa fellwa ke matla nakong ya ntwa ya pele ya lefatshe. Empa o ile wa boela wa ba le matla hape ha o ne o kopana le wa United States. Matsatsing ana a ho qetela Satane o sebedisitse mebuso yohle lefatsheng hore e hlorise bahlanka ba Modimo.

  • Boprofeta ba 2.

    Lengolo: Dan. 11:25-45

    Boprofeta: Morena wa leboya le morena wa borwa ba a lwantshana matsatsing a ho qetela.

    Ho phethahala ha boprofeta: Germany e ile ya lwantsha Britain le United States. Ka 1945 Soviet Union le dinaha tse e tshehetsang e ile ya ba morena wa leboya. Ka 1991 Soviet Union e ile ya wa mme ha morao Russia le dinaha tse e tshehetsang ya eba morena wa leboya.

  • Boprofeta ba 3.

    Mangolo: Esa. 61:1; Mal. 3:1; Luka 4:18

    Boprofeta: Jehova o romela “lenqosa” hore le “lokise tsela” pele Puso ya Bomesia e qala. Lenqosa le qadile ho “bolela ditaba tse molemo ho ba bonolo.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Ho tloha ka 1870 Morabo rona C. T. Russell le ba neng ba ena le yena ba ile ba ithuta Bibele e le hore ba tsebe seo e se rutang. Ka 1881 ba ile ba hlokomela hore ke ha bohlokwa hore bahlanka ba Modimo ba bolele ditaba tse molemo. Ba ile ba ngola dihlooho tse kang “Ho Batleha Baboledi ba 1 000” le “Ba Tlotseditswe ho Bolela.”

  • Boprofeta ba 4.

    Lengolo: Mat. 13:24-30, 36-43

    Boprofeta: Sera se jala mofoka tshimong e seng e jetswe koro mme di hola ha mmoho ho fihlela nakong ya kotulo. Mofoka o arolwa ho koro.

    Ho phethahala ha boprofeta: Ho tloha ka 1870, phapang pakeng tsa Bakreste ba nnete le ba bohata e ile ya bonahala. Matsatsing a ho qetela Bakreste ba nnete ba tla ka phuthehong mme ba arolwa ho Bakreste ba bohata.

  • Boprofeta ba 5.

    Lengolo: Dan. 2:31-33, 41-43

    Boprofeta: Maoto a tshepe le letsopa ke a seemahale se entsweng ka ditshepe tse sa tshwaneng.

    Ho phethahala ha boprofeta: Letsopa le emela batho ba neng ba buswa ke Britain le United States ba ileng ba fetohela mebuso. Ka lebaka la batho bao, mebuso ena ha e ya ka ya kgona ho sebedisa matla a yona kaofela.

  • Boprofeta ba 6.

    Lengolo: Mat. 13:30; 24:14, 45; 28:19, 20

    Tjhate ya bobedi ho tse nne, e bontshang boprofeta bo tswelang pele ho phethahala nakong ya matsatsi a ho qetela ho tloha ka 1919 ho ya ho 1945. Morena wa leboya o tsebahala e le Germany ho fihlela ka 1945. Morena wa borwa o tsebahala e le Britain le United States. Boprofeta ba 6: Ka 1919, Bakreste ba tlotsitsweng ba bokane phuthehong e hlwekisitsweng. Ho tloha 1919 ho ya pele, mosebetsi wa boboledi o tswela pele ho eketseha. Boprofeta ba 7: Ho tloha ka 1920, Selekane sa Ditjhaba se ile sa qala mme se tswela pele ho fihlela ho qala Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Se ileng sa etsahala: Boprofeta ba 1, sebata se dinaka tse supileng se tswela pele. Boprofeta ba 5, maoto a tshepe le letsopa a tswela pele. Diketsahalo tse ileng tsa etsahala ho tloha ka 1939 ho ya ho 1945, ho ba le Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Diketsahalo tse amang bahlanka ba Jehova: Ho tloha ka 1939 ho ya ho 1945, Dipaki tse fetang 11 000 di ile tsa kwallwa Germany. Ka 1939 ho ya ho 1945, Dipaki tse ka bang 1 600 di ile tsa kwallwa Britain. Ka 1940 ho ya ho 1944, Dipaki di hlaselwa ke dihlopha tsa batho ba halefileng ka makgetlo a fetang 2 500 United States.

    Boprofeta: “Koro” e bokellwa ka ‘ntlong ya polokelo’ mme “lekgoba le tshepahalang le le masene” le behilwe hore le okamele “bahlanka.” “Ditaba tse molemo tsa Mmuso” di qala ho bolelwa “lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Ka 1919 lekgoba le tshepahalang le ile la kgethwa hore le tataise bahlanka ba Modimo. Ho tloha ka nako eo Diithuti tsa Bibele di ile tsa bolela ka ho eketsehileng. Kajeno Dipaki Tsa Jehova tse dinaheng tse fetang 200, di fana ka dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka dipuo tse fetang 1 000.

  • Boprofeta ba 7.

    Mangolo: Dan. 12:11; Tšen. 13:11, 14, 15

    Boprofeta: Sebata se manaka a mabedi se bolella batho lefatsheng hore ba etsetse “sebata setshwantsho” mme se fane ka phefumoloho setshwantshong sa sebata.

    Ho phethahala ha boprofeta: Britain le United States di etsa Selekane sa Ditjhaba. Dinaha tse ding di tshehetsa mokgatlo ona. Ho tloha ka 1926-1933 morena wa leboya e ile ya ba karolo ya Selekane sena. Batho ba nahana hore Matjhaba a Kopaneng le Selekane sa Ditjhaba di ka tlisa kgotso, e leng thoriso e lokelang ho iswa ho Modimo a le mong.

  • Boprofeta ba 8.

    Lengolo: Dan. 8:23, 24

    Tjhate ya boraro ho tse nne, e bontshang boprofeta bo tswelang pele ho phethahala nakong ya matsatsi a ho qetela ho tloha ka 1945 ho ya ho 1991. Morena wa leboya o tsebahala e le Soviet Union le dinaha tse e tshehetsang ho fihlela ka 1991, ka mora moo a tsebahala e le Russia le dinaha tse e tshehetsang. Morena wa borwa o tsebahala e le Britain le United States. Boprofeta ba 8: Mosi wa bomo ya athomo o bontshang tshenyo e bakilweng ke Britain le United States. Boprofeta ba 9: Ka 1945, Matjhaba a Kopaneng a ba teng mme a nkela Selekane sa Ditjhaba sebaka. Se ileng sa etsahala: Boprofeta ba 1, sebata se nang le dihlooho tse supileng se tswela pele. Boprofeta ba 5, maoto a tshepe le letsopa a tswela pele. Boprofeta ba 6, ka 1945 ho na le bahweletsi ba fetang 156 000. Ka 1991, ho ba le bahweletsi ba ka hodimo ho 4 278 000. Diketsahalo tse amang bahlanka ba Jehova: Ka 1945 ho ya ho 1951 Soviet Union, Dipaki tse dikete di hatellwa hore di fallele Siberia.

    Boprofeta: Morena ya halefileng haholo o tla etsa ho be le “tshenyo ka tsela e hlollang.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Britain le United States di bolaile batho ba bangata le ho baka tshenyo. Ka mohlala, nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe United States e ile ya baka tshenyo e kgolo haholo ha e ne e lahlela dibomo tse pedi tsa athomo ho mmuso oo e neng e le sera sa yona.

  • Boprofeta ba 9.

    Mangolo: Dan. 11:31; Tšen. 17:3, 7-11

    Boprofeta: Sebata se “mmala o sekareleta” se nang le dinaka tse leshome, se tswa ka mohohlong mme e eba morena wa borobedi. Lengolo la Daniele le re morena ke “ntho e nyonyehang e etsang lesupi.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Selekane sa Ditjhaba se ile sa fela nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe. Ka mora ntwa ena Matjhaba a Kopaneng a ile a ‘behwa.’ Jwalo ka Selekane, Matjhaba a Kopaneng le ona a fuwa thoriso e loketseng Mmuso wa Modimo. Matjhaba a Kopaneng a tla hlasela bodumedi.

  • Boprofeta ba 10 le 11.

    Mangolo: 1 Bathes. 5:3; Tšen. 17:16

    Tjhate ya bone ho tse nne, e bontshang boprofeta bo tswelang pele ho phethahala nakong ya matsatsi a ho qetela ho fihlela ka Armagedone. Morena wa leboya o tsebahala e le Russia le dinaha tse e tshehetsang. Morena wa borwa o tsebahala e le Britain le United States. Boprofeta ba 10: Baetapele ba lefatshe ba phatlalatsa ‘kgotso le tshireletseho.’ Ka mora moo matshwenyeho a maholo a a qala. Boprofeta ba 11: Ditjhaba di hlasela bodumedi ba bohata. Boprofeta ba 12: Mebuso ya lefatshe e hlasela bahlanka ba Modimo. Batlotsuwa ba setseng ba ya lehodimong. Boprofeta ba 13: Armagedone. Ya dutseng pereng e tshweu o a hlola. Sebata se dihlooho tse supileng se a fediswa; seemahale se seholo se thubeha maoto a tshepe le letsopa. Se ileng sa etsahala: Boprofeta ba 1, sebata se dihlooho di supileng se tswela pele ho fihlela ka Armagedone. Boprofeta ba 5, maoto a tshepe le letsopa a tswela pele ho fihlela ka Armagedone. Boprofeta ba 6, kajeno ho na le bahweletsi ba fetang 8 580 000. Diketsahalo tse amang bahlanka ba Jehova: Ka 2017, balaodi ba Russia ba kwalla Dipaki mme ba inkela meaho ya tsona ya borapedi ka mahahapa.

    Boprofeta: Ditjhaba di phatlalatsa “kgotso le tshireletseho” mme “dinaka tse leshome” di hlasela “seotswa” mme di a se fedisa. Ka mora moo ditjhaba di a timetswa.

    Ho phethahala ha boprofeta: Ditjhaba di ka nna tsa re di finyelletse kgotso le tshireletseho. Ditjhaba tseo e leng karolo ya Matjhaba a Kopaneng di tla fedisa mekgatlo ya bodumedi. Sena e tlabe e le qaleho ya matshwenyeho a maholo. Matshwenyeho ana a tla fela ha Jesu a fedisa lefatshe lohle la Satane ka Armagedone.

  • Boprofeta ba 12.

    Mangolo: Ezek. 38:11, 14-17; Mat. 24:31

    Boprofeta: Gogo o hlasela bahlanka ba Modimo. Mangeloi a bokella “bakgethwa.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Morena wa leboya le mebuso e meng o hlasela bahlanka ba Modimo. Ka mora hore ba hlasele batlotsuwa ba setseng ba tla nkelwa lehodimong.

  • Boprofeta ba 13.

    Mangolo: Ezek. 38:18-23; Dan. 2:34, 35, 44, 45; Tšen. 6:2; 16:14, 16; 17:14; 19:20

    Boprofeta: ‘Ya palameng’ “pere e tshweu” o phetha “tlholo ya hae” ka hore a fedise Gogo le masole a hae. “Sebata” se “dihelwa ka letsheng la mollo” mme lejwe le fedisa seemahale.

    Ho phethahala ha boprofeta: Jesu e leng Morena wa Mmuso wa Modimo o tla pholosa bahlanka ba Jehova. Jesu, ba 144 000 le mangeloi ba tla fedisa ditjhaba tsohle tse hlaselang bahlanka ba Modimo. Ena e tlaba qetello ya lefatshe la Satane.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share