LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 June leq. 32
  • Na o na le Tumelo?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o na le Tumelo?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • Tumelo e re Thusa Hore re be Matla
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 June leq. 32

DIPOLELO TSE HLAHANG KA BIBELENG

Na o na le Tumelo?

Re lokela ho ba le tumelo e le hore re thabise Jehova. Empa Bibele e re “ha se batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathes. 3:2) Ha moapostola Pauluse a ne a bua mantswe ana, o ne a bua ka “batho ba kotsi le ba kgopo” ba neng ba mo hlorisa, bao a neng a batla ho sireletswa ho bona. Le ha ho le jwalo, ha a ne a bua ka tumelo, o ne a boetse a bua le ka batho ba bang. Batho ba bang ha ba batle ho dumela bopaki bo hlakileng ba hore Modimo ke Mmopi. (Bar. 1:20) Le hoja batho ba bang ba re ba na le tumelo ho ntho e itseng kapa motho ya itseng ya nang le matla, Jehova ha a kgahliswe ke tumelo e jwalo.

Re lokela ho dumela hore Jehova o teng le hore “o putsa” batho ba nang le tumelo e matla ho yena. (Baheb. 11:6) Tumelo ke tholwana e behwang ke moya o halalelang. Ka hoo, e le hore re fumane moya o halalelang, re lokela ho kopa Jehova hore a re fe wona. (Luka 11:​9, 10, 13) Ntho e nngwe ya bohlokwa e ka re thusang hore re fumane moya o halalelang ke ho bala Bibele hobane Jehova o ile a sebedisa moya wa hae hore e ngolwe. Re ka nahanisisa ka dintho tseo re ithutileng tsona e le hore re ka di sebedisa bophelong ba rona. Ha re etsa jwalo, moya o halalelang o tla re thusa hore re phele ka tsela e bontshang hore re na le tumelo re be re kgahlise Jehova.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share