LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 March maq. 20-25
  • Tswela Pele ho Tsamaya ka Tumelo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tswela Pele ho Tsamaya ka Tumelo
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • HA O KGETHA MOSEBETSI
  • HA O KGETHA MOLEKANE
  • HA RE FUMANA TATAISO E TSWANG MOKGATLONG
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Leka ho Dula o Ena le Maikutlo a Nepahetseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Etsa Diqeto Tse Thabisang Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 March maq. 20-25

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 12

PINA YA 119 Re Lokela ho ba le Tumelo

Tswela Pele ho Tsamaya ka Tumelo

“Re tsamaya ka tumelo, eseng ka pono.”—2 BAKOR. 5:​7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

NTLHAKGOLO

Ka moo re ka tswelang pele ho tsamaya ka tumelo ka teng ha re etsa diqeto tsa bohlokwa.

1. Ke hobaneng ha moapostola Pauluse a ne a kgotsofetse ha a ne a hetla morao a sheba tsela eo a phetseng ka yona?

HO NA le nako eo moapostola Pauluse a neng a tseba hore o tlo bolawa haufinyane. Empa o ile a kgotsofatswa ke tsela eo a phetseng bophelo ba hae ka yona. Ha a hetla morao, o ile a re: “Ke mathile peiso ho fihlela qetellong ebile ke bolokile tumelo ya nnete.” (2 Tim. 4:​6-8) Pauluse o ile a etsa diqeto tse nepahetseng tshebeletsong ya hae mme o ne a kgodisehile hore o ne a thabisitse Jehova. Le rona re batla ho etsa diqeto tse nepahetseng e le hore Modimo a re amohele. Re ka etsa seo jwang?

2. Ho tsamaya ka tumelo ho bolelang?

2 Ha Pauluse a bua ka yena le Bakreste ba bang ba tshepahalang, o ile a re: “Re tsamaya ka tumelo, eseng ka pono.” (2 Bakor. 5:​7, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) O ne a bolelang? Ka Bibeleng, ka dinako tse ding polelwana “ho tsamaya” e ka bolela tsela eo motho a kgethang ho phela ka yona. Ha motho a tsamaya ka pono feela, o etsa diqeto a itshetlehile feela ka seo a se bonang, a se utlwang le ka tsela eo a ikutlwang ka yona. Ka lehlakoreng le leng, ha motho a tsamaya ka tumelo, o etsa diqeto a itshetlehile ka tshepo eo a nang le yona ho Jehova Modimo. Diketso tsa hae di bontsha hore o kgodisehile hore Modimo o tla mo putsa le hore ho mamela keletso ya Jehova e hlahang ka Lentsweng la hae, ho tla mo tswela molemo.—Pes. 119:66; Baheb. 11:6.

3. Re fumana melemo efe ha re tsamaya ka tumelo? (2 Bakorinthe 4:18)

3 Ke nnete hore kaofela ha rona re etsa diqeto re itshetlehile ka hore na re bonang, re utlwang le hore na re ikutlwa jwang. Le ha ho le jwalo, re ka ba le mathata ha re ka etsa diqeto tsa bohlokwa re itshetlehile feela ka dintho tseo re di bonang kapa re di utlwang. Hobaneng? Ka dinako tse ding, dintho tseo re di bonang le tseo re di utlwang di ka re thetsa. Le haeba di ke ke tsa re thetsa, haeba re tsamaya ka pono feela re ka qetella re se re iphapanyetsa thato ya Modimo kapa keletso ya hae. (Moek. 11:9; Mat. 24:​37-39) Le ha ho le jwalo, ha re tsamaya ka tumelo, re ipeha monyetleng o motle wa ho etsa diqeto “tse kgahlisang Morena.” (Baef. 5:10) Ha re mamela keletso e tswang ho Modimo, re tla thaba e le ka nnete mme re be le kgotso. (Pes. 16:​8, 9; Esa. 48:​17, 18) Hape, ha re tswela pele ho tsamaya ka tumelo, re tla phela ka ho sa feleng.—Bala 2 Bakorinthe 4:18.

4. Motho a ka tseba jwang hore o tsamaya ka tumelo kapa ka pono?

4 Re ka tseba jwang hore na re tsamaya ka tumelo kapa ka pono? E le hore o tsebe, o ka ipotsa dipotso tsena: Ke tataiswa ke eng ha ke etsa diqeto? Na ke tataiswa feela ke dintho tseo ke di bonang kapa ke tataiswa ke dikeletso tsa Jehova? A re bueng ka hore na re ka tswela pele re tsamaya ka tumelo jwang dikarolong tsena tse tharo: Ha o kgetha mosebetsi, ha o kgetha molekane le ha o fuwa tataiso e tswang mokgatlong. Karolong ka nngwe, re tla bua ka dintho tseo re lokelang ho nahana ka tsona e le hore re etse diqeto tse nepahetseng.

HA O KGETHA MOSEBETSI

5. Ke eng eo re lokelang ho nahana ka yona ha re kgetha mosebetsi?

5 Kaofela ha rona re batla ho itlhokomela le ho hlokomela ba malapa a rona ka dintho tseo ba di hlokang. (Moek. 7:12; 1 Tim. 5:8) Mesebetsi e meng e patala haholo. E ka thusa motho hore a kwahele ditlhoko tsa hae tsa letsatsi le letsatsi a be a behe ho hong ka thoko bakeng sa kamoso. Mesebetsi e meng yona, e patala tjhelete e lekaneng feela ho kwahela ditlhoko tsa lelapa tsa mantlha. Ho hlakile hore pele re kgetha mosebetsi, re tla nahana ka hore na re tla kgola bokae. Le ha ho le jwalo, haeba motho a amehile ka mokgolo feela ha a kgetha mosebetsi, o tla be a tsamaya ka pono feela.

6. Re ka bontsha jwang hore re tsamaya ka tumelo ha re kgetha mosebetsi? (Baheberu 13:5)

6 Haeba re tsamaya ka tumelo, re tla nahana ka moo mosebetsi oo re o kgethang o tla ama setswalle sa rona le Jehova ka teng. Ipotse: ‘Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke etse dintho tseo Jehova a di hloileng?’ (Diprov. 6:​16-19) ‘Na o tla ntshitisa ho sebeletsa Jehova kapa mohlomong o tla etsa hore ke qete nako e ngata ke le hole le ba lelapa?’ (Bafil. 1:10) Haeba karabo ya hao ke e, ho ka ba bohlale hore o se ke wa amohela mosebetsi oo, le haeba ho le thata ho fumana mosebetsi. Ka ha re tsamaya ka tumelo, re etsa diqeto tse bontshang hore re kgodisehile hore Jehova o tla re hlokomela ka tsela e itseng ka dintho tseo re di hlokang.—Mat. 6:33; bala Baheberu 13:5.

7, 8. Morabo rona e mong ya dulang Amerika Borwa o ile a tsamaya ka tumelo jwang? (Sheba setshwantsho.)

7 Hlokomela ka moo Morabo rona Javier,a ya dulang Amerika Borwa, a ileng a bontsha bohlokwa ba ho tsamaya ka tumelo ka teng. O re: “Ke ile ka etsa kopo ya mosebetsi oo ke neng ke o rata haholo ebile o ka mpatala mokgolo o imenneng habedi ha o bapiswa le oo ke neng ke o kgola.” Le ha ho le jwalo, Javier o ne a ena le takatso e matla ya ho ba pulamadiboho. O tswela pele ho re: “Ke ile ka yo hlahlobelwa mosebetsi oo. Pele ke hlahlojwa, ke ile ka kopa Jehova hore a nthuse, ke kgodisehile hore o ne a tseba se molemo bakeng sa ka. Ke ne ke batla ho nyollwa mosebetsing, empa ke ne ke sa batle mosebetsi o tla ntshitisa ho etsetsa Jehova ho eketsehileng.”

8 Javier o re: “Ha mookamedi a ntse a ntlhahloba, o ile a mpolella hore ke tla sebetsa ka mora dihora tsa mosebetsi hangata. Ke ile ka bua le yena ka bonolo, ka mo jwetsa hore nke ke ka kgona ka lebaka la borapedi ba ka.” Ka hoo, Javier ha a ka a amohela mosebetsi oo. Ka mora dibeke tse pedi, e ile ya eba pulamadiboho. Ha morao selemong sona seo, o ile a fumana mosebetsi o mo dumellang hore a sebetse ka matsatsi a itseng. O re: “Jehova o ile a utlwa thapelo ya ka mme a mpha mosebetsi o tla nthusa hore ke dule ke le pulamadiboho. Ke thabile haholo hore ebe ke na le mosebetsi o ntumellang ho ba le nako e ngata ya ho sebeletsa Jehova le Bakrestemmoho.”

Morabo rona o tshwere lekarapa ebile o apere diaparo tsa mosebetsi mme mookamedi wa hae o mo isa ofising eo ho se nang motho ya sebeletsang ka ho yona. Mookamedi o batla ho mo nyolla mosebetsing.

Haeba o nyollwa mosebetsing, na qeto ya hao e tla bontsha hore o kgodisehile hore Jehova o tseba se molemo bakeng sa hao? (Sheba serapa sa 7 le 8)


9. O ithutang ho se etsahalletseng Morabo rona Trésor?

9 Re tla etsang haeba mosebetsi oo re o etsang o sa re dumelle hore re tsamaye ka tumelo? Nahana ka Morabo rona Trésor ya dulang Congo. O re: “Ke ile ka fumana mosebetsi wa ditoro tsa ka. Ke ne ke kgola tjhelete e imenneng hararo ha e bapiswa le ya mosebetsi oo ke neng ke o etsa pele, mme batho ba ne ba ntlhompha haholo.” Le ha ho le jwalo, Morabo rona Trésor o ne a atisa ho ba siyo dibokeng ka lebaka la ho sebetsa ka mora dihora tsa mosebetsi. O ne a bile a hatellwa hore a pate bobodu bo etsahalang mosebetsing. O ne a batla ho tlohela mosebetsi empa o ne a tshwenyehile ka hore ha a sa tla fumana mosebetsi o mong. O ile a thuswa ke eng? O re: “Habakuke 3:​17-19 e ile ya nthusa ho utlwisisa hore le ha nka lahlehelwa ke mosebetsi, Jehova o tla ntlhokomela ka tsela e itseng. Ka hoo, ke ile ka tlohela mosebetsi.” Qetellong o re: “Bahiri ba bangata ba nahana hore motho a ka tela ntho e nngwe le e nngwe, ho akarelletsa nako eo a e qetang le lelapa la hae le ya borapedi ba hae hore feela a kgole tjhelete e ngata. Ke thabile hobane ke sireleditse kamano ya ka le Jehova ha mmoho le lelapa la ka. Ka mora selemo, Jehova o ile a nthusa hore ke fumane mosebetsi o tsitsitseng o tla ntumella hore ke phele bophelo bo itekanetseng ke be ke be le nako ya ho mo sebeletsa. Ha re etsa hore ho sebeletsa Jehova e be ntho ya bohlokwa haholo, re ka nna ra hula ka thata ditjheleteng empa Jehova o tla re hlokomela.” Ha e le hantle, haeba re tshepa dikeletso tsa Jehova le ditshepiso tsa hae, re tla tswela pele re tsamaya ka tumelo mme o tla re hlohonolofatsa.

HA O KGETHA MOLEKANE

10. Ke eng e ka etsang hore re tsamaye ka pono ha re kgetha molekane?

10 Lenyalo ke mpho e tswang ho Jehova mme ho tlwaelehile hore motho a batle ho ba le molekane. Ha moradi wa bo rona a nahana ka motho ya tla mo nyala, a ka nna a nahana ka hore na o shebahala jwang, ke motho ya jwang, batho ba reng ka yena, na o na le tjhelete, na o na le boikarabelo ba ho hlokomela lelapa le hore na o etsa hore a ikutlwe jwang.b Dintho tsena ke tsa bohlokwa kaofela. Empa haeba a nahana ka dintho tsena feela, e ka nna yaba o tla be a tsamaya ka pono.

11. Re ka tsamaya ka tumelo jwang ha re kgetha molekane? (1 Bakorinthe 7:39)

11 E tlameha ebe Jehova o motlotlo haholo ka bara le baradi ba bo rona ba mamelang keletso ya hae ha ba kgetha molekane. Ka mohlala, ba sebedisa keletso e hlahang ka hara Bibele e bontshang hore motho o lokela hore a be a hodile mmeleng le kelellong pele a ka nahana ka ho kena lenyalong. (1 Bakor. 7:36) Ha ba kgetha molekane, ba kgetha ya nang le makgabane ao Jehova a reng monna kapa mosadi wa sebele o lokela ho ba le ona. (Diprov. 31:​10-13, 26-28; Baef. 5:33; 1 Tim. 5:8) Ha motho eo eseng Mokreste a ba bontsha thahasello, ba mamela keletso e reng ba nyale ‘feela molatedi wa Morena,’ e hlahang ho 1 Bakorinthe 7:39. (E bale.) Ba dula ba tsamaya ka tumelo, ba kgodisehile hore Jehova o tla ba hlokomela maikutlong ha molemo ho feta motho le ha e le ofe.—Pes. 55:22.

12. O ithuta eng mohlaleng wa Moradi wa bo rona Rosa?

12 Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Rosa eo e leng pulamadiboho ya dulang Colombia. Mohlankana ya neng a sebetsa le yena o ne a mo rata empa e se Paki. Rosa le yena o ne a mo rata. O re: “O ne a bonahala e le motho ya hantle. O ne a thusa batho ba dulang sebakeng sa habo, a sa tsube, a sa sebedise dithethefatsi ebile a sa nwe haholo. Ke ne ke rata tsela eo a ntshwarang ka yona. O ne a ena le makgabane ohle ao ke a batlang ho molekane, ntle le hore e ne e se Paki.” O tswela pele ho re: “Ho ne ho le thata ho mo hana. Ka nako eo, ke ne ke jewa ke bodutu mme ke batla ho nyalwa empa ke eso fumane motho eo e leng Paki.” Le ha ho le jwalo, Rosa ha a ka a nahana feela ka seo a se bonang. O ile a nahanisisa ka hore na ho ratana le mohlankana eo ho ne ho tla ama setswalle sa hae le Jehova jwang. Ka hoo, o ile a kgaotsa ho buisana le monna eo, yaba o phathahana ka ho sebeletsa Jehova. Ho eso ye kae, o ile a memelwa Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso mme hona jwale ke pulamadiboho e kgethehileng. Rosa o re: “Ke thabile hona hoo hobane Jehova o ntlhohonolofaditse haholo.” Le hoja ho ka nna ha se ke ha eba bonolo ho tsamaya ka tumelo ditabeng tse amanang le maikutlo, ho etsa jwalo ho dula ho re tswela molemo.

HA RE FUMANA TATAISO E TSWANG MOKGATLONG

13. Ke eng e ka etsang hore re tsamaye ka pono ha re fumana tataiso e tswang mokgatlong?

13 Hangata re fumana tataiso e tswang mokgatlong e re thusang ho sebeletsa Jehova. Tataiso eo re e fumana ho tswa ho baholo, balebedi ba potoloho, ofisi ya lekala kapa Sehlopha se Busang. Empa ho thweng haeba ka dinako tse ding re sa utlwisise hore na ke hobaneng ha re fuwe tataiso eo? Re ka nna ra nahana feela ka hore na tataiso eo e ka nna ya re bakela mathata afe. Re ka nna ra boela ra sheba mefokolo ya bara ba bo rona ba faneng ka tataiso eo.

14. Ke eng e tla re thusa ho tsamaya ka tumelo ha re fumana tataiso e tswang mokgatlong? (Baheberu 13:17)

14 Ha re tsamaya ka tumelo, re tla be re bontsha hore re a tshepa hore Jehova ke yena ya tataisang mokgatlo wa hae ebile o tseba maemo a rona. Ka hoo, re mamela hanghang ebile e le ka pelo yohle. (Bala Baheberu 13:17.) Re a hlokomela hore ho mamela ha rona ho etsa hore phutheho e momahane. (Baef. 4:​2, 3) Re na le tshepo ya hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ha re mamela bara ba bo rona ba etellang pele, le hoja ba sa phethahala. (1 Sam. 15:22) Ka nako e loketseng, Jehova o tla etsa diphetoho tse hlokahalang.—Mik. 7:7.

15, 16. Ke eng e ileng ya thusa morabo rona e mong ho tsamaya ka tumelo le hoja a ne a belaella tataiso e neng e fanwe? (Sheba setshwantsho.)

15 Nahana ka pale e bontshang melemo ya ho tsamaya ka tumelo. Le hoja ho buuwa Sepanishe haholo Peru, batho ba bangata ba bua dipuo tsa moo. E nngwe ya tsona ke Sequechua. E se e le dilemo jwale bara le baradi ba bo rona ba buang Sequechua ba batla batho ba buang Sequechua tshimong ya bona. Le ha ho le jwalo, ho ile ha etswa diphetoho tseleng eo ho bolelwang ditaba tse monate ka yona, ele hore bara ba bo rona ba mamele ditaelo tsa mmuso. (Bar. 13:1) Ka lebaka leo, batho ba bang ba ne ba ipotsa hore na seo se ne se ke ke sa sitisa mosebetsi wa tshimo na. Kaha bana ba bo rona ba ile ba mamela, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona ba ho fumana batho ba buang Sequechua.

16 Morabo rona Kevin eo e leng moholo phuthehong ya Sequechua, e ne e le e mong wa ba neng ba tshwenyehile. O re: “Ke ne ke ipotsa hore na re tlo fumana batho ba buang Sequechua jwang.” O ile a etsang? O re: “Ke ile ka hopola Diproverbia 3:5 yaba ke nahana ka Moshe. O ne a lokela ho tataisa Baiseraele ho tswa Egepeta ho ya Lewatleng le Lefubedu, e leng ntho e neng e bonahala e sa utlwahale hobane ho ne ho bonahala eka ba ke ke ba kgona ho baleha Baegepeta ba neng ba ba lelekisa. Le ha ho le jwalo, Moshe o ile a mamela mme Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka tsela e hlollang.” (Ex. 14:​1, 2, 9-11, 21, 22) Sena se ile sa etsa hore Kevin a ikemisetse ho fetola mokgwa wa ho bolela. Phello e bile efe? O re: “Ke ne ke sa kgolwe tsela eo Jehova a ileng a re hlohonolofatsa ka yona. Pele re ne re tsamaya nako e telele tshimong pele re ka fumana motho a le mong kapa ba babedi ba buang Sequechua. Hona jwale re se re ya tshimong eo ho nang le batho ba bangata ba buang Sequechua. Ka hoo, re kgona ho qoqa le batho ba bangata, hape re na le dipoelo le dithuto tse ngata. Ho se ho bile ho ena le batho ba bangata ba tlang dibokeng.” Ka nnete Jehova o dula a re hlohonolofatsa ha re tsamaya ka tumelo.

Monna ya buang Sequechua o bua le banyalani ba Dipaki tshimong. O ba bontsha ha motho e mong.

Batho ba bangata ba ile ba bolella bana ba bo rona hore na ba ka fumana batho ba buang Sequechua hokae (Sheba serapa sa 15 le 16)


17. O ithutile eng sehloohong see?

17 Re hlahlobile hore na re ka tswela pele ho tsamaya ka tumelo jwang dikarolong tse tharo tsa bohlokwa. Empa re lokela ho tswela pele re tsamaya ka tumelo dikarolong tsohle tsa bophelo ba rona, dinthong tse kang ho kgetha boithabiso kapa boikgathollo, ha re etsa qeto ya hore na re tla fella kae ka thuto kapa re tla hodisa bana ba rona jwang. Ho sa tsotellehe diqeto tseo re lokelang ho di etsa, re lokela ho nahana ka setswalle sa rona le Jehova, ka keletso ya hae le hore o tshepisa ho re hlokomela, ho ena le ho nahana feela ka dintho tseo re di bonang. Haeba re etsa jwalo, re tla kgona ho “tsamaya ka lebitso la Jehova Modimo wa rona . . . ka ho sa feleng.”—Mik. 4:​5, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.

O KA TSAMAYA KA TUMELO JWANG . . .

  • ha o kgetha mosebetsi?

  • ha o kgetha molekane?

  • ha o fumana tataiso e tswang mokgatlong?

PINA YA 156 Ka Tumelo

a Mabitso a mang a fetotswe.

b Serapa sena se bua ka moradi wa bo rona ya ntseng a batla molekane. Dikeletso tsena di ntse di sebetsa le ho morabo rona ya batlang molekane.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share