LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 August maq. 2-6
  • Jehova o Entseng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jehova o Entseng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • JEHOVA O ILE A FA BAETSADIBE TSHEPO EFE?
  • BATHO BA BANG BAO BIBELE E BUANG KA BONA BA ILE BA THABISA JEHOVA JWANG?
  • JESU O ILE A ETSANG HO PHOLOSA BATHO?
  • Tefo ya Topollo e re Rutang?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ke Hobaneng ha re Lokela ho Ananela Hore Ebe Jehova o a re Tshwarela?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Re Fumana Ditlhohonolofatso Dife ha re Ratwa ke Jehova?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 August maq. 2-6

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 31

PINA YA 12 Jehova, Modimo e Moholo

Jehova o Entseng ho Pholosa Batho Sebeng le Lefung?

“Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya mong.”—JOH. 3:16.

NTLHAKGOLO

Re tlo bona ka moo Jehova a re thusitseng ka teng hore re kgone ho ba metswalle ya hae le hoja re le baetsadibe. Re tla boela re bone ka moo a re fileng tshepo ya ho phela ka ho sa feleng nakong e tlang re se re se na sebe.

1, 2. (a) Sebe ke eng, hona re ka thuswa ke eng hore re se hlole? (Sheba “Tlhaloso.”) (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see le dihloohong tse latelang makasineng ee ya Tora ya ho Lebela? (Sheba sehlooho se reng “Molaetsa o Yang ho Babadi” makasineng ena.)

O NAHANA hore Jehova Modimo o o rata hakae? E le hore o fumane karabo, o lokela ho ithuta hore na o entseng e le hore a o pholose sebeng le lefung. Sebea ke sera se sehloho seo o ke keng wa kgona ho se lwantsha o le mong. Re etsa dibe letsatsi le tjhabang le le dikelang mme ka lebaka leo re a shwa. (Bar. 5:12) Le ha ho le jwalo, ditaba tse monate ke hore Jehova o a re tiisetsa hore o tla re pholosa sebeng le lefung.

2 E se e le dilemo tse ka bang 6 000 Jehova a ntse a thusa batho hore ba kgone ho ba metswalle ya hae le hoja e ntse e le baetsadibe. Lebaka ke hobane o a re rata. Haesale a re rata ho tloha ha a ne a re bopa, ka hoo o entse dintho tse ngata ho re thusa ho lwantsha sebe. Modimo o a tseba hore sebe se a bolaya mme ha a batle hore re shwe. O batla hore re phele ka ho sa feleng. (Bar. 6:23) Le wena Jehova o o batlela se tshwanang. Sehloohong sena re tla araba dipotso tsena tse tharo: (1) Jehova o ile a fa baetsadibe tshepo efe? (2) Batho ba bang bao Bibele e buang ka bona ba ile ba thabisa Jehova jwang? (3) Jesu yena o ile a etsang ho pholosa batho sebeng le lefung?

JEHOVA O ILE A FA BAETSADIBE TSHEPO EFE?

3. Ho tlile jwang hore Adama le Eva e qetelle e le baetsadibe?

3 Ha Jehova a ne a bopa monna wa pele le mosadi wa pele, o ne a batla hore ba thabe. O ile a ba fa lehae le letle, a ba nyadisa a ba a ba fa mosebetsi o thabisang. Jehova o ne a batla hore ba tlatse lefatshe ka bana ba bona ba be ba etse hore lefatshe lohle e be paradeise jwalo ka serapa sa Edene. O ile a ba fa taelo e le nngwe feela e bonolo mme o ile a ba hlokomedisa hore ha ba ne ba ka kgetha ho se e mamele ba ne ba tla shwa. Re a tseba hore na ho ile ha etsahalang ka mora moo. Ho ile ha fihla lengeloi le kgopo le neng le sa rate Modimo ebile le sa ba rate mme la ba kgelosa hore ba se ke ba mamela Modimo. Ka maswabi, Adama le Eva ba ile ba mamela lengeloi leo le kgopo. Ba ile ba hloleha ho tshepa Ntate wa bona ya neng a ba rata yaba ba etsa sebe. Jwalo ka ha re tseba, mantswe a Jehova a ile a fela a phethahala. Ho tloha letsatsing leo ba entseng sebe ka lona, ba ile ba tlameha ho mamella ditlamorao tsa sebe sa bona. Ba ile ba tsofala yaba qetellong ba a shwa.—Gen. 1:​28, 29; 2:​8, 9, 16-18; 3:​1-6, 17-19, 24; 5:5.

4. Ke hobaneng ha Jehova a hloile sebe? (Baroma 8:​20, 21)

4 Jehova o entse hore tlaleho eo e bohloko e ngolwe ka Bibeleng molemong wa rona. E re thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha a hloile sebe hakana. Sebe se re arohanya le Jehova mme se etsa hore qetellong re shwe. (Esa. 59:2) Ke lona lebaka le etsang hore Satane a se rate hakana. O ile a susumeletsa Adama le Eva hore ba etse sebe mme le hona jwale o tswela pele ho susumeletsa batho ho se etsa. Satane o ne a nahana hore o atlehile ho senya morero wa Modimo ka batho empa o ne a sa utlwisise hore na Jehova o lerato hakae. Ha ho mohla Modimo a ileng a fetola morero wa hae ka bana ba Adama le Eva. Ka ha Jehova o rata batho, hanghang o ile a ba fa tshepo. (Bala Baroma 8:​20, 21.) Jehova o ne a tseba hore ba bang ba bana ba Adama le Eva ba ne ba tla kgetha ho mo rata le ho mo mamela. Ka ha Jehova ke Ntate ebile ke Mmopi wa bona, o ne a tla ba bulela monyetla wa hore ba lokollwe sebeng le hore e be metswalle ya hae. Feela Jehova o ne a tla etsang e le hore dintho tsee kaofela di kgonehe?

5. Jehova o ile a fa baetsadibe tshepo ka lekgetlo la pele neng hona o ile a ba fa yona jwang? (Genese 3:15)

5 Bala Genese 3:15. Jehova o ile a fa baetsadibe tshepo ka lekgetlo la pele ha a ne a ahlola Satane. O ile a bolela esale pele hore ho tla ba le “ngwana” ya neng a tla pholosa batho bohle. Ngwana enwa o ne a tla lokisa mathata ohle ao Satane a neng a a bakile serapeng sa Edene ka hore a mo fedise. (1 Joh. 3:8) Le ha ho le jwalo, ngwana eo o ne a tla feta mathateng a mangata pele. Satane o ne a tla mo hlasela ebe o etsa hore a bolawe, e leng ntho e neng e tla utlwisa Jehova bohloko haholo. Empa Jehova o ne a ikemiseditse ho mamella bohloko boo e le hore batho ba bangata ba pholoswe sebeng le lefung.

BATHO BA BANG BAO BIBELE E BUANG KA BONA BA ILE BA THABISA JEHOVA JWANG?

6. Abele, Noe le batho ba bang ba ratang Jehova ba ile ba etsang hore e be metswalle ya hae?

6 Ha nako e ntse e ya, Jehova o ile a hlakisa hanyane ka hanyane hore na batho ba baetsadibe e ka ba metswalle ya hae jwang. Abele e leng mora wa bobedi wa Adama le Eva, e ne e le yena motho wa pele wa ho bontsha tumelo ho Jehova ka mora mathata a ileng a hlaha Edene. Ka ha Abele o ne a rata Jehova a bile a batla ho mo thabisa le ho ba motswalle wa hae, o ile a mo etsetsa sehlabelo. E ne e le modisa, ka hoo o ile a hlaba tse ding tsa dikonyana tsa hae mme a etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona. Jehova o ile a ikutlwa jwang ka sehlabelo seo? “O ile a amohela Abele le nyehelo ya hae.” (Gen. 4:4) Jehova o ile a amohela le mahlabelo a batho ba bang ba neng ba mo rata le ho mo tshepa ba kang Noe. (Gen. 8:​20, 21) Ha Jehova a ne a amohela mahlabelo ana o ne a bontsha hore batho ba baetsadibe ba ka kgona ho ba metswalle ya hae.b

7. Taba ya hore ebe Abrahama o ne a ikemiseditse ho fana ka mora wa hae e le sehlabelo, e re ruta thuto efe ya bohlokwa?

7 Abrahama o ne a ena le tumelo e matla ho Jehova. Jehova o ile a mo kopa hore a etse ntho e boima haholo. O ile a re a etse sehlabelo ka mora wa hae Isaka. E tlameha ebe Abrahama o ile a utlwa ho etsa jwalo e le ntho e bohloko ka ho fetisisa eo a neng a ka e nahana. Empa o ne a ikemiseditse ho mamela Jehova. Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a mo thiba ha a ne a re o bolaya Isaka. Mohlala oo wa Abrahama o ruta batho bohle ba nang le tumelo ho Jehova thuto ya bohlokwa ka ho fetisisa, ya hore o ne a tla ikemisetsa ho fana ka Mora wa hae eo a mo ratang e le sehlabelo. Na re a bona hore na Jehova o re rata hakaakang?—Gen. 22:​1-18.

8. Mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba a etsa a ne a bontshang? (Levitike 4:​27-29; 17:11)

8 Dilemo ha morao, Modimo o ile a fa Baiseraele Molao o neng o re ba lokela ho etsa mahlabelo ka diphoofolo e le hore ba tshwarelwe dibe. (Bala Levitike 4:​27-29; 17:11.) Mahlabelo ao a ne a bontsha hore Jehova o ne a tla fana ka sehlabelo se molemo le ho feta, se neng se tla lokolla batho ba bangata sebeng ka ho feletseng. Modimo o ile a susumeletsa baprofeta ba hae hore ba ngole ka ngwana ya neng a tla tla. Ba ile ba re ngwana eo, e leng Mora wa Modimo, o ne a tla utlwiswa bohloko a be a bolawe. O ne a tla bolawa jwalo ka nku e neng e tlo etswa sehlabelo. (Esa. 53:​1-12) Nahana feela! Jehova o ne a tlo fana ka Mora wa hae eo a mo ratang e le sehlabelo e le hore a pholose batho bohle sebeng le lefung ho akareletsa le wena.

JESU O ILE A ETSANG HO PHOLOSA BATHO?

9. Johanne Mokolobetsi o ile a reng ka Jesu? (Baheberu 9:22; 10:​1-4, 12)

9 Ka selemo sa 29 mehleng ya Jesu, Johanne Mokolobetsi o ile a bona Jesu wa Nazaretha mme a re: “Bonang konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe.” (Joh. 1:29) Mantswe ana a ne a bontsha hore Jesu ke yena ngwana eo ho ileng ha profetwa kgale hore o ne a tla tla. Jesu o ne a tla fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo molemong wa batho. Ngwana eo Jehova a neng a tshepisitse hore o tla tla o ile a qetella a fihlile mme a fa batho tshepo e tiileng ya hore ba tla lokollwa sebeng ka ho feletseng.—Bala Baheberu 9:22; 10:​1-4, 12.

10. Jesu o ile a bontsha jwang hore o ne a “tletse ho bitsa” baetsadibe?

10 Ka ho kgetheha, Jesu o ne a thusa batho ba neng ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la dibe tsa bona mme o ile a ba mema hore e be balatedi ba hae. O ne a tseba hore sebe ke mohlodi o ka sehloohong wa mathata ohle a batho. Ke ka hoo a neng a thusa banna le basadi bao ho neng ho tsebahala hore ke baetsadibe. O ile a etsa papiso ena: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka.” Yaba o re: “Ke tletse ho bitsa baetsadibe eseng batho ba lokileng.” (Mat. 9:​12, 13) Jesu o ile a fela a etsa jwalo. O ile a ba mosa ho mosadi wa moetsadibe ya neng a mo hlatswa maoto ka meokgo ya hae mme a mo tshwarela dibe. (Luka 7:​37-50) Ha Jesu a kopana le mosadi wa Mosamaria sedibeng, o ile a mo ruta dithuto tsa bohlokwa le hoja a ne a tseba hore o dula le monna eo eseng wa hae. (Joh. 4:​7, 17-19, 25, 26) Modimo o ile a ba a fa Jesu matla a ho fedisa e nngwe ya ditlamorao tse bohloko ka ho fetisisa tsa sebe e leng lefu. Re tseba seo jwang? Jesu o ile a tsosa banna, basadi le bana bafung.—Mat. 11:5.

11. Ke hobaneng ha batho ba neng ba tsejwa e le baetsadibe ba ne ba rata Jesu?

11 Ka nnete ha ho makatse hore ebe esita le batho ba neng ba tsejwa e le baetsadibe ba ne ba rata Jesu. O ne a ikenya dieteng tsa bona ebile a ba bontsha mosa. Ke ka hoo ba neng ba sa tshabe ho bua le yena. (Luka 15:​1, 2) Jesu o ile a babatsa le ho putsa batho ba jwalo hobane ba ile ba bontsha hore ba na le tumelo ho yena. (Luka 19:​1-10) Tsela eo a neng a tshwara batho ka yona e ne e bontsha hantle hore Jehova o mohau. (Joh. 14:9) O ile a bontsha ka mantswe le ka diketso hore Ntate wa hae ya mosa le ya mohau o rata baetsadibe ebile o batla ho thusa e mong le e mong wa bona. Jesu o ile a thusa baetsadibe hore ba batle ho fetola mekgwa ya bona mme e be balatedi ba hae.—Luka 5:​27, 28.

12. Jesu o ile a reng ho barutuwa ba hae ka lefu la hae?

12 Jesu o ne a tseba hore na ho tlo etsahalang ka yena. O ile a bolella barutuwa ba hae ka makgetlo hore o tla rekiswa a be a bolaelwe palong. (Mat. 17:22; 20:​18, 19) O ne a tseba hore ho fana ka bophelo ba hae ho tla tlosa sebe sa lefatshe jwalo ka ha Johanne Mokolobetsi le baprofeta ba bang ba ne ba boletse esale pele. O ile a boela a re ka mora hore a shwe o ne a tla “hulela batho ba ditjhaba tsohle” ho yena. (Joh. 12:32) Batho ba baetsadibe ba ne ba ka thabisa Jehova ka ho amohela Jesu e le Morena wa bona le ka ho mo etsisa. Ha ba ne ba ka etsa jwalo, qetellong ba ne ba tla “lokollwa sebeng.” (Bar. 6:​14, 18, 22; Joh. 8:32) Ka hoo, Jesu o ile a ba sebete mme a ikemisetsa ho shwa lefu leo le sehloho.—Joh. 10:​17, 18.

13. Ho ile ha etsahalang ka Jesu, hona lefu la hae le re rutang ka Jehova Modimo? (Sheba setshwantsho.)

13 Jesu o ile a rekiswa, a tshwarwa, a rohakwa, a senngwa lebitso, a ahlolelwa lefu a ba a hlokofatswa ka sehloho. Masole a ile a mo isa moo a neng a tlo bolaelwa teng a ba a mo kgokgothela palong. Ha Jesu a ntse a etsahallwa ke dintho tsena tse bohloko, Jehova Modimo o ile a utlwa bohloko bo fetang. Le hoja Jehova a ne a ena le matla a ho pholosa Jesu, ha a ka a etsa jwalo. Ke hobaneng ha a ile a tlohela Jesu hore a utlwe bohloko empa a ne a mo rata hakaale? Hobane le rona o a re rata. Jesu o ile a re: “Modimo o ratile lefatshe haholo hoo a ileng a fana ka Mora wa hae ya mong e le hore e mong le e mong ya bontshang hore o dumela ho yena a se ke a timetswa empa a fumane bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16.

Ditshwantsho: 1. Jesu o rwetse korone e entsweng ka meutlwa. 2. Ba mo shapa ka sephadi ba tlameletse matsoho a hae palong. 3. O jere palo eo a tlo bolaelwa ho yona batho ba ntse ba mo shebile. 4. O kgokgothetswe palong dipakeng tsa mashodu a mabedi ha a ntse a rohakwa.

Jehova o ile a etsa ntho e ileng ya mo utlwisa bohloko bo otlang pelo. O ile a tlohela Mora wa hae hore a bolawe e le hore re lopollwe sebeng le lefung (Sheba serapa sa 13)


14. Sehlabelo sa Jesu ke bopaki ba eng?

14 Sehlabelo sa Jesu ke bopaki bo boholo ka ho fetisisa ba hore Jehova o rata bana ba Adama le Eva. Ke bopaki ba hore le wena Jehova o o rata haholo. O ile a etsa ntho e ileng ya mo utlwisa bohloko haholo, a fana ka Mora wa hae eo a mo ratang e le hore a o pholose sebeng le lefung. (1 Joh. 4:​9, 10) Jehova o batla ho re thusa hore re mo sebeletse le hoja re le baetsadibe ebile o ikemiseditse ho fedisa sebe nakong e tlang.

15. Re lokela ho etsang e le hore Jehova Modimo a re tshwarele dibe?

15 Mpho eo Modimo a faneng ka yona e leng sehlabelo sa Mora wa hae, e entse hore re kgone ho tshwarelwa dibe. Empa le rona re lokela ho etsa ho hong e le hore Modimo a re tshwarele. Re lokela ho etsang? Mantswe ao Johanne Mokolobetsi le Jesu Kreste ba ileng ba a bua a fana ka karabo. Ba ile ba re: “Bakang hobane Mmuso wa mahodimo o atametse.” (Mat. 3:​1, 2; 4:17) Re lokela ho baka haeba re batla ho tshwarelwa dibe le ho ba metswalle ya Ntate wa rona ya re ratang. Le ha ho le jwalo, ho baka ho bolelang, hona ho ka re thusa jwang hore re thabise Jehova le hoja re le baetsadibe? Sehloohong se latelang re tla araba dipotso tseo.

O KA RENG?

  • Jehova o ile a fa baetsadibe tshepo efe?

  • Mahlabelo ao Baiseraele ba neng ba a etsa a ne a bontshang?

  • Jesu o ile a etsang ho pholosa batho sebeng?

PINA YA 18 Re a Leboha ka Thekollo

a TLHALOSO: Ka Bibeleng lentswe “sebe” le ka bolela ho etsa dintho tse fosahetseng kapa ho hloleha ho mamela melao ya Jehova ya boitshwaro. Le ka boela la hlalosa boemo boo re leng ho bona ba ho se phethahale kapa ho ba baetsadibe, boo re bo futsitseng ho Adama. Sebe sena seo kaofela re se futsitseng ho Adama ke sona se etsang hore re shwe.

b Nakong e fetileng, Jehova o ile a amohela mahlabelo ao batho ba mo ratang ba ileng ba mo etsetsa wona hobane a ne a tseba hore nakong e tlang, Jesu Kreste o tla tela bophelo ba hae e le sehlabelo hore a pholose batho bohle sebeng le lefung ka ho feletseng.—Bar. 3:25.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share