SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11
PINA YA 57 A re Ruteng Batho Bohle
Bolela ka Tjheseho Jwalo ka Jesu
“Morena . . . a ba roma ka bobedi hore ba mo etelle pele ho ya motseng le motsaneng o mong le o mong oo a neng a tla ya ho wona.”—LUKA 10:1.
NTLHAKGOLO
Re tlo bua ka ditsela tse nne tsa ka moo o ka tjhesehang ka teng ha o le tshimong jwalo ka Jesu.
1. Ke eng e kgethollang bahlanka ba Jehova ho batho ba ipitsang Bakreste?
NTHO e nngwe e kgethollang bahlanka ba Jehova ho batho ba ipitsang Bakreste, ke tsela eo ba tjhesehelanga tshebeletso ya tshimo ka yona. (Tite 2:14) Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding o ka ikutlwa o sa lakatse ho ya tshimong. Mohlomong o ye o ikutlwe jwalo ka moholo e mong ya sebetsang ka thata ya ileng a re: “Ka dinako tse ding ke ye ke utlwe ke sa batle ho ya tshimong.”
2. Ke eng e ka nnang ya etsa o thatafallwe ke ho dula o tjhesehela mosebetsi wa boboledi?
2 Ka dinako tse ding re ka nna ra thabela mefuta e meng ya tshebeletso ho feta ho ya tshimong. Hobaneng? Hobane ha re thusa bana ba bo rona ba hlahetsweng ke dikoduwa, kapa re ba kgothatsa le ha re haha Diholo Tsa Mmuso kapa re di lokisa, re ka nna ra bona ditholwana tsa mosebetsi wa rona hanghang mme ra thabiswa ke seo. Re thabela kgotso eo re bang le yona le lerato leo re le utlwang ha re sebetsa le bana ba bo rona mme re a tseba hore ba ananela sohle seo re ba etsetsang sona. Ka lehlakoreng le leng, e ka nna yaba e se e le dilemo tse ngata jwale re sebetsa tshimo e tshwanang empa e le batho ba fokolang feela ba mamelang molaetsa kapa ebe re kopana le batho ba sa mameleng ho hang. Re boetse re a tseba hore ha bofelo bo ntse bo atamela, batho ha ba na mamela molaetsa wa rona. (Mat. 10:22) Ke eng e ka o thusang hore o dule o tjheseha kapa o eketsa tjheseho ya hao mosebetsing wa boboledi?
3. Re ithuta eng ka Jesu papisong e ho Luka 13:6-9?
3 Mohlala wa Jesu o ka re thusa ho bona hore na ke jwang re ka tjhesehelang mosebetsi wa boboledi. Ha a ka a kgaotsa ho bolela ka tjheseho nakong eo a ntseng a le lefatsheng. Ha e le hantle, o sebeditse ka thata le ho feta ha nako e ntse e ya. (Bala Luka 13:6-9.) Jwalo ka motho ya hlokomelang tshimo ya difate ya ileng a qeta dilemo tse tharo a ntse a hlokomela sefate sa feie empa se sa behe ditholwana, Jesu le yena o qetile dilemo tse ka bang tse tharo a ntse a pakela Bajuda, empa ba bangata ba bona ha e a ka ya eba balatedi ba hae. Le ha ho le jwalo, jwalo ka ha monna ya hlokomelang tshimo ya difate a sa ka a fella sefate sa feie pelo, Jesu le yena ha a ka a tela kapa a hulanya maoto mosebetsing wa boboledi. Ho ena le hoo, o ile a sebetsa ka thata ho pakela Bajuda le ho ba finyella dipelo.
4. Ke dintlha dife tse nne tseo re tlo ithuta tsona mohlaleng wa Jesu?
4 Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na Jesu o ile a bontsha tjheseho jwang, haholoholo nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tsa ho qetela tsa tshebeletso ya hae. Ha re ithuta dinthong tseo a di rutileng ebile re etsa dintho jwalo ka yena, seo se tla re thusa hore le rona re dule re tjheseha kajeno. Re tlo hlahloba dintlha tse nne tse latelang tseo re ka ithutang tsona mohlaleng wa Jesu: (1) O ne a amehile ka ho etsa thato ya Jehova, (2) a utlwisisa boprofeta ba Bibele a bile a etsa dintho tumellanong le bona, (3) a itshetlehile ka Jehova mme (4) a dula a ena le boikutlo bo nepahetseng ba hore ho na le batho ba bang ba ka mo mamelang.
O ILE A AMEHA KA HO ETSA THATO YA JEHOVA
5. Jesu o ile a bontsha jwang hore o ne a amehile ka ho etsa thato ya Modimo?
5 Jesu o ile a bolela ‘molaetsa o monate wa Mmuso’ ka tjheseho hobane o ne a tseba hore ke mosebetsi oo Modimo a neng a batla hore a o etse. (Luka 4:43) Ho bolela ditaba tse monate e ne e le yona ntho e tlang pele bophelong ba Jesu. Le dikgweding tsa ho qetela tsa tshebeletso ya hae, Jesu o ile “a tsamaya metse le metsana” a ntse a ruta batho. (Luka 13:22) Hape o ile a kwetlisa barutuwa ba eketsehileng hore le bona ebe baboledi jwalo ka yena.—Luka 10:1.
6. Mesebetsi e meng eo re e etsetsang Jehova e amana jwang le mosebetsi wa boboledi? (Sheba setshwantsho.)
6 Ho bolela ditaba tse monate e ntse e le wona mosebetsi wa bohlokwa ka ho fetisisa oo Jehova le Jesu ba batlang hore re o etse mehleng ena. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Mosebetsi o mong le o mong oo re o etsetsang Jehova o amana le mosebetsi wa boboledi. Ka mohlala, re haha dibaka tsa borapedi kapa re sebeletsa Bethele ho tshehetsa mosebetsi wa boboledi. Ha ho ena le koduwa ya tlhaho, re thusa bara le baradi ba bo rona e le hore ba ka tswela pele ba etsa dintho tse amanang le borapedi, tse akarelletsang le boboledi. Haeba re hopola ka moo mosebetsi wa boboledi o leng bohlokwa ka teng le hore ke wona o ka sehloohong oo Jehova a batlang hore re o etse, re tla susumelletseha ho bolela ditaba tse monate ka mehla. Morabo rona János, eo e leng moholo naheng ya Hungary, o re: “Ke dula ke ikgopotsa hore ha ho na mosebetsi oo re o etsetsang Jehova o bohlokwa ho feta wa ho bolela ditaba tse monate. Ke ona mosebetsi o ka sehloohong oo re o filweng.”
Ho bolela ditaba tse monate ke mosebetsi o ka sehloohong oo Jehova le Jesu ba batlang hore re o etse mehleng ena (Sheba serapa sa 6)
7. Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re nne re tswele pele ho bolela? (1 Timothea 2:3, 4)
7 Re ka eketsa tjheseho ya rona mosebetsing wa boboledi ka ho nka batho ka tsela eo Jehova a ba nkang ka yona. O batla hore batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ba utlwe ditaba tse monate le hore ba ithute nnete ka yena. (Bala 1 Timothea 2:3, 4.) Ka hoo, o a re kwetlisa hore re ntlafatse tsela eo re rutang molaetsa ona o pholosang bophelo ka yona. Ka mohlala, bukana ya Rata Batho—O ba Etse Barutuwa e fana ka ditlhahiso tse sebetsang tse ka re thusang ho qala moqoqo ka morero wa ho etsa barutuwa. Le haeba batho ba ke ke ba qala ho sebeletsa Jehova hona jwale, ba ka nna ba eba le monyetla wa ho etsa jwalo pele mahlomola a maholo a fela. Dintho tseo re ba bolellang tsona hona jwale, e ka nna yaba tsona tse ba susumetsang hore ba sebeletse Modimo nakong e tlang. Empa seo se tla etsahala ha feela re tswela pele ho bolela.
O ILE A ELA HLOKO BOPROFETA BA BIBELE
8. Ho tseba boprofeta ba Bibele ho thusitse Jesu jwang hore a sebedise nako ya hae hantle?
8 Jesu o ne a utlwisisa hore na boprofeta ba Bibele bo ne bo tla phethahala jwang. O ne a tseba hore tshebeletso ya hae e ne e tla nka dilemo tse tharo le halofo feela. (Dan. 9:26, 27) O ne a boetse a tseba boprofeta bo buang ka hore na o tla shwa neng, hona jwang. (Luka 18:31-34) Jesu o ile a dumella dintho tseo a neng a di tseba hore di mo thuse hore a sebedise nako ya hae hantle. Ka lebaka leo, o ile a bolela ka tjheseho e le hore a qete mosebetsi oo a o filweng.
9. Ke hobaneng ha boprofeta ba Bibele bo re susumelletsa ho bolela ka tjheseho?
9 Ha re utlwisisa boprofeta ba Bibele hantle, re tla susumelletseha ho bolela ka tjheseho. Re a tseba hore lefatshe lena le tla fela haufinyane. Re a hlokomela hore tsela eo batho ba itshwarang ka yona le dintho tse etsahalang hona jwale, di bontsha seo Bibele e se profetileng hore se tla etsahala matsatsing a ho qetela. Hape re a hlokomela hore Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika o lwantshana le Russia le bomphato ba yona mme seo se phethahatsa boprofeta ba hore “nakong ya bofelo” morena wa borwa le morena wa leboya ba tla lwantshana. (Dan. 11:40) Re boetse re a utlwisisa hore Mmuso wa Manyesemane le Maamerika o emela maoto a setshwantsho se hlalositsweng ho Daniele 2:43-45. Re kgodisehile hore jwalo ka ha boprofeta bo bontsha, haufinyane haholo Mmuso wa Modimo o tla silakanya mebuso yohle ya batho. Boprofeta bona kaofela bo bontsha hore re phela matsatsing a ho qetela mme seo se etsa hore re bone ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho bolela ditaba tse monate.
10. Ke ka ditsela dife hape boprofeta ba Bibele bo ka re susumelletsang ho tswela pele re bolela ka tjheseho?
10 Boprofeta ba Bibele bo boetse bo na le molaetsa oo re labalabelang ho o arolelana le batho ba bang. Moradi wa bo rona Carrie, ya dulang Dominican Republic, o re: “Dintho tse thabisang tseo Jehova a re tshepisang tsona ka bokamoso di ntshusumelletsa hore ke di arolelane le ba bang.” O tswela pele ho re: “Ha ke bona mathata ao batho ba tobanang le ona mehleng ena, ke a hlokomela hore ditshepiso tsa Jehova di ka ba tswela molemo le bona.” Boprofeta ba Bibele bo a bontsha hore Jehova o a re thusa mosebetsing wa boboledi mme seo se etsa hore re tjhesehe le ho feta. Moradi wa bo rona Leila ya dulang Hungary, o re: “Esaia 11:6-9 e ntshusumelletsa hore ke bolele ditaba tse monate le ho batho bao ho bonahalang eka ba ke ke ba di amohela. Ke a tseba hore motho e mong le e mong a ka fetoha ka thuso ya Jehova.” Morabo rona Christopher ya dulang Zambia yena o re: “Jwalo ka ha Mareka 13:10 e ile ya bolela esale pele, ditaba tse monate di bolelwa lefatsheng lohle mme ke utlwa e le tlotla hore ebe le nna ke kenya letsoho ho phethahatsa boprofeta bona.” Wena ke boprofeta bofe bo o susumelletsang ho tswela pele o bolela?
O ILE A ITSHETLEHA KA THUSO YA JEHOVA
11. Ke hobaneng ha Jesu a ne a lokela ho itshetleha ka thuso ya Jehova e le hore a ka tswela pele a bolela ka tjheseho? (Luka 12:49, 53)
11 Jesu o ile a itshetleha ka Jehova e le hore a ka tswela pele ho bolela ka tjheseho. Le hoja Jesu a ne a le hlokolosi ha a bolela, o ne a tseba hore ho bolela ditaba tse monate tsa Mmuso ho ne ho tla etsa hore batho ba halefe le ho hanyetsa. (Bala Luka 12:49, 53.) Baetapele ba bodumedi ba ile ba leka ka makgetlo ho bolaya Jesu ka ha ba ne ba sa rate molaetsa oo a neng a o bolela. (Joh. 8:59; 10:31, 39) Empa Jesu o ile a tswela pele a bolela hobane o ne a tseba hore Jehova o na le yena. O ile a re: “Ha ke mong, Ntate ya nthomileng o na le nna. . . . Ha a ntahla hobane ka mehla ke etsa dintho tse mo thabisang.”—Joh. 8:16, 29.
12. Jesu o ile a thusa barutuwa ba hae jwang hore ba dule ba bolela le hoja ba hanyetswa?
12 Jesu o ile a hopotsa barutuwa ba hae hore ba itshetlehe ka Jehova. O ile a ba kgodisa ka makgetlo hore Jehova o tla ba thusa le ha ba tobana le mahloriso. (Mat. 10:18-20; Luka 12:11, 12) Ka hoo, o ile a ba hlokomedisa hore ba lokela ho ba sedi. (Mat. 10:16; Luka 10:3) O ile a re ha batho ba sa batle ho mamela molaetsa wa bona, ba se ke ba ba qobella. (Luka 10:10, 11) Hape o ile a ba bolella hore ha ba hloriswa ba balehe. (Mat. 10:23) Le hoja Jesu a ne a tjheseha a bile a tshepa Jehova, ha a ka a beha bophelo ba hae kotsing ho sa hlokahale.—Joh. 11:53, 54.
13. Ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa?
13 Re hloka thuso ya Jehova e le hore re tswele pele re bolela ka tjheseho ha re hanyetswa mehleng ena. (Tshen. 12:17) Ke hobaneng ha o ka kgodiseha hore Jehova o tla o thusa? Nahana ka thapelo ya Jesu e ho Johanne kgaolo ya 17. Jesu o ile a kopa Jehova hore a sireletse baapostola ba hae mme Jehova o ile a araba thapelo eo. Buka ya Diketso e a bontsha hore na o ile a thusa baapostola jwang hore ba tswele pele ho bolela ho sa tsotellehe mahloriso. Thapelong ya hae, Jesu o ile a boela a kopa Jehova hore a sireletse batho ba bontshang tumelo molaetseng oo baapostola ba o bolelang, ho akarelletsa le wena. Jehova o ntse a tswela pele ho araba thapelo ya Jesu le kajeno. Le wena o tla o thusa jwalo ka ha a ile a thusa baapostola.—Joh. 17:11, 15, 20.
14. Re kgodiswa ke eng hore re tla kgona ho dula re bolela ka tjheseho? (Sheba setshwantsho.)
14 Ha bofelo bo ntse bo atamela, ho ka nna ha eba thata le ho feta hore re bolele ditaba tse monate ka tjheseho, empa re tla fumana thuso eo re e hlokang. (Luka 21:12-15) Jwalo ka Jesu le barutuwa ba hae, ha re qobelle batho ho mamela ebile re qoba ho phehisana kgang le bona. Le nakong eo mosebetsi wa rona o thibetsweng, bara le baradi ba bo rona ba ile ba kgona ho tswela pele ba phatlalatsa ditaba tse monate hobane ba itshetlehile ka thuso ya Jehova, eseng ka matla a bona. Feela jwalo ka ha Jehova a ile a kgona ho fa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng matla ao ba a hlokang, le rona o tla re fa matla ‘e le hore re ka bolela ditaba tse monate ka botlalo,’ e leng seo a se batlang. (2 Tim. 4:17) Kgodiseha hore ha o itshetleha ka Jehova, o tla kgona ho tswela pele o bolela ka tjheseho.
Le ha mosebetsi wa rona o thibetswe, ka bohlale bahweletsi ba tjhesehang ba bolella batho ba bang ditaba tse monate (Sheba serapa sa 14)b
O ILE A DULA A ENA LE BOIKUTLO BO NEPAHETSENG
15. Ke eng e bontshang hore Jesu o ne a ena le boikutlo bo nepahetseng ka mosebetsi wa boboledi?
15 Jesu o ne a dula a kgothetse ha a etsa mosebetsi wa boboledi. Seo se ile sa mo thusa hore a dule a o tjhesehela. Ka mohlala, ho ya qetellong ya selemo sa 30, Jesu o ile a hlokomela hore batho ba bangata ba ikemiseditse ho mamela mme o ile a ba tshwantsha le tshimo e seng e loketse ho kotulwa. (Joh. 4:35) O ile a re ho barutuwa ba hae: “Kotulo e kgolo.” (Mat. 9:37, 38) Ha morao o ile a boela a hatisa taba eo a re: “Kotulo e kgolo . . . Le kope Monga kotulo hore a romele basebetsi kotulong ya hae.” (Luka 10:2) Jesu o ne a dula a kgodisehile hore ho tla ba le batho ba tla mamela ditaba tse monate, mme o ne a thaba ha ba etsa jwalo.—Luka 10:21.
16. Dipapiso tseo Jesu a di entseng di re thusa jwang ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka mosebetsi wa boboledi? (Luka 13:18-21) (Sheba setshwantsho.)
16 Jesu o ile a thusa barutuwa ba hae hore ba dule ba tjheseha ka ho ba hopotsa hore molaetsa oo ba o bolelang o tla thusa batho. Ka mohlala, nahana ka dipapiso tse pedi tseo a ileng a di etsa. (Bala Luka 13:18-21.) Jesu o ile a sebedisa peo ya mosetareta ho hlalosa hore molaetsa wa Mmuso o tla hola ka tsela e hlollang, o amohelwe ke batho ba bangata mme ha ho na ntho e ka o sitisang. Papisong e nngwe o ile a sebedisa tomoso ho bontsha hore molaetsa wa Mmuso o tla tsebahala lefatsheng lohle mme o etse hore batho ba etse diphetoho tseo batho ba bang ba ka nnang ba se ke ba di bona hanghang. Ka hona, Jesu o ile a thusa barutuwa ba hae ho bona hore molaetsa oo ba o bolelang o ne o tla atleha e le ka nnete.
Jwalo ka Jesu, re dula re ena le tshepo ya hore batho ba tla re mamela ha re le mosebetsing wa boboledi (Sheba serapa sa 16)
17. Re na le mabaka afe a ho tswela pele re ntse re bolela?
17 Ha re nahana ka seo mosebetsi wa boboledi o se finyellang lefatsheng lohle, re susumelletseha ho tswela pele re bolela ka tjheseho. Selemo le selemo, batho ba dimilione ba thahasellang ba tla Sehopotsong ba be ba ithute Bibele le rona. Batho ba dikete tse makgolo ba a kolobetswa mme ba kopanela le rona mosebetsing wa boboledi. Ha re tsebe hore na ke batho ba bakae bao e leng hona ba tla mamela molaetsa wa rona, empa re a tseba hore Jehova o ntse a bokella bongata bo boholo, bo tla pholoha mahlomola a maholo a tlang. (Tshen. 7:9, 14) Monga kotulo o kgodisehile hore batho ba bangata ba ntse ba tla amohela ditaba tse monate. Ka hoo, re tla tswela pele re ntse re bolela.
18. Re batla hore batho ba hlokomele eng ka rona?
18 Haesale barutuwa ba Jesu ba tsebahala ka ho bolela ka tjheseho. Ha batho ba bona ka moo baapostola ba neng ba le sebete ka teng, ba ile “ba hlokomela hore ba ne ba tlwaetse ho tsamaya le Jesu.” (Dik. 4:13) Ha batho ba re bona re le tshimong, e se eka ba ka hlokomela hore le rona re susumeditswe ke mohlala wa Jesu wa ho tjheseha.
PINA YA 58 A re Batleng Metswalle ya Kgotso
a TLHALOSO: Sehloohong sena, “ho tjheseha” ho bolela tsela eo Bakreste ba sebeletsang Jehova ka mafolofolo le ka tabatabelo ka yona.
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ka bohlale, morabo rona o pakela ntate e mong ha ba ntse ba tshela peterole.