LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w24 October leq. 31
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Dintlha tse Ding
  • Na o sa Hopola?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
w24 October leq. 31
Setshwantsho se bontshang karolo e ka hodimo le e ka pele ya tempele ya Solomone.

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Foranta ya tempele ya Solomone e ne e phahame hakae?

Foranta e ne e le monyako wa tempele o kenang ka karolong ya Sehalalelo. Ho latela dikgatiso tsa Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang tse lokolotsweng pele ho selemo sa 2023, “foranta e ka pele e ne e le bolelele ba dimithara tse ka bang robong, e lekana le bophara ba ntlo mme bophahamo ba yona e le 120.” (2 Dikron. 3:4) Diphetolelo tse ding le tsona di bontsha hore bophahamo ba foranta ena e ne e le “ditswe tse 120,” e leng bophahamo ba dimithara tse 53!

Le ha ho le jwalo, Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Senyesemane e ntlafaditsweng ya 2023 e re ka foranta ya tempele ya Solomone: “Bophahamo ba yona e ne e le ditswe tse 20” kapa bophahamo ba dimithara tse ka bang robong.a Nahana ka mabaka ana a mmalwa mabapi le ntlafatso ena.

Bophahamo ba foranta ha bo a bolelwa lengolong la 1 Marena 6:3. Temaneng eo, Jeremia o bua ka bolelele kapa bophara le botebo ba foranta, eseng bophahamo ba yona. Kgaolong e latelang, o hlalosa ka ho hlaka dikarolo tse ding tsa tempele, ho akareletsa Tanka e sedikadikwe ya tshepe, diteroli tse leshome le dipilara tse pedi tsa koporo tse neng di le ka pela foranta. (1 Mar. 7:​15-37) Haeba ka nnete foranta e ne e le bophahamo ba dimithara tse fetang 50 mme e feta tempele yohle, ke hobaneng ha Jeremia a sa ka a bua ka bophahamo ba yona? Esita le ka mora dilemo tse makgolo, borahistori ba Bajuda ba ile ba tlaleha hore foranta e ne e sa phahama ho feta tempele yohle ya Solomone.

Ditsebi di a belaela hore mabota a tempele a ne a ka tshehetsa foranta e bophahamo ba ditswe tse 120. Mehleng ya kgale mehaho e phahameng e kang marako a dikeiti tsa tempele e Egepeta, e ne e eba sephara fatshe ebe bophara ba yona bo a fokotseha ho ya hodimo. Empa tempele ya Solomone e ne e fapane. Ditsebi di dumela hore mabota a teng a ne a sa fete botenya ba ditswe tse tsheletseng kapa dimithara tse 2.7. Rahistori wa Meralo Thyodor Busink o ile a re: “Ho latela botenya ba lebota le [monyako wa tempele], foranta e ne e ke ke ya eba bophahamo ba ditswe tse 120.”

E ka nna yaba mantswe a hlahang temaneng ya 2 Dikronike 3:4 a kopiditswe ka tsela e fosahetseng. Le hoja meqolo e meng ya kgale e re “120” temaneng ena, e meng e ka tsheptjwang jwalo ka Codex Alexandrinus e ngotsweng dilemo tse ka bang 1 500 tse fetileng le Codex Ambrosianus e ngotsweng dilemo tse ka bang 1 400 tse fetileng, e re “ditswe tse 20.” Ke hobaneng ha mokopitsi a ne a ka ngola “120” ka phoso? Mantswe “lekgolo” le “ditswe” a ngolwa ka tsela e batlileng e tshwana ka Seheberu. Ka hoo e ka nna yaba mokopitsi o ngotse “lekgolo” ho ena le ho ngola “ditswe.”

Le hoja re leka ka matla ho utlwisisa dintlha tsena le ho bontsha tempele ya Solomone ka tsela e nepahetseng, re amehile haholo ka seo tempele eo e se emetseng e leng tempele e kgolo ya tshwantshetso. Re thaba haholo hore ebe Jehova o memetse bahlanka bohle ba hae hore ba mo rapele tempeleng eo!—Baheb. 9:​11-14; Tshen. 3:12; 7:​9-17.

a Naletsana e bontsha hore “meqolo e meng ya kgale e re ‘120,’ ha e meng le diphetolelo tse ding di re ‘ditswe tse 20.’”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share