DINTHO TSEO O KA DI BATLISISANG
Batho ba Tshepahalang ba Phetha Dikano Tsa Bona
Bala Baahlodi 11:30-40 ho ithuta ka tlaleho ya Jafeta le moradi wa hae e mabapi le ho phetha dikano.
Ithute haholwanyane ka dintlha tse potolohileng taba. Baiseraele ba tshepahalang ba ne ba nka dikano tseo ba di etseditseng Jehova jwang? (Num. 30:2) Jafeta le moradi wa hae ba bontshitse jwang hore ba tshepa Jehova?—Baahl. 11:9-11, 19-24, 36.
Etsa dipatlisiso. Kano eo Jafeta a ileng a e etsa e ne e bolelang? (w16.04 7 ¶12) Jafeta le moradi wa hae ba ile ba tela eng e le hore ba phethe kano eo? (w16.04 7-8 ¶14-16) Bakreste ba etsa kano ya mofuta ofe mehleng ee?—w17.04 5-8 ¶10-19.
Nahana ka dintho tseo o ithutileng tsona. Ipotse:
‘Keng e ka nthusang ho phetha kano eo ke e entseng ha ke ne ke inehela ho Jehova?’ (w20.03 13 ¶20)
‘Nka tela eng hore ke sebeletse Jehova haholwanyane?’
‘Nka etsang hore ke dule ke ikemiseditse ho phetha dikano tsa ka tsa lenyalo?’ (Mat. 19:5, 6; Baef. 5:28-33)