LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 July maq. 20-25
  • Re ka Ithutang ho Marena a Iseraele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re ka Ithutang ho Marena a Iseraele
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BA NE BA SEBELETSA JEHOVA KA DIPELO TSOHLE TSA BONA
  • BA ILE BA BAKELA DIBE TSA BONA
  • A ILE A KGOMARELA BORAPEDI BA NNETE
  • Ithute Mantsweng a ho Qetela a Banna ba Tshepahalang
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Hopola Hore Jehova “ke Modimo ya Phelang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 July maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

PINA YA 36 Re Lebela Dipelo Tsa Rona

Re ka Ithutang ho Marena a Iseraele?

“Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ya lokileng le ya kgopo le pakeng tsa motho ya sebeletsang Modimo le ya sa mo sebeletseng.”—MAL. 3:18.

NTLHAKGOLO

Ho ithuta ka marena a Iseraele ho ka re thusa hore re tsebe hore na re hloka ho etsang e le hore re thabise Jehova.

1, 2. Bibele e re bolellang ka marena a mang a Iseraele?

BIBELE e bua ka banna ba fetang 40 ba ileng ba busa e le marena, Iseraele.a E re bolella nnete ka dintho tseo ba bang ba bona ba ileng ba di etsa. Ka mohlala, le marena a lokileng a ile a etsa dintho tse mpe. Nahana ka Morena Davida. Jehova o ile a re mohlanka wa hae Davida o ile a etsa dintho tse nepahetseng feela mahlong a hae ka pelo yohle ya hae. (1 Mar. 14:8) Le ha ho le jwalo, monna eo o ile a etsa bohlola le mosadi wa motho a ba a etsa hore monna wa hae a bolawe ntweng.—2 Sam. 11:​4, 14, 15.

2 Bibele e boetse e re bolella ka dintho tse ntle tseo marena a sa kang a tshepahalla Jehova a ileng a di etsa. Nahana ka Roboame. Jehova o ile a re ha Roboame e ne e le morena, “o ile a etsa dintho tse mpe.” (2 Dikron. 12:14) Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse ding tse ntle tseo Roboame a ileng a di etsa. Ka mohlala, o ile a mamela Modimo ha a re a se ke a lwantsha meloko e leshome ya Iseraele le hore a e dumelle hore e ikgethele morena. O ile a boela a haha metse e sireleditsweng ka marako e le hore batho ba Modimo ba se ke ba hlaselwa ke dira tsa bona.—1 Mar. 12:​21-24; 2 Dikron. 11:​5-12.

3. Re lokela ho ipotsa potso efe ya bohlokwa, hona ke dintlha dife tse tharo tseo re tlo di hlahloba sehloohong see?

3 Potso ya bohlokwa e a phahama: Haeba marena a Iseraele a ile a etsa dintho tse ntle le tse mpe, Jehova o ne a etsa qeto ya hore morena o a tshepahala kapa tjhe a ipapisitse le eng? Karabo ya potso ena e tla re thusa ho utlwisisa hore na re lokela ho etsang e le hore re thabise Jehova. Re tlo hlahloba dintlha tse tharo tseo Jehova a neng a di sheba ho bona hore na marena a Iseraele a ne a lokile kapa a le mabe. Ya pele, ke hore na morena o ne a rata Jehova ka pelo ya hae yohle kapa tjhe. Ya bobedi, ke hore na morena o ne a baka e le ka nnete kapa tjhe ha a entse ntho e fosahetseng. Ya boraro, ke hore na morena o ne a tswela pele ho sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng kapa tjhe.

BA NE BA SEBELETSA JEHOVA KA DIPELO TSOHLE TSA BONA

4. Phapang ke efe pakeng tsa marena a neng a tshepahala le a neng a sa tshepahale?

4 Marena a neng a thabisa Jehova a ne a mo sebeletsa ka dipelo tsohle tsa ona.b Morena Josafate ya lokileng o ile “a batla Jehova ka pelo yohle ya hae.” (2 Dikron. 22:9) Ha re bua ka Josiase, tlaleho ya Bibele e bontsha hore “ha ho eso ka ho eba le morena ya tshwanang le yena ya ileng a kgutlela ho Jehova ka pelo ya hae yohle.” (2 Mar. 23:25) Re ka reng ka Solomone, eo dilemo ha morao a ileng a etsa dintho tse fosahetseng? Bibele e re: “O ne a sa sebeletse Jehova Modimo wa hae ka pelo ya hae yohle.” (1 Mar. 11:4) Hape Bibele ha e bua ka e mong wa marena a neng a sa tshepahale, e leng Abijame, e re: “O ne a sa sebeletse Jehova Modimo wa hae ka pelo ya hae yohle.”—1 Mar. 15:3.

5. Hlalosa hore na ho bolelang ho sebeletsa Jehova ka pelo yohle.

5 Ho bolelang ho sebeletsa Jehova ka pelo yohle? Motho ya sebeletsang Jehova ka pelo yohle ha a mo sebeletse feela hobane a phetha molao. Ho ena le hoo, o mo sebeletsa hobane a mo rata a bile a mo hlompha haholo. Ho feta moo, o tswela pele ho rata Jehova le ho mo hlompha haholo bophelo bohle ba hae.

6. Re ka etsa eng e le hore re dule re rata Jehova? (Diproverbia 4:23; Matheu 5:​29, 30)

6 Re ka latela mohlala wa marena a neng a tshepahala mme a sebeletsa Jehova ka dipelo tsohle tsa ona jwang? Re lokela ho qoba ntho le ha e le efe e ka etsang hore re se ke ra tshepahalla Jehova. Ka mohlala, re lokela ho ela hloko dintho tseo re di shebellang kapa tseo re di etsang ha re ithabisa. Re boetse re lokela ho ba hlokolosi ha re kgetha metswalle le hore re se ke ra qala ho nka dintho tse bonahalang kapa tjhelete e le dintho tsa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong. Haeba re hlokomela hore lerato la rona ho Jehova le qala ho fokola, re lokela ho sebetsa ka thata hore re fetole tsela eo re nahanang ka yona le eo re etsang dintho ka yona hanghang, e le hore dintho tsena di se ke tsa etsa hore re qetelle re se re sa rate Jehova.—Bala Diproverbia 4:23; Matheu 5:​29, 30.

7. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re qobe ntho le ha e le efe e ka fokotsang lerato la rona ho Jehova?

7 Re lokela hore re rate Jehova ka pelo yohle. Haeba re se hlokolosi re ka ithetsa ka ho nahana hore tshusumetso e mpe e ke ke ya re lematsa haeba re phathahane ka ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, nahana o ntse o tsamaya ka ntle ho le moya ebile ho bata haholo. Ebe ha o fihla hae o besa mollo. O nahana hore thuso ke efe ya ho besa mollo empa o butse monyako? Kapele moya oo o batang o tla tlala ntlo. Ntlha ke efe moo? Ha se feela hore re lokela ho ja dijo tsa moya tse re thusang hore re be le kamano e mofuthu le Jehova. Empa re boetse re lokela ho hanela tshusumetso e mpe, e le hore “moya” wa lefatshe lena o batang kapa boitshwaro bo se nang bomodimo bo se ke ba kena dipelong tsa rona mme ba etsa hore re se ke ra rata Jehova ka pelo yohle.—Baef. 2:2.

BA ILE BA BAKELA DIBE TSA BONA

8, 9. Morena Davida le Morena Ezekiase ba ile ba itshwara jwang ha ba kgalemelwa? (Sheba setshwantsho .)

8 Jwalo ka ha re bone serapeng sa pele, Morena Davida o ile a sitelwa Jehova ka ho tebileng. Empa ha moprofeta Nathane a mo bolella hore na Jehova o ikutlwa jwang ka sebe seo, ka boikokobetso Davida o ile a baka. (2 Sam. 12:13) Davida o ne a sa etse eka o swabile e le hore moprofeta Nathane a ka nahana hore o fela a bakile kapa e le hore a balehe kotlo. Empa re a bona hore o ne a hlile a bakile ha re sheba mantswe a hae a ngotsweng ho Pesaleme ya 51.—Pes. 51:​3, 4, 17, sehloohwana.

9 Morena Ezekiase le yena o ile a sitelwa Jehova. Bibele e re: “O ile a ikgohomosa hoo Modimo a ileng a halefela yena le baahi ba Juda le Jerusalema.” (2 Dikron. 32:25) Ke hobaneng ha Ezekiase a ile a ikgohomosa? Mohlomong ke hobane Jehova o ne a mo file maruo, hape o ile a mo thusa ho hlola Baasiria, kapa hobane o ile a mo thusa hore a fole lefung le bolayang. Ho ka etsahala hore ebe lebaka leo a ileng a bontsha Bababilona maruo a hae ka lona, ke hobane o ne a ikgohomosa. Ka hoo, moprofeta Esaia o ile a tlameha ho mo jwetsa hore Jehova o ne a mo halefetse. (2 Mar. 20:​12-18) Empa jwalo ka Davida, ka boikokobetso Ezekiase o ile a baka. (2 Dikron. 32:26) Ka hoo, Jehova o ile a mo nka jwang? O ile a mo nka e le morena ya tshepahalang ya ileng “a etsa dintho tse thabisang Jehova.”—2 Mar. 18:3.

Ditshwantsho: 1. Morena Davida o shebile lehodimong a bontsha hore wa ikwahlaya ha Nathane a ntse a bua le yena. 2. Morena Ezekiase o itshwere hlooho a utlwile bohloko haholo ha Esaia a ntse a bua le yena.

Ka boikokobetso, Morena Davida le Morena Ezekiase ba ile ba baka ka mora hore ba bolellwe dibe tsa bona (Sheba serapa sa 8 le 9)


10. Morena Amazia o ile a arabela jwang ha a eletswa?

10 Ho fapana le Ezekiase le Davida, Morena Amazia wa Juda o ile a etsa dintho tse nepahetseng mahlong a Jehova “empa a sa di etse ka pelo yohle.” (2 Dikron. 25:2) O ile a etsa phoso kae? Ka mora hore Jehova a mo thuse ho hlola Baedomo, Amazia o ile a kgumamela medimo ya bona.c Ha moprofeta wa Jehova a mo eletsa, ka manganga morena o ile a hana ho mamela a ba a mo tebela.—2 Dikron. 25:​14-16.

11. Ho ya ka 2 Bakorinthe 7:​9, 11, re lokela ho etsang e le hore re tshwarelwe? (Sheba ditshwantsho.)

11 Re ithutang mehlaleng ee? Re lokela ho bakela dibe tsa rona mme re etse seo re ka se kgonang hore re se ke ra di pheta. Ho thweng haeba re fumana keletso ho baholo ba phutheho le ditabeng tse bonahalang di se kaalo? Ha re a lokela ho ikutlwa re lahlilwe kgerehlwa ke Jehova kapa bona baholo. Esita le marena a lokileng a Iseraele a ne a fuwa dikeletso le ho kgalemelwa. (Baheb. 12:6) Haeba re kgalemelwa, re lokela ho (1) arabela ka boikokobetso, (2) re etse diphetoho tse hlokahalang, re be (3) re tswele pele ho sebeletsa Jehova ka dipelo tsa rona tsohle. Haeba re bakela dibe tsa rona, Jehova o tla re tshwarela.—Bala 2 Bakorinthe 7:​9, 11.

Ditshwantsho: 1. Morabo rona o shebile botlolo le kgalase tse tshetseng jwala ha moholo e motjha dilemong a ntse a buisana le yena. 2. Morabo rona o etsa dipatlisiso a sebedisa Bibele le buka ya “O ka Thaba ka ho sa Feleng!” kgaolo ya 43. 3. Moholo e motjha dilemong o sebetsa hammoho le morabo rona tshimong.

Haeba re kgalemelwa, re lokela ho (1) arabela ka boikokobetso, (2) re etse diphetoho tse hlokahalang, re be (3) re tswele pele ho sebeletsa Jehova ka dipelo tsa rona tsohle (Sheba serapa sa 11)f


A ILE A KGOMARELA BORAPEDI BA NNETE

12. Ke eng e neng e kgetholla marena a tshepahalang?

12 Marena ao Jehova a neng a a nka a tshepahala a ne a kgomaretse borapedi ba nnete. A ile a kgothalletsa batho ba Jehova hore ba etse se tshwanang. Ke nnete hore a ne a e na le mefokolo ya ona jwalo ka ha re bone. Empa a ne a inehetse ka ho feletseng ho Jehova a bile a sebeditse ka thata ho tlosa borapedi ba ditshwantsho naheng eo.d

13. Ke hobaneng ha Jehova a ile a ahlola Morena Akabe ka hore ha a tshepahala?

13 Ho thweng ka marena ao Jehova a ileng a a ahlola a sa tshepahale? Ka sebele ha se ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a e etsa e neng e le mpe. Esita le Morena Akabe ya kgopo o ile a bontsha boikokobetso le ho ikwahlaela hore ebe o ile a kenya letsoho polaong ya Nabothe. (1 Mar. 21:​27-29) O ile a haha metse le ho hlola dira tsa Iseraele. (1 Mar. 20:​21, 29; 22:39) Empa Akabe o ne a tumme ka ho ntshetsa pele borapedi ba bohata tlasa tshusumetso ya mosadi wa hae. Ka lebaka leo, ha a a ka a baka.—1 Mar. 21:​25, 26.

14. (a) Ke hobaneng ha Jehova a ne a nka Morena Roboame a sa tshepahale? (b) Ke eng eo boholo ba marena a sa tshepahaleng a neng a tshwana ka yona?

14 Nahana ka morena e mong ya neng a sa tshepahale, e leng Roboame. Jwalo ka ha ho bontshitswe serapeng sa bobedi, o ile a etsa dintho tse ngata tse ntle nakong ya puso ya hae. Empa ka mora hore e be morena ya matla, o ile a kgaotsa ho mamela Molao wa Jehova, yaba o qalella ho rapela medimo ya bohata. (2 Dikron. 12:1) Ka mora moo, ka dinako tse ding o ne a rapela Jehova mme ka dinako tse ding a rapela medimo ya bohata. (1 Mar. 14:​21-24) Morena Roboame le Morena Akabe ha se ona feela marena a ileng a kgaotsa ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Ha e le hantle, boholo ba marena a neng a sa tshepahale a ne a rapela medimo ya bohata a bile a kgothaletsa le batho hore ba etse se tshwanang. Ho hlakile hore mahlong a Jehova, ho mo rapela ka tsela e nepahetseng e ne e le yona ntho e ka sehloohong e neng e kgetholla marena a lokileng ho a sa lokang.

15. Ke hobaneng ha ho kgomarela borapedi ba nnete e le ha bohlokwa ho Jehova?

15 Ke hobaneng ha taba ya borapedi e ne e le ya bohlokwa hakaale ho Jehova? Lebaka le leng ke hore marena a ne a ikarabella bakeng sa ho tataisa batho ba Modimo borapeding ba nnete. Hape borapedi ba bohata bo lebisa dibeng tse ding tse tebileng le ho hloka toka. (Hos. 4:​1, 2) Ho feta moo, marena le bafo ba ona ba ne ba inehetse ho Jehova. Ka hoo, Bibele e tshwantsha ho kenella ha bona borapeding ba bohata le bofebe. (Jer. 3:​8, 9) Motho ya etsang bofebe o sitelwa molekane wa hae ka tsela e tebileng ka ho fetisisa. Ka ho tshwanang, mohlanka ya inehetseng wa Jehova ya kopanelang borapeding ba bohata, o utlwisa Jehova bohloko haholo.e—Deut. 4:​23, 24.

16. Mahlong a Jehova, keng e kgethollang batho ba lokileng ho ba kgopo?

16 Re ithutang? Ka sebele re lokela ho ikemisetsa ho qoba borapedi ba bohata. Empa hape re lokela ho kgomarela borapedi ba nnete mme re dule re le mafolofolo ho bona. Moprofeta Malakia o ile a bolela ka ho hlaka hore na mahlong a Jehova ke eng e kgethollang motho ya lokileng ho ya kgopo. O ile a: “Le tla boela le bone phapang pakeng tsa motho ya lokileng le ya kgopo le pakeng tsa motho ya sebeletsang Modimo le ya sa mo sebeletseng.” (Mal. 3:18) Ka hoo, ha re a lokela ho dumella ho se phethahale le diphoso le ha e le dife esita le tsa rona, ho re nyahamisa ho isa boholeng ba hore re kgaotse ho sebeletsa Modimo. Ho kgaotsa ho sebeletsa Jehova ke sebe se tebileng.

17. Ke hobaneng ha re lokela ho ba hlokolosi ka motho eo re kgethang hore e be molekane wa rona?

17 Haeba o lesoha mme o ntse o nahana ho nyala kapa ho nyalwa, mantswe a Malakia a ka o thusa ho kgetha molekane ya nepahetseng. Nahana ka sena: Motho a ka nna a ba le makgabane a matle, empa haeba motho eo a sa sebeletse Modimo wa nnete, na Jehova o mo nka a lokile? (2 Bakor. 6:14) Haeba o ka nyala kapa wa nyalwa ke motho eo, na a ka o thusa hore o dule o tshepahalla Jehova? Nahana ka mohlala wa Morena Solomone. Ho ka etsahala hore ebe basadi ba hae ba ne ba ntse ba ena le makgabane a matle. Empa ka ha e ne e se barapedi ba Jehova, hanyane ka hanyane ba ile ba susumeletsa Solomone hore a rapele medimo ya bohata.—1 Mar. 11:​1, 4.

18. Batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona eng?

18 Batswadi, le ka sebedisa mehlala ya marena ao ho buuwang ka ona ka Bibeleng ho kenya ka ho bana ba lona tjheseho bakeng sa borapedi ba Jehova. Ba thuse ho utlwisisa hore Jehova o ne a tadima morena e le ya molemo kapa ya mobe ho itshetlehile haholo ka hore na morena eo o ne a ntshetsa borapedi ba nnete pele kapa tjhe. Ruta bana ba hao ka dipuo le ka mohlala hore dintho tsa moya tse kang ho ithuta Bibele, ho ya dibokeng le ho kopanela tshebeletsong ya tshimo di tla pele. (Mat. 6:33) Ho seng jwalo, bana ba hao ba ka nna ba etsa qeto ya hore ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova ke karolo ya “bodumedi ba lelapa” feela. Ka lebaka leo, ba ka nna ba beha borapedi ba nnete sebakeng sa bobedi kapa ba bo tlohela ka ho feletseng.

19. Ho na le tshepo efe bakeng sa batho ba kgaoditseng ho sebeletsa Jehova? (Sheba lebokose le reng “O ka Kgutlela ho Jehova!”)

19 Na motho ya kgaoditseng ho sebeletsa Jehova ha a na tshepo? Tjhe, hobane a ka baka mme a sebeletsa Jehova hape. E le hore a etse jwalo, ho ka nna ha hlokahala hore a tlohele boikgohomoso mme a amohele thuso ya baholo. (Jak. 5:14) Boiteko boo a bo etsang ba hore e be motswalle wa Jehova hape ha se ba lefeela!

O ka Kgutlela ho Jehova!

Nahana ka mohlala wa Morena Manase, ya ileng “a etsa dintho tse mpe ka ho fetisisa.” O ile “a bolaya batho ba bangata haholo ba se nang molato,” a sebedisana le meya, a ba a etsa sehlabelo ka bara ba hae ho medimo ya bohata! (2 Mar. 21:​6, 16) O ile a susumetsa setjhaba sa Juda hore se “etse dintho tse mpe ho feta tse neng di etswa ke ditjhaba.” (2 Mar. 21:9; 2 Dikron. 33:​1-6) Ka ha Manase o ne a entse dibe tse ngata tse tebileng ka nako e telele, ho ne ho sa lekana hore a kope tshwarelo hanngwe feela. Manase o ne a utlwile bohloko haholo ka lebaka la dintho tseo a ileng a di etsa. Ka hoo, o ile “a ikokobetsa haholo” mme ‘a nna a rapela.’ Ho ile ha etsahalang qetellong? Jehova o ile a utlwa thapelo ya Manase mme “a haulwa ke kopo ya hae.” Jehova o ile a mo tshwarela a ba a mo dumella hore a kgutlele Jerusalema mme ya eba morena hape.—2 Dikron. 33:​12, 13.

Ka tsela e tshwanang, na Jehova o tla thusa batho ba bontshang ho baka e le ka nnete le hoja ba ile ba kgaotsa ho mo sebeletsa? Ho jwalo, hobane Esaia 55:7 e re: “Motho ya kgopo a tlohele tsela ya hae, a tlohele ho nahana bokgopo. A ke a kgutlele ho Jehova, ya tla mo hauhela, a kgutlele ho Modimo wa rona hobane o tla mo tshwarela ka pelo yohle.” Ka hoo, etsa sohle seo o ka se kgonang hore o kgutlele ho Jehova!

20. Haeba re etsisa marena a tshepahalang, Jehova o tla re tadima jwang?

20 Jwale, re ithutang ho marena a Iseraele? Re ka tshwana le marena a neng a tshepahala haeba re dula re ena le pelo e inehetseng ho Jehova ka ho feletseng. A re ithuteng diphosong tsa rona, re bake mme re etse diphetoho tse hlokahalang. E se eka re ka hopola bohlokwa ba ho kgomarela borapedi ba Modimo a le mong wa nnete. Haeba o kgomarela Jehova, o tla o nka o le motho ya etsang se nepahetseng mahlong a hae.

KE JWANG RE KA . . .

  • dulang re rata Jehova ka dipelo tsohle tsa rona?

  • bontshang hore re bakile?

  • kgomarelang borapedi ba nnete?

PINA YA 45 Ho Thuisa ha Pelo ya Ka

a Sehloohong sena, polelwana e reng “marena a Iseraele” e bua ka marena ohle a neng a busa batho ba Jehova, ho sa tsotellehe hore na a ne a busa mmuso wa Juda wa meloko e mmedi, mmuso wa Iseraele wa meloko e leshome, kapa meloko yohle e 12.

b TLHALOSO: Hangata Bibele e sebedisa lentswe “pelo” ha e hlalosa seo motho a leng sona ka hare, ho akarelletsa le ditakatso tsa hae, menahano ya hae, maikutlo, bokgoni, sepheo sa hae sa ho etsa dintho le dipakane tsa hae.

c Mehleng eo, hangata e ne e le tlwaelo hara marena a bahetene ho rapela medimo ya setjhaba seo a se hapileng.

d Morena Asa o ile a etsa dibe tse tebileng. (2 Dikron. 16:​7, 10) Le ha ho le jwalo, Bibele e re Asa o ile a etsa se lokileng mahlong a Jehova. Le hoja qalong a sa ka a mamela ha moprofeta wa Jehova a mo kgalemela, ho ka etsahala hore ha morao o ile a baka. Ka kakaretso, makgabane a hae a matle a ne a feta diphoso tsa hae. Taba ya bohlokwa ke hore Asa o ile a rapela Jehova feela a ba a sebetsa ka thata ho tlosa ditshwantsho mmusong wa hae.—1 Mar. 15:​11-13; 2 Dikron. 14:​2-5.

e Re ka bona hore borapedi bo bohlokwa haholo ho Jehova hobane melao e mmedi ya pele Molaong wa Moshe e ne e thibela hore ho se ka ha rapelwa motho kapa ntho le ha e le efe ntle le Jehova.—Ex. 20:​1-6.

f TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona e motjha wa moholo o bolella morabo rona e mong hore o tshwenyehile ka tsela eo a nwang ka yona. Morabo rona o amohela keletso ka boikokobetso, o etsa diphetoho tse hlokahalang mme o tswela pele a sebeletsa Jehova ka botshepehi.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share