SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10
PINA YA 31 Le Tsamaye le Modimo
Etsisa Tsela eo Jehova le Jesu ba Nahanang ka Yona
“Kreste o ile a utlwa bohloko ha e sa ntse e le motho. Le lona le itokisetse ho nahana jwalo ka Kreste.”—1 PET. 4:1.
NTLHAKGOLO
Re tlo ithuta ka moo moapostola Petrose a ileng a ithuta tseleng eo Jesu a nahanang ka yona le hore na rona re ka nahana jwalo ka Jesu jwang.
1, 2. Ho rata Jehova ho akarelletsa eng, hona Jesu o ile a bontsha seo jwang?
“O RATE Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao wohle, ka matla a hao ohle le ka kelello ya hao yohle.” (Luka 10:27) Jesu o ile a hlakisa hore molao ona e ne e le wa bohlokwa ka ho fetisisa Molaong wa Moshe. Hlokomela hore tsela eo re ratang Jehova ka yona e ama dipelo tsa rona, e leng se akarelletsang dintho tseo re di batlang le tsela eo re ikutlwang ka yona. E boetse e akarelletsa ho inehela ho Jehova ka ho felletseng le ka moo re sebedisang matla a rona ka teng. Le ha ho le jwalo, ho rata Jehova ho boetse ho ama dikelello tsa rona, e leng se akarelletsang tsela eo re nahanang ka yona ka dintho tse itseng. Ke nnete hore re ke ke ra utlwisisa ka ho felletseng tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Empa re ka utlwisisa haholwanyane tsela eo Modimo a nahanang ka yona ka hore re ithute ho “nahana jwalo ka Kreste,” hobane Jesu o bonahatsa ka ho phethahetseng tsela eo Ntate wa hae a nahanang ka yona.—1 Bakor. 2:16.
2 Jesu o ne a rata Jehova ka kelello ya hae yohle. O ne a tseba hore na thato ya Modimo ke efe ka yena mme o ne a ikemiseditse ho etsa dintho tumellanong le yona, le hoja seo se ne se bolela hore o tla utlwa bohloko ka lebaka la ho emela se nepahetseng. Ka ha Jesu o ne a ikemiseditse ho etsa thato ya Ntate wa hae, ha a ka a dumella letho hore le mo sitise ho finyella pakane eo.
3. Moapostola Petrose o ile a ithuta eng ho Jesu, hona o ile a kgothalletsa Bakrestemmoho le yena hore ba etseng? (1 Petrose 4:1)
3 Petrose le baapostola ba bang ba ile ba eba le tokelo ya ho qeta nako le Jesu le ho ithuta ka moo a nahanang ka teng. Ha Petrose a ngola lengolo la hae le qalang le buduletsweng, o ile a kgothalletsa Bakreste hore ba itokisetse ho nahana jwalo ka Kreste. (Bala 1 Petrose 4:1.) Ha Petrose a ne a re: ‘Le lona le itokise,’ o ne a sebedisa lentswe le neng le sebediswa ha masole a itokisetsa ho ya ntweng. Ka hoo, haeba Bakreste ba etsisa tsela eo Jesu a nahanang ka yona, ba tla be ba ena le sebetsa se matla seo ba ka se sebedisang ho lwantsha ditlwaelo tsa ho etsa sebe le ho lwantsha lefatshe lena le laolwang ke Satane.—2 Bakor. 10:3-5; Baef. 6:12.
4. Re tlo ithuta eng sehloohong see?
4 Sehloohong sena re tlo hlahloba tsela eo Jesu a nahanang ka yona mme re bone hore na rona re ka mo etsisa jwang. Re tla bona hore na ke jwang (1) re ka etsisang tsela eo Jehova a nahanang ka yona, e leng se tla re thusa hore kaofela re nahane ka tsela e dumellanang, (2) re ka ikokobetsang le (3) re ka hlaphohelwang dikelellong ka hore re itshetlehe ka Jehova ka thapelo.
ETSISA TSELA EO JEHOVA A NAHANANG KA YONA
5. Ke jwang Petrose a ileng a hloleha ho nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona?
5 Nahana ka ketsahalo e nngwe moo Petrose a sa kang a bonahatsa tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore o tla ya Jerusalema, ho nehelanwe ka yena ho baetapele ba bodumedi, a mamelle tlhokofatso mme ha morao a bolawe. (Mat. 16:21) Petrose o ile a thatafallwa ke ho utlwisisa hore na ke jwang Jehova a ka dumellang hore Jesu a bolawe hobane e ne e le yena Mesia ya tshepisitsweng, hape e ne e le yena ya neng a tla pholosa Baiseraele. (Mat. 16:16) Yaba Petrose o nkela Jesu ka thoko o re ho yena: “Ikgauhele, Morena. Ho hang o ke ke wa etsahallwa ke ntho e tjena.” (Mat. 16:22) Ka ha Petrose ha a ka a nahana jwalo ka Jehova boemong bona, ha ba a ka ba dumellana le Jesu.
6. Ke ka tsela efe Jesu a ileng a bontsha hore o nahana jwalo ka Jehova?
6 Jesu o ne a nahana jwalo ka Ntate wa hae ya lehodimong hantle. Jesu o ile a re ho Petrose: “Tloha Satane! O tshitiso ho nna hobane o nahana menahano ya batho eseng ya Modimo.” (Mat. 16:23) Ho ka etsahala hore sepheo seo Petrose a neng a fa Jesu keletso ka sona se ne se le setle empa Jesu o ile a hana keletso ya Petrose. Ho na le seo re ka ithutang sona moo. Thato ya Jehova e ne e se hore Jesu a phele bophelo ba ho iqenehela. Ketsahalong eo, Petrose o ile a ithuta ntlha ya bohlokwa ya hore a ithute ho nahana ka tsela eo Modimo a nahanang ka yona.
7. Ha morao Petrose o ile a bontsha jwang hore o batla ho nahana jwalo ka Jehova? (Sheba setshwantsho.)
7 Ha morao, Petrose o ile a bontsha hore o ne a batla ho nahana jwalo ka Jehova. Nako e ne e fihlile ya hore Baditjhaba ba sa bollang e be karolo ya batho ba Modimo. Petrose o ile a fuwa kabelo ya hore a rute Moditjhaba ya bitswang Korneliase, e leng e mong wa Baditjhaba ba pele ba ileng ba fetoha Bakreste. Bajuda ba ne ba sa rate ho ikopanya le Baditjhaba, ke ka hoo Petrose a neng a lokela ho lokisa tsela eo a nahanang ka yona e le hore a kgone ho phetha kabelo ya hae. Ha Petrose a hlokomela hore na thato ya Modimo ke efe ka taba ena, o ile a lokisa tsela eo a bonang dintho ka yona. Ke ka hoo ha a ne a romelwa kabelong eo a ileng a ya a “sa tsilatsile.” (Dik. 10:28, 29) O ile a ruta Korneliase le ba lelapa la hae mme ba ile ba kolobetswa.—Dik. 10:21-23, 34, 35, 44-48.
Petrose o kena ka tlung ya Korneliase (Sheba serapa sa 7)
8. Re ka bontsha jwang hore re nahana ka tsela eo Jehova a nahanang ka yona? (1 Petrose 3:8, nal.)
8 Dilemo ha morao, Petrose o ile a kgothalletsa Bakrestemmoho le yena hore ba “nahane ka tsela e tshwanang.” (Bala 1 Petrose 3:8, nal.) Jwalo ka batho ba Jehova, re ka nahana ka tsela e tshwanang ka hore re ithute tsela eo Jehova a nahanang ka yona ka Lentsweng la hae. Ka mohlala, Jesu o ile a kgothalletsa balatedi ba hae hore ba etse hore Mmuso wa Modimo ebe wona o tlang pele bophelong ba bona. (Mat. 6:33) Re ntse re nahanne ka taba ena, mohweletsi phuthehong ya heno a ka etsa qeto ya hore a kenele tshebeletso ya nako e tletseng. Ho ena le ho mo bolella hore a ikgauhele kapa a iqenehele, re lokela hore re bue hantle ka qeto eo a e entseng re be re mo tshehetse.
IKOKOBETSE
9, 10. Jesu o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse haholo?
9 Bosiung ba ho qetela pele Jesu a bolawa, o ile a ruta Petrose le baapostola ba bang thuto ya bohlokwa e amanang le boikokobetso. Pejana hona letsatsing leo, Jesu o ile a romela Petrose le Johanne hore ba yo lokisa dintho bakeng sa hore a tlo ja dijo le bona ka lekgetlo la ho qetela pele a shwa. Ho ka etsahala hore ditlhophiso tseo di ne di akarelletsa ho etsa bonnete ba hore beisine le dithaole di teng e le hore baeti ba ka hlatsuwa maoto pele ba ja. Empa ke mang ya neng a ka etsa mosebetsi oo wa boemo bo tlase ha nako ya teng e fihla?
10 Jesu ke yena ya ileng a phetha mosebetsi ona mme o ile a bontsha hore o ikokobeditse haholo. Baapostola ba hae ba ne ba maketse haholo hobane mosebetsi oo o ne o etswa ke basebeletsi. Jesu o ile a hlobola seaparo sa hae sa ka hodimo, a itlama ka thaole thekeng yaba o tshela metsi ka beisineng ka mora moo a qala ho ba hlatswa maoto. (Joh. 13:4, 5) E tlameha ebe ho mo nkile nako ho hlatswa maoto a baapostola ba 12, ho akarelletsa le a Judase, eo ha morao a neng a tlo rekisa Jesu. Ho ntse ho le jwalo, Jesu o ile a phetha kabelo eo ka boikokobetso. Ka mamello Jesu o ile a ba hlalosetsa a re: “Na le a utlwisisa hore na ke hobaneng ha ke le hlatswitse maoto? Le nepile ha le mpitsa Mosuwe le Morena. Jwale haeba nna Mosuwe le Morena ke le hlatswitse maoto, le lona le tshwanela ho hlatswana maoto.”—Joh. 13:12-14.
Boikokobetso ba nnete bo akarelletsa . . . tsela eo re nkang ba bang ka yona le eo re inkang ka yona
11. Petrose o ile a bontsha jwang hore o ile a ithuta ho ikokobetsa? (1 Petrose 5:5) (Sheba setshwantsho.)
11 Petrose o ile a ithuta boikokobetso ho Jesu. Ka mora hore Jesu a kgutlele lehodimong, Petrose o ile a etsa mohlolo wa hore a fodise monna e mong ya neng a hlahile a holofetse. (Dik. 1:8, 9; 3:2, 6-8) Mohlolo ona o ile wa etsa hore batho ba bangata ba bokanele Petrose. (Dik. 3:11) Na Petrose o ne a tla ithorisa ka lebaka la ketso eo, jwalo ka ha a holetse sebakeng seo batho ba teng ba ratang maemo ebile ba a kgothalletsa? Tjhe. Petrose ka boikokobetso o ile a isa thoriso eo ho batho bao e ba tshwanelang, e leng Jehova le Jesu. O ile a re: “Ka ha re dumela ho [Jesu], monna enwa eo le mo bonang le eo le mo tsebang o fodisitswe ka lebitso la [Jesu].” (Dik. 3:12-16) Ha morao Petrose o ile a ngolla Bakreste ka hore ho hlokahala hore ba ikokobetse. Ha Petrose a ngola temana ena, o ile a sebedisa mantswe a fanang ka mohopolo wa ho apara boikokobetso jwalo ka ha eka ke seaparo. Sena se ka re hopotsa ha Jesu a ne a itlama ka thaole e le hore a kgone ho hlatswa maoto a baapostola ba hae.—Bala 1 Petrose 5:5.
Ka mora hore Petrose a etse mohlolo, ka boikokobetso o isa thoriso ho Jehova le Jesu. Le rona re ka bontsha boikokobetso ka hore re etsetse ba bang dintho tse molemo re sa lebella thoriso kapa ho fuwa ntho e itseng (Sheba serapa sa 11 le 12)
12. Ke jwang re ka tswelang pele ho hlaolela boikokobetso jwalo ka Petrose?
12 Re ka etsisa mohlala wa Petrose wa ho hlaolela boikokobetso. Hopola hore boikokobetso ba nnete ha bo bontshwe feela ka seo re se buang. Mantswe ao Petrose a a sebedisitseng ha a hlalosa boikokobetso, a bontsha hore boikokobetso bo akarelletsa tsela eo re nkang batho ba bang ka yona le eo re inkang ka yona. Re etsetsa batho ba bang dintho tse molemo hobane re ba rata ebile re rata le Jehova, eseng hobane re batla ho roriswa. Haeba re thabela ho sebeletsa Jehova le Bakrestemmoho le rona ka tsela le ha e le efe eo re ka kgonang ka yona ho sa tsotellehe hore na ho na le motho ya re bonang, seo se bontsha hore re ikokobeditse.—Mat. 6:1-4.
O HLAPHOHELWE KELELLONG
13. Hlalosa hore na ho ‘hlaphohelwa kelellong’ ho akarelletsa eng.
13 Ho ‘hlaphohelwa kelellong’ ho akarelletsa eng? (1 Pet. 4:7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Mokreste ya hlaphohetsweng kelellong o etsa sohle seo a ka se kgonang hore a etse diqeto tse nepahetseng tse bontshang tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Mokreste ya jwalo o a tseba hore ha ho na ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ho feta kamano ya hae le Jehova. O etsa dintho ka tsela e itekanetseng, a tseba hore ha a na karabo ya ntho e nngwe le e nngwe. Hape o bontsha hore o itshetlehile ka Jehova ka hore nako le nako a dule a mo rapela ka boikokobetso.
14. Ke jwang ketsahalong e nngwe Petrose a ileng a hloleha ho itshetleha ka Jehova?
14 Bosiung ba ho qetela pele Jesu a shwa, o ile a lemosa barutuwa ba hae a re: “Kaofela ha lona le tla ntahla ka lebaka la ntho e tla nketsahalla bosiung bona.” Petrose o ile a mo araba ka ho itshepa a re: “Le haeba ba bang kaofela ba o lahla ka lebaka la ntho e tla o etsahalla, le ka mohla nke ke ka o lahla.” Bosiung bona boo, Jesu o ile a eletsa ba bang ba barutuwa ba hae a re: “Fadimehang mme le rapele le sa kgaotse.” (Mat. 26:31, 33, 41) Hoja Petrose o ile a mamela keletso eo, a ka be a ile a ba le sebete sa hore a se ke a latola Jesu. Ho ena le hoo, Petrose o ile a latola Monghadi wa hae mme o ile a ikwahlaela seo haholo.—Mat. 26:69-75.
15. Ke jwang Jesu a ileng a tswela pele a hlaphohetswe kelellong bosiung ba ho qetela pele a shwa?
15 Jesu o ile a itshetleha ka ho felletseng ka Jehova. Le hoja a ne a phethahetse, Jesu o ne a dula a rapela. Seo se ile sa mo fa sebete sa hore a etse dintho tumellanong le thato ya Jehova. (Mat. 26:39, 42, 44; Joh. 18:4, 5) Tsela eo Jesu a neng a rapela Modimo ka yona, e tlameha ebe e ile ya ama Petrose bophelo bohle ba hae mme ya mo susumetsa.
16. Petrose o ile a bontsha jwang hore o hlaoletse ho hlaphohelwa kelellong? (1 Petrose 4:7)
16 Ha nako e ntse e ya, Petrose o ile a itshetleha ka Jehova haholwanyane ka ho rapela. Ka mora hore Jesu a tsoswe, o ile a kgodisa Petrose le baapostola ba bang hore ba tla fumana moya o halalelang e le hore ba kgone ho phetha mosebetsi oo ba o filweng wa boboledi. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re ba dule Jerusalema ho fihlela seo se phethahala. (Luka 24:49; Dik. 1:4, 5) Petrose o ile a etsang ha a ntse a emetse nako eo? Yena le Bakrestemmoho le yena “ba ne ba rapela ka mehla.” (Dik. 1:13, 14) Ha morao ha a ngola lengolo la hae la pele, o ile a kgothalletsa Bakrestemmoho le yena hore ba hlaphohelwe kelellong le hore ba itshetlehe ka Jehova ka thapelo. (Bala 1 Petrose 4:7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Petrose o ile a ithuta ho itshetleha ka Jehova mme e ile ya eba pilara ya phutheho.—Bagal. 2:9.
17. Ho sa tsotellehe bokgoni le ha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona, ke eng eo re lokelang ho dula re e etsa? (Sheba setshwantsho.)
17 E le hore re hlaphohelwe kelellong, re lokela ho rapela Jehova ka mehla. Re a hlokomela hore re lokela ho dula re rapela Jehova ho sa tsotellehe bokgoni le ha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona. Ka hoo, re lokela ho dula re rapella tataiso ya Jehova ha re etsa diqeto, haholoholo tsa bohlokwa, re tshepile hore o tseba se molemo bakeng sa rona.
Petrose o ile a ithuta ho itshetleha ka Jehova ka thapelo. Le rona re ka hlaphohelwa kelellong ka hore re rapelle thuso ya Jehova, haholoholo ha re lokela ho etsa diqeto tsa bohlokwa (Sheba serapa sa 17)a
18. Ke jwang re ka lekang ho nahana jwalo ka Jehova?
18 Re a thaba hore ebe Jehova o re bopile ka tsela eo re kgonang ho bontsha makgabane a hae. (Gen. 1:26) Ke nnete hore re ke ke ra kgona ho etsisa Jehova ka tsela e phethahetseng. (Esa. 55:9) Le ha ho le jwalo, jwalo ka Petrose, re ka kgona hore re leke ho nahana jwalo ka Jehova. E se eka re ka tswela pele re etsisa tsela eo Modimo a nahanang ka yona, re ikokobetse le ho hlaphohelwa kelellong.
PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle
a TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona ya batlang mosebetsi o etsa thapelo ka pelong ha a ntse a emetse ho hlahlobelwa mosebetsi.