LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w21 October maq. 8-13
  • Re Sebeletsa Modimo ya “Ruileng Mohau“

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re Sebeletsa Modimo ya “Ruileng Mohau“
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA JEHOVA A RE BONTSHA MOHAU?
  • NA HO KGAOLWA HO BONTSHA MOHAU?
  • KE ENG E KA RE THUSANG KAOFELA HORE RE BONTSHE MOHAU?
  • Ho Thaba ba Mohau!
    Binelang Jehova
  • “Ho Thaba ba Mohau”
    Binelang Jehova le Thabile
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
w21 October maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 41

Re Sebeletsa Modimo ya “Ruileng Mohau”

“Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ya hae e hodima mesebetsi yohle ya hae.”​—PES. 145:9.

PINA YA 44 Thapelo ya Motho ya Ikokobeditseng

SEO RE TLO ITHUTA SONAa

1. O ka hlalosa motho ya mohau jwang?

HA RE nahana ka motho ya mohau re nahana ka motho ya mosa, ya pelo e ntle, ya nang le qenehelo le ya fanang. Re ka boela ra nahana ka pale eo Jesu a ileng a bua ka yona ya Mosamaria ya molemo. Monna eo wa Mosamaria o ile a “etsa ka mohau” Mojuda ya ileng a hlaselwa ke mashodu. O ile “a susumetswa ke kgauho” mme a lokisetsa hore Mojuda eo ya neng a lemetse a hlokomelwe. (Luka 10:29-37) Makgabaneng ao Modimo a nang le ona, papiso ena e tlo re ruta haholo ka mohau. Modimo o mohau hobane o a re rata mme o re bontsha mohau ka ditsela tse ngata letsatsi le leng le le leng.

2. Motho a ka bontsha mohau ka tsela efe e nngwe?

2 Ho na le tsela e nngwe hape eo motho a ka bontshang mohau ka yona. A ka kgetha ho se fane ka kotlo ho motho eo e mo tshwanelang. Ha e le hantle, haesale Jehova a re bontsha mohau ntlheng eo. Mopesaleme o ile a re: “Ha a re etsa ho ya ka dibe tsa rona.” (Pes. 103:10) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding Jehova a ka nna a kgalemela motho ya entseng sebe.

3. Re tlo araba dipotso dife?

3 Sehloohong sena re tlo araba dipotso tsena tse tharo: Ke hobaneng ha Jehova a re bontsha mohau? Na ho a kgoneha ho bontsha mohau ha o kgalemela motho ka thata? Le hore na ke eng e ka re thusang hore re be mohau. A re boneng hore na Lentswe la Modimo le araba dipotso tsena jwang.

KE HOBANENG HA JEHOVA A RE BONTSHA MOHAU?

4. Ke hobaneng ha Jehova a re bontsha mohau?

4 Jehova o rata ho re bontsha mohau. Moapostola Pauluse o ile a re Modimo ke ya “ruileng mohau.” Temaneng ena, Pauluse o ne a hlalosa hore Modimo o mohau hobane o file bahlanka ba hae ba sa phethahalang bao a ba tlotsitseng tshepo ya ho phela lehodimong. (Baef. 2:4-7) Empa Jehova ha a mohau ho bahlanka ba hae ba tlotsitsweng feela. Mopesaleme Davida o ile a re: “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ya hae e hodima mesebetsi yohle ya hae.” (Pes. 145:9) Ka ha Jehova o rata batho, o ba bontsha mohau nako e nngwe le e nngwe ha a bona ho hlokahala hore a etse jwalo.

5. Jesu o ile a bona jwang hore Jehova o mohau?

5 Jesu ke yena ya tsebang hantle ka moo Jehova a ratang ho re bontsha mohau ka teng ho feta mang kapa mang. Jehova le Jesu ba ne ba le lehodimong ha mmoho ka nako e telele pele Jesu a tla lefatsheng. (Liprov. 8:30, 31) Ka makgetlo a mangata, Jesu o ile a bona ka moo Ntate wa hae a bontshitseng mohau ho baetsadibe ka teng. (Pes. 78:37-42) Ha Jesu a ne a ruta, hangata o ne a rata ho bua ka botho bona ba Ntate wa hae bo ratehang.

Ntate ha a ka a hlabisa mora wa hae ya lahlehileng dihlong empa o ile a mo amohela lapeng (Sheba serapa sa 6)c

6. Jesu o sebedisitse papiso efe ho re thusa hore re utlwisise ka moo Ntate wa hae a leng mohau ka teng?

6 Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, Jesu o sebedisitse papiso ya mora ya lahlehileng ho re thusa ho utlwisisa ka moo Jehova a ratang ho re bontsha mohau ka teng. Mora eo o ile a tsamaya habo mme a “hafa thepa ya hae ka ho phela bophelo ba ho inehella ditakatso tsa nama.” (Luka 15:13) Ha morao o ile a baka boitshwarong ba hae bo bobe, a ikokobetsa yaba o kgutlela hae. Ebe ntate wa hae o ne a tla etsang? Mora eo o ne a tla tseba haufinyane. Jesu o ile a re: “Ha [mora] a sa ntse a le hole, ntatae a re hedi! mme a mo bona mme a susumetswa ke kgauho, yaba o a matha o itihela molaleng wa hae mme o mo aka ka lerato.” Ntate eo ha a ka a hlabisa mora wa hae dihlong. Ho ena le hoo, o ile a mo hauhela, a mo tshwarela le ho mo amohela lapeng. Mora eo o ne a entse dibe tse tebileng empa ka ha o ne a bakile, ntate wa hae o ile a mo tshwarela. Ntate ya mohau papisong ena o tshwantshetsa Jehova. Papisong ena e amang maikutlo, Jesu o ne a re bontsha ka moo Ntate wa hae a ikemiseditseng ho tshwarela baetsadibe ba bakileng e le ka nnete.​—Luka 15:17-24.

7. Tsela eo Jehova a bontshang mohau ka yona e bontsha jwang hore o bohlale?

7 Jehova o bontsha mohau hobane o bohlale ka ho fetisisa. Diqeto tseo Jehova a di etsang ka mehla di tswela popo ya hae molemo. Ke ka hoo Bibele e reng “bohlale bo tswang hodimo” bo “tletse mohau le ditholwana tse molemo.” (Jak. 3:17) Jwalo ka motswadi ya lerato, Jehova o a tseba hore ha a bontsha bahlanka ba hae mohau ntho eo e tla ba tswela molemo. (Pes. 103:13; Esa. 49:15) Ka ha Jehova o ba bontsha mohau, ba na le tshepo ka bokamoso ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona. Jehova o bohlale haholo, ka hoo o dula a re bontsha mohau ha ho ena le lebaka la hore a etse jwalo. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o a tseba hore na ke neng moo ho sa hlokahaleng hore a bontshe mohau. Ha ho mohla a bontshang mohau haeba ho etsa jwalo ho tla etsa hore motho a tswele pele ka dintho tse mpe tseo a di etsang.

8. Keng e hlokahalang ka dinako tse ding, hona hobaneng?

8 A re re mohlanka wa Modimo o kgetha ho etsa dibe tse tebileng ka boomo. Re lokela ho etsang? Modimo o ile a susumetsa Pauluse hore a re re “kgaotse ho itswakanya” le motho eo. (1 Bakor. 5:11) Batho ba etsang dibe ba sa bake ba a kgaolwa ka phuthehong. Ntho ena e a hlokahala e le hore ho sireletswe bara le baradibabo rona ba tshepahalang le ho bontsha hore melao ya Jehova e a halalela. Le ha ho le jwalo, batho ba bang ba nahana hore ho kgaolwa ho bontsha hore Modimo ha a mohau. Empa na taba eo ke nnete? A re boneng.

NA HO KGAOLWA HO BONTSHA MOHAU?

Modisa o ya nkung e kulang e tlositsweng hara mohlape.

Nku ha e kula e ka nna ya tloswa ho tse ding empa modisa o ntse a tswela pele ho e hlokomela (Sheba serapa sa 9-11)

9, 10. Ho ya ka Baheberu 12:5, 6, ke hobaneng ha re ka re ho kgaolwa ho bontsha mohau? Fana ka mohlala.

9 Ha re utlwa tsebiso dibokeng ya hore motho eo re mo ratang “ha e sa le e mong wa Dipaki Tsa Jehova” re utlwa bohloko haholo. Re ka nna ra ipotsa hore na ebe ho ne ho hlokahala hore motho eo a kgaolwe. Na ka nnete ho kgaolwa ho bontsha mohau? Ho jwalo. Ha se bohlale ho se kgalemele motho haeba a hloka tayo ebile ha ho bontshe mohau kapa lona lerato. (Liprov. 13:24) Na ho kgaolwa ho ka thusa motho hore a bake? Ho jwalo. Bara le baradibabo rona ba bangata ba ileng ba etsa sebe se tebileng ba re ho kgaolwa ho ile ha ba thusa hore ba hlokomele hore na ba entse sebe se tebileng hakae, ba bake le ho fetola tsela eo ba phelang ka yona mme ba kgutlele ho Jehova.​—Bala Baheberu 12:5, 6.

10 Nahana ka mohlala ona. Modisa o a hlokomela hore e nngwe ya dinku tsa hae e a kula. O a tseba hore bolwetse boo e nang le bona bo hloka hore a e tlose ho tsena tse ding. Le ha ho le jwalo, dinku di rata ho ba hara mohlape ebile ha di thabele ho arohana le tse ding. Na ebe re ka re modisa o tshwara nku eo hampe haeba a e tlosa hara tse ding? Ha ho jwalo. O a tseba hore haeba a dumella hore nku ena e be le dinku tse ding e tla di tshwaetsa. Ka hoo, ka ho tlosa nku ena e kulang, o sireletsa mohlape wohle.​—Bapisa le Levitike 13:3, 4.

11. (a) Ke ka ditsela dife motho ya kgaotsweng a ka bapiswang le nku e kulang? (b) Batho ba kgaotsweng ba ka kgona ho etsang, hona ba ka thuswa jwang?

11 Ha Mokreste a kgaolwa re ka nna ra mo nka jwalo ka nku eo e kulang. O a kula hobane kamano ya hae le Jehova e senyehile. (Jak. 5:14) Jwalo ka ha motho ya kulang a ka kgona ho tshwaetsa batho ba bang le motho eo kamano ya hae le Jehova e senyehileng a ka kgona ho tshwaetsa batho ba bang hore ba etse dintho tse mpe. Ka hoo, maemong a mang ho hlokahala hore motho ya entseng sebe se tebileng a tloswe ka phuthehong. Kgalemelo ena e bontsha ka moo Jehova a ratang bahlanka ba hae ba tshepahalang ka teng hape e thusa mofosi hore a hlokomele hore o entse sebe se tebileng hakae. Ha motho a ntse a kgaotswe a ka kgona ho ya dibokeng moo a tla ithuta ho eketsehileng ka Bibele le ho matlafatsa tumelo ya hae hape. A ka boela a fumana dingolwa tseo a ka ipallang tsona le ho shebella lenaneo la JW Broadcasting®. Ha baholo ba hlokomela hore o ntse a etsa diphetoho, nako le nako ba ka nna ba mo fa dikeletso tse tla mo thusa hore a lokise kamano ya hae le Jehova e le hore e ka ba Paki ya Jehova hape.b

12. Keng e lerato le e bontshang mohau eo baholo ba ka e etsetsang moetsadibe ya sa bakeng?

12 Ke ha bohlokwa hore re hopole hore ke baetsadibe ba sa bakeng feela ba tloswang ka phuthehong. Baholo ba a tseba hore taba ena ke ya bohlokwa ebile ha ba e nke ha bobebe. Ba a tseba hore Jehova o kgalemela ka “tekanyo e loketseng.” (Jer. 30:11) Ba rata Bakrestemmoho le bona ebile ha ba batle ho etsa ntho le ha e le efe e tla senya kamano ya bona le Jehova. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding moetsadibe o lokela ho tloswa ka phuthehong ka nakwana e le ho bontsha mohau le lerato.

13. Ke hobaneng ha ho ne ho hlokahala hore Mokreste e mong phuthehong ya Korinthe a kgaolwe?

13 Nahana ka moo moapostola Pauluse a ileng a sebetsana le moetsadibe ya sa bakang wa mehleng ya hae. Mokreste e mong phuthehong ya Korinthe o ne a etsa boitshwaro bo bobe le mosadi wa ntate wa hae. Ena e ne e le ntho e mpe haholo. Pauluse o ne a tseba hore Jehova o ile a bolella Baiseraele a re: “Monna ya robalang le mosadi wa ntatae o apotse bofeela ba ntatae. Ruri ka bobedi ba lokela ho bolawa.” (Lev. 20:11) Ke nnete hore Pauluse o ne a ke ke a bolella phutheho hore e bolaye monna eo empa o ile a re o lokela ho kgaolwa. Boitshwaro ba hae bo ne bo tshwaetsa ba bang ka phuthehong hoo ba neng ba nahana hore bo ne bo se bobe hakaalo.​—1 Bakor. 5:1, 2, 13.

14. Pauluse o ile a bontsha monna ya neng a kgaotswe Korinthe mohau jwang, hona hobaneng? (2 Bakorinthe 2:5-8, 11)

14 Ha nako e ntse e ya, Pauluse o ile a utlwela hore monna eo o entse diphetoho tse kgolo. Moetsadibe eo o ne a bakile e le ka nnete. Le hoja monna eo a ile a senya botumo ba phutheho, Pauluse o ile a bolella baholo hore ha a batle ho ba ya “sa utlweleng bohloko.” O ile a re ho bona ba mo ‘tshwarele ka mosa le ho mo tshedisa.’ Hlokomela hore na ke hobaneng ha Pauluse a ile a tjho jwalo ho bona, o ile a re: “E le hore ka tsela e itseng motho ya jwalo a se ke a sithabetswa ke ho hlomoha ka ho fetisisa.” Moapostola Pauluse o ne a utlwela monna enwa ya bakileng bohloko. O ne a sa batle ho bona monna eo a sithabetse ka lebaka la phoso eo a e entseng hoo a ka telang ho kgutlela ka phuthehong.​—Bala 2 Bakorinthe 2:5-8, 11.

15. Baholo ba ka kgona jwang ho kgalemela ka thata le ho bontsha mohau ka nako e le nngwe?

15 Jwalo ka Jehova baholo ba rata ho bontsha mohau. Ba kgalemela mofosi ka thata ha ho hlokahala empa ha ho kgoneha ba bontsha mohau ha ho ena le lebaka la hore ba etse jwalo. Haeba baholo ba sa kgalemele mofosi, ba tla be ba mo dumella hore a tswele pele ho etsa dintho tse mpe tseo a ntseng a di etsa. Empa na ke baholo feela ba hlokang ho bontsha mohau?

KE ENG E KA RE THUSANG KAOFELA HORE RE BONTSHE MOHAU?

16. Liproverbia 21:13 e re Jehova o tla etsang haeba batho ba sa bontshe batho ba bang mohau?

16 Bakreste bohle ba batla ho etsisa Jehova ka hore ba bontshe mohau. Hobaneng? Lebaka le leng ke hore Jehova a ke ke a mamela batho ba sa bontsheng batho ba bang mohau. (Bala Liproverbia 21:13.) Ha ho motho ya batlang hore Jehova a se ke a mamela dithapelo tsa hae, ke ka hoo re lekang ka hohle hore re be batho ba mohau. Re lokela ho ipha nako ya ho mamela Bakrestemmoho le rona ba utlwileng bohloko mme re dule re mamela “mohoo o belaelang wa ya tlaase.” Ka ho tshwanang, re leka ka hohle ho mamela keletso ena e tswang ka Bibeleng e reng: “Ya sa bontsheng mohau o tla ahlolwa ntle ho mohau.” (Jak. 2:13) Ho tla ba bonolo hore re bontshe batho ba bang mohau haeba le rona re hopola hore re hloka ho bontshwa mohau. Re batla ho bontsha mohau haholoholo haeba moetsadibe ya bakileng a kgutlela ka phuthehong.

17. Morena Davida o ile a bontsha jwang hore o mohau e le ka nnete?

17 Mehlala e ka Bibeleng e ka re thusa hore re be batho ba mohau mme re se ke ra eba batho ba se nang kutlwelobohloko. Ka mohlala, nahana ka Morena Davida, hangata o ne a bontsha mohau. Le hoja Saule a ne a batla ho mo bolaya, Davida o ile a bontsha mohau ho Morena enwa ya tlotsitsweng ke Modimo ka hore a se ke a iphethetsa kapa ho mo ntsha kotsi.​—1 Sam. 24:9-12, 18, 19.

18, 19. Ke maemong afe a mabedi moo Davida a sa kang a bontsha mohau?

18 Le ha ho le jwalo, Davida o ne a sa dule a bontsha batho mohau. Ka mohlala, ha Nabale monna ya se nang kutlwelobohloko a hlompholla Davida le ho hana ho mo fa dijo ha mmoho le banna bao a neng a ena le bona, Davida o ile a kwata haholo mme a etsa qeto ya ho mo bolaya ha mmoho le banna bohle ba ntlo ya hae. Empa Abigaile e leng mosadi wa Nabale ya neng a le mosa ebile a ena le mamello o ile a etsa qeto kapele yaba o fa Davida dijo mme Davida ha a ka a bolaya Nabale.​—1 Sam. 25:9-22, 32-35.

19 Ka nako e nngwe, moprofeta Nathane o ile a bolella Davida ka monna ya ruileng ya ileng a inkela nku ya moahisane ya neng a sotlehile. Davida o ile a kwata haholo mme a re: “Ka Jehova ya phelang, monna ya etsang sena o tshwanelwa ke ho shwa!” (2 Sam. 12:1-6) Davida o ne a tseba molao oo Modimo a neng a o file Moshe. Ha leshodu le ne le utswa nku le ne le lokela ho buseletsa ka tse nne. (Ex. 22:1) Empa na ka nnete le ne le hloka ho bolawa? Eo e ne e le kahlolo e sehloho. Ha e le hantle, Nathane o ne a bolella Davida mohlala ona e le ho mo thusa ho utlwisisa hore o entse dibe tse fetang tsa monna eo. Jehova o ile a bontsha Davida mohau empa Davida yena o ne a sa ikemisetsa ho bontsha mohau ho monna eo ya mohlaleng wa Nathane ya ileng a utswa nku.​—2 Sam. 12:7-13.

Morena Davida ha a ka a bontsha mohau ha Nathane a ntse a bua le yena (Sheba serapa sa 19 le 20)d

20. Re ka ithutang mohlaleng wa Davida?

20 Hlokomela hore ha Davida a ne a kwatile haholo o ile a etsa qeto ya hore Nabale le banna bohle ba ntlo ya hae ba lokela ho bolawa. Ha morao, Davida o ile a re monna ya ruileng ya mohlaleng wa Nathane o lokela ho bolawa. Lekgetlong lena la bobedi, re ka nna ra ipotsa hore na monna ya nang le kutlwelobohloko jwalo ka Davida ke jwang a ka ahlolang ka tsela e sehloho hakaale. A re boneng hore na Davida o ne a ikutlwa jwang ka nako eo. Davida o ne a ena le letswalo le molato. Ha e le hantle, haeba motho a ahlola batho ba bang ka sehloho, ntho eo e bontsha hantle hore kamano ya hae le Jehova e senyehile. Jesu o ile a lemosa balatedi ba hae a re: “Kgaotsang ho ahlola e le hore le se ke la ahlolwa; ka ha kahlolo eo le ahlolang ka yona, le tla ahlolwa ka yona.” (Mat. 7:1, 2) Ka hoo, a re lekeng ka hohle hore re se ke ra ba batho ba se nang kutlwelobohloko empa re be ba “ruileng mohau” jwalo ka Modimo wa rona.

21, 22. Re ka bontsha mohau ka ditsela dife?

21 Mohau ha se boikutlo feela boo motho a bang le bona. Ha e le hantle motho ya mohau o thusa batho ba bang. Ka hoo, kaofela ha rona re lokela ho batla ditsela tsa ho thusa batho ba bang ebang ke malapeng a bo rona, ka phuthehong kapa moo re dulang teng. Ka nnete re ka fumana menyetla e mengata ya ho bontsha mohau. Na ho na le motho ya hlokang ho kgothatswa? Na re ka thusa ba bang mohlomong ka ho ba fa dijo kapa ho ba thusa ka tsela e nngwe? Mohlomong Mokreste ya kgutliseditsweng ka phuthehong o hloka motswalle ya ka mo kgothatsang. Na re ka bua le batho ba bang ka molaetsa o monate o ba tshedisang? Tsena ke tse ding tsa ditsela tseo re ka bontshang batho bohle bao re kopanang le bona mohau ka tsona.​—Jobo 29:12, 13; Bar. 10:14, 15; Jak. 1:27.

22 Haeba re hlokomela hore na batho ba hloka eng, re tla bona hore ho na le menyetla e mengata ya hore re bontshe mohau. Ha re bontsha batho ba bang mohau re thabisa Ntate wa rona haholo hobane ke ya “ruileng mohau.”

O KA ARABA JWANG?

  • Ke hobaneng ha Jehova a re bontsha mohau?

  • Keng e bontshang hore motho a ka kgona ho kgalemela ka thata le ho ba mohau?

  • Keng e ka re thusang hore re be batho ba mohau?

PINA YA 43 Thapelo ya Teboho

a A mang a makgabane a Jehova a ratehang ke mohau mme e mong le e mong wa rona o lokela ho ba le wona. Sehloohong sena, re tlo bona hore na ke hobaneng ha Jehova a re bontsha mohau. Ke hobaneng ha re ka re o bontsha mohau ha a re kgalemela le hore na re ka mo etsisa jwang.

b E le hore o tsebe hore na motho ya kgutliseditsweng ka phuthehong a ka lokisa kamano ya hae le Modimo jwang le hore baholo ba ka mo thusa jwang, sheba sehlooho se reng “Lokisa Setswalle sa Hao le Jehova” se makasineng ena.

c DITSHWANTSHO: Ha ntate a le ka hodima ntlo o bona mora wa hae ya lahlehileng a kgutlela hae mme o mathela ho yena ho ya mo haka.

d DITSHWANTSHO: Morena Davida o ne a tshwenyehile ka ha o ne a ena le letswalo le molato. Ka hoo, o ile a kwata yaba o ahlola monna ya ruileng ya mohlaleng wa Nathane ka ho re o lokela ho bolawa.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share