LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp21 No. 3 maq. 9-11
  • Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEO BATHO BA BANGATA BA SE ETSANG.
  • DITLAMORAO E EBA DIFE?
  • Motho e Mong le e Mong o Batla ho Phela ha Monate
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Ka Moo o ka Fumanang Bophelo bo Thabisang ka Teng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • Selelekela
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
  • “Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatshe”
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2018
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2021
wp21 No. 3 maq. 9-11
Ausi o suthela nkgono hore a dule fatshe ka beseng.

Na ho ba Motho ya Lokileng ho ka Etsa Hore o Dule o Thabile?

Ka dilemolemo, haesale batho ba bangata ba na le maikutlo a hore haeba motho a lokile ebile a itshwere hantle o tla phela ha monate. Ka mohlala, batho ba bangata ba Asia ba dumellana le seo rafilosofi ya tsebahalang ya bitswang Confucius a ileng a se bua: “O se ke wa etsa batho ba bang seo o sa batleng hore ba o etse sona.”a

SEO BATHO BA BANGATA BA SE ETSANG.

Batho ba bangata ba dumela hore haeba ba itshwere hantle ba tla dula ba thabile. Ba leka ho ba batho ba hlomphang, ba itshwereng hantle, ba nang le boikarabelo le ba lekang ka thata ho dula ba etsa dintho hantle. Linh ya dulang Vietnam o re: “Ka mehla ke ne ke dumela hore haeba ke ne ke bua nnete ebile ke ikokobeditse ke ne ke tla phela ha monate.”

 Ausi o suthela nkgono hore a dule fatshe ka beseng.

Ba bang ba leka ho etsa dintho hantle ka lebaka la bodumedi ba bona. Hsu-Yun ya dulang Taiwan o re: “Ke ile ka rutwa hore haeba motho a etsa dintho hantle o tla thaba ka mora hore a hlokahale, empa haeba motho a etsa dintho tse mpe o tla hlokofatswa.”

DITLAMORAO E EBA DIFE?

Mme o kukile ngwana a kgathetse ebile a nyahame ka mora letsatsi le le telele.

Ke nnete hore haeba re etsetsa batho ba bang dintho tse ntle, ho ba le dintho tse ngata tse re thabisang. Le ha ho le jwalo, batho ba tshwarang batho ba bang hantle, ba hlokometse hore ha se ka mehla ba tshwarwang hantle. Shiu Ping ya dulang Hong Kong o re: “Ke ithutile ka nna hore batho ba tshwarang batho bang hantle, ha se ka mehla ba tshwarwang hantle. Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa dintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha le a ka la atleha mme monna wa ka o ile a re siya nna le mora wa rona.”

Batho ba bangata ba hlokometse hore ha se batho bohle ba kenang kereke ba lokileng. Etsuko ya dulang Japan, o re: “Ke ile ka ba bodumeding bo itseng mme ka ba mohlophisi wa dintho tsa batjha. Ke ne ke maketse ha ke bona batho ba bodumedi boo ke leng ho bona ba itshwere hampe, ba batla maemo a phahameng, ebile ba sebedisa tjhelete ya kereke hampe.”

“Ke lekile ka hohle ho hlokomela lelapa la ka le ho etsa dintho tse ntle. Empa lenyalo la rona ha le a ka la atleha mme monna wa ka o ile a re siya nna le mora wa ka.”​—SHIU PING, HONG KONG

Batho ba bang ba ileng ba tshepahala madumeding a bona ebile ba itshwere hantle ba ile ba nna ba swetseha ha dintho tse mpe di ntse di ba etsahalla. Ke ka moo Van ya dulang Vietnam a neng a ikutlwa ka teng. O re: “Ka mehla ke reka ditholwana, dipalesa le dijo mme ke nehelana ka tsona aletareng ya batho ba seng ba hlokahetse, ka tshepo ya hore ke tla dula ke thabile. Ho sa tsotellehe dintho tse ntle tseo ke di entseng le meetlo yohle ya bodumedi ka dilemo tse ngata, monna wa ka o ile a kula haholo. Ka mora moo, moradi wa ka ya neng a kena sekolo naheng e nngwe, o ile a hlokahala a le dilemo di 20 feela.”

KE HOBANENG HA HO BA MOTHO YA LOKILENG HO SA LEKANA HORE MOTHO A THABE?

Ke ha bohlokwa ho ba motho ya hantle, empa seo ha se bolele hore o tla dula o phela ha monate. Hobaneng? Nahana ka seo Mangolo a Halalelang a re bolellang sona.

HA SE MOTHO E MONG LE E MONG YA KGETHANG HO ETSA DINTHO HANTLE

“Moetsadibe a le mong feela a ka senya botle bo bongata.”​—MOEKLESIA 9:18.

Le hoja o ka leka ka matla ho ba motho ya hantle, o ka nna wa utlwiswa bohloko ke dintho tseo batho ba sa nahaneleng batho ba bang ba di etsang. Ka mohlala, nakong ena ya sewa sa Coronavirus o ka nna wa latela tataiso ya ba boholong pusong le ho qoba ho ba haufi le batho ba bang. Empa ho etsahalang ha ba bang ba sa mamele? Boitshwaro ba bona bo ka etsa hore batho ba lekang ho mamela ba kule.

HO KA BA THATA HORE BATHO BA KGETHE SE NEPAHETSENG HO SE FOSAHETSENG

“Ho na le tsela e lokileng ka pela motho, empa qetello ya yona ha morao ke ditsela tsa lefu.”​—LIPROVERBIA 14:12.

Batho ba bangata ba entse dintho tseo ba neng ba nahana hore di hantle, empa ha morao ba ile ba hlokomela hore ba ne ba fositse. Le hoja ba ne ba nahana hore seo ba se entseng se nepahetse, ba ntse ba utlwa bohloko ka lebaka la diqeto tse fosahetseng tseo ba ileng ba di etsa.

O KE KE WA TSEBA TSA LETSATSI LE LATELANG

“Ha le tsebe hore na bophelo ba lona bo tla ba jwang hosasane.”​—JAKOBO 4:14.

Esita le motho ya lokileng a ka hlokahala ho sa lebellwa. Ka mohlala, nakong ena ya sewa sa Coronavirus batho ba bangata ba ile ba hlokahala ba leka ho thusa batho ba bang. Nahana ka se etsahalletseng Liting ya dulang China ya ileng a hlokahallwa ke ntate wa hae kotsing ya koloi. O re: “Ke ne ke sa utlwisisi hore na ke hobaneng ha motho ya neng a lokile jwalo a ile a hlokahala. Ntate wa ka o ne a sebetsa ka thata, a ikokobeditse ebile a le pelo e ntle. Ke yena fela ya ileng a hlokahala hara batho bohle ba neng ba le ka koloing.”

Haeba ho ba motho ya lokileng ho sa etse hore o phele ha monate, ke eng e tla etsa hore o phele ha monate? Ho araba potso ena, re hloka tataiso eo re ka e tshepang e tla re thusa ho araba dipotso tsa rona le ho re bontsha hore na re lokela ho etsang e le hore re dule re thabile nakong e tlang. Ke hokae moo re ka fumanang tataiso eo?

a Ho ithuta dintlha tse eketsehileng ka seo Confucius a ileng a se ruta, sheba kgaolo ya 7, serapeng sa 31-35, bukeng ya Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova, e boetse e fumaneha Inthaneteng ho www.jw.org.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share