LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp22 No. 1 maq. 4-5
  • Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Lehloyo ke Eng?
  • HO TLA JWANG HORE BATHO BA BE LE LEHLOYO?
  • LEHLOYO LE ATA JWANG?
  • BIBELE E A BONTSHA HORE NA LEHLOYO LE QADILE JWANG
  • Re ka Kgona ho Hlola Lehloyo
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Lehloyo le Tla Fela ka ho sa Feleng
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
  • Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?​—⁠Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Selelekela
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2022
wp22 No. 1 maq. 4-5

Ke Hobaneng ha Batho ba Hloyane Hakaale?

Ke hobaneng ha lefatsheng lohle batho ba hloyane hakaale? E le hore re fumane karabo ya potso eo, re lokela ho utlwisisa hore na lehloyo ke eng, ho tla jwang hore batho ba be le lehloyo le hore na le ata jwang.

Lehloyo ke Eng?

Lehloyo ke ho nyonya batho ba bang, ho se ba rate le ho ba bontsha bora. Ke boikutlo bo fetang ba ho halefela motho ka nakwana fela.

HO TLA JWANG HORE BATHO BA BE LE LEHLOYO?

Batho ba hloya ba bang ka mabaka a sa tshwaneng. Hangata ba ba hloya hobane e le ba morabe o itseng, eseng hobane ho ena le ntho e mpe eo ba e entseng. Ba ka nna ba hloya batho bao hobane ba nahana hore ba etsa dintho tse mpe, ba kgopo ebile ba ke ke ba fetoha. Ba ka boela ba ba kgella fatshe, ba ba nka e le batho ba kotsi kapa ba bakelang batho ba bang mathata. Batho ba hloileng ba bang, ho ka etsahala hore ebile mahlatsipa a tlolo ya molao, ho hloka toka kapa ba ile ba angwa ke diketsahalo tse ileng tsa etsa hore ba bontshe bora ho batho ba bang.

LEHLOYO LE ATA JWANG?

Ka dinako tse ding batho ba hloya batho ba bang le hoja ba eso kopane le bona. Ka mohlala, motho e mong a ka ikutlwa ka tsela e tshwanang le ya ba lelapa le metswalle ka morabe o itseng wa batho. Ka hoo ka tsela ena lehloyo le kgona ho tshwaetsana.

Ha re utlwisisa hore na lehloyo le ata jwang, re tla hlokomela hore na ke hobaneng ha batho ba bangata ba hloyane hakana. Le ha ho le jwalo, e le hore re tlohelle ho ba le lehloyo, re lokela ho tseba hore na le qadile jwang. Re ka fumana karabo ka Bibeleng.

BIBELE E A BONTSHA HORE NA LEHLOYO LE QADILE JWANG

Setshwantsho se bontshang dintho tse hlohlelletsang lehloyo. 1. Ditaba tseo e seng nnete, ho akarelletsa le kgatello ya batho, metjha ya puisano le ditaba. 2. Ho iphapanyetsa setso, morabe kapa bodumedi. 3. Batho ba tshaba diphetoho, ho lahlehelwa ke dintho kapa ho se tsebe se ka etsahalang. 4. Lehloyo le baka, leeme, kgethollo le dintwa.

LEHLOYO HA LE A QALWA KE BATHO. Le qadile ha lengeloi le neng le le lehodimong le eba kgahlanong le Modimo mme e eba lerabele. Lengeloi leo ha morao le ile la tsejwa e le Satane Diabolose. Diabolose “e ne e le mmolai ha a qala” ho fetohela Modimo. Ka ha “o leshano mme ke ntate wa leshano,” o tswela pele ho susumetsa batho hore ba hloyane. (Johanne 8:​44; 1 Johanne 3:​11, 12) Bibele e mo hlalosa a le kotsi ebile a halefile haholo.​—Jobo 2:⁠7; Tšenolo 12:​9, 12, 17.

HO BONOLO HORE BATHO BA BAETSADIBE BA BE LE LEHLOYO. Motho wa pele Adama, o ile a latela borabele ba Satane. Seo se ile sa etsa hore sebe se fetele ho batho bohle. (Baroma 5:​12) Mora wa Adama wa pele, e leng Kaine, o ile a bontsha lehloyo ka hore a bolaye ngwanabo Abele. (1 Johanne 3:​12) Ke nnete hore batho ba bontshana lerato le kutlwelobohloko. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la sebe seo re se futsitseng, batho ba bangata ha ba nahanele batho ba bang, ba mohono ebile ba a ikgohomosa mme dintho tsena di baka lehloyo.​—2 Timothea 3:​1-⁠5.

HANGATA MOTHO YA SA RATENG BATHO BA BANG O BA LE LEHLOYO. Lefatshe leo re phelang ho lona le hlohlelletsa lehloyo ka ho susumetsa batho hore ba se ke ba ba le mohau ba be ba ntshe batho ba bang kotsi. Dintho tse kang ho se mamellane, ho kgetholla ba bang, ho bua dintho tse mpe ka batho ba bang, ho hlorisa batho ba bang le ho senya dintho tsa bona, di teng hobane “lefatshe lohle le rapalletse matleng a ya kgopo,” e leng Satane Diabolose.​—1 Johanne 5:⁠19.

Le ha ho le jwalo, Bibele ha e rute feela hore na lehloyo le qadile jwang, e boetse e re ruta hore na re ka le hlola jwang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share