Dintho Tse ka o Thusang ha o Ithuta
Fumana Makgabane a Mang a Jehova a Babatsehang
Ha re bala Bibele, re ka etsa dipatlisiso tse tla re thusa ho utlwisisa haholwanyane seo re ntseng re se bala. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho balla feela hore re be le tsebo e ngata ya Bibele. Re batla ho fumana makgabane a Jehova a tla etsa hore re mo rate le ho feta. Re ka etsa sena ka ho ipotsa potso ena: ‘Tlaleho ee ya Bibele e nthuta eng ka Jehova?’
Ka mohlala, o ka leka ho fumana ka moo Jehova a bontshitseng lerato, bohlale, toka le matla ka teng. Le ha ho le jwalo, makgabane a Jehova ha se ana feela. O na le makgabane a mang a mangata a babatsehang. O ka fumana makgabane aa hokae?
Bona lethathamo la makgabane a mang a eketsehileng a ka hodimo ho 50 a ho Watch Tower Publications Index tlasa sehlooho se reng “Jehovah” ebe o ya tlasa sehloohwana se reng “Qualities by Name.” Etsa dipatlisiso ka makgabane a tshwanang le a tlalehong ya Bibele eo o ntseng o e bala. (Haeba puo eo o e utlwisisang e na le Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova feela, sheba tlasa sehlooho se reng “Jehova Modimo” ebe o ya tlasa sehloohwana se reng “Ditshobotsi Tsa Jehova.”)