SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 13
PINA YA 4 “Jehova ke Modisa wa Ka”
Le ka Mohla Letsoho la Jehova ha le Lekgutshwanyane
“Na letsoho la Jehova le lekgutshwanyane?”—NUM. 11:23, nal.
NTLHAKGOLO
Sehlooho sena se tlo re thusa ho tshepa hore Jehova o tla re thusa ka ditlhoko tsa rona le ho tiisa tshepo eo re seng re ntse re ena le yona.
1. Moshe o ile a bontsha jwang hore o tshepa Jehova ha a ne a etella Baiseraele pele ho ba ntsha Egepeta?
HARA mehlala ya batho ba nang le tumelo bao ho buuwang ka bona lengolong la Baheberu, Moshe ke e mong wa batho ba ileng ba bontsha tumelo e babatsehang. (Baheb. 3:2-5; 11:23-25) O ile a bontsha tumelo ha a ne a ntsha Baiseraele Egepeta. Ha a ka a tshoswa ke Faro le lebotho la hae. Ka lebaka la ho tshepa Jehova, Moshe o ile a kgona ho tataisa setjhaba hore se fete Lewatleng le Lefubedu mme ha morao a se thusa hore se fete lefeelleng. (Baheb. 11:27-29) Baiseraele ba bangata ba ile ba kgaotsa ho tshepa bokgoni ba Jehova ba ho ba hlokomela empa Moshe o ile a tswela pele ho tshepa Modimo wa hae. Moshe o ne a sa etsa phoso ka ho bontsha tumelo ho Modimo hobane Modimo o ile a fana ka metsi le dijo ka mohlolo e le hore batho ba tswele pele ba phela lefeelleng leo le omelletseng.a—Ex. 15:22-25; Pes. 78:23-25.
2. Ke hobaneng ha Modimo a ile a botsa Moshe a re: “Na letsoho la Jehova le lekgutshwanyane”? (Numere 11:21-23, nal)
2 Le hoja Moshe a ne a ena le tumelo e matla, hoo e ka bang selemo ha morao ka mora hore Jehova a ntshe Baiseraele ka mohlolo Egepeta, ha a ka a tshepa hore Jehova o na le bokgoni ba ho fa batho ba hae nama. Moshe o ne a bona eka ho ke ke ha kgoneha hore Jehova a fane ka nama e lekaneng ho kgotsofatsa batho bao ba dimilione lefeelleng. Jehova o ile a botsa Moshe, a re: “Na letsoho la Jehova le lekgutshwanyane?” (Bala Numere 11:21-23, nal.) Mona ha ho thwe “letsoho la Jehova,” ho buuwa ka moya wa Modimo o halalelang kapa matla a hae a sebetsang. Ha e le hantle, Jehova o ne a botsa Moshe, a re: ‘Na o nahana hore ke tla hloleha ho etsa ntho eo ke reng ke tla e etsa?’
3. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa ho nahana ka se ileng sa etsahalla Moshe le Baiseraele?
3 Na o kile wa ipotsa hore na Jehova o tla o hlokomela le ba lelapa la hao ka ditlhoko tsa lona? Ebang o kile wa ipotsa kapa tjhe, a re hlahlobeng se ileng sa etsahalla Moshe le Baiseraele ba ileng ba hloleha ho tshepa bokgoni ba Modimo ba hore o tla ba hlokomela. Re tlo bua ka melaomotheo e tlo re thusa ho tshepa hore letsoho la Jehova le ka mohla ha le lekgutshwanyane.
ITHUTE HO SE ILENG SA ETSAHALLA MOSHE LE BAISERAELE
4. E ka nna yaba keng e ileng ya etsa hore batho ba bangata ba belaelle bokgoni ba Jehova ba hore o tla ba hlokomela ka ditlhoko tsa bona?
4 A re nahaneng ka dintlha tse potolohileng taba ena. Setjhaba sa Baiseraele le “sehlopha se seholo se tswakaneng” sa batho bao eseng Baiseraele, se ne se qetile nako e itseng se le lefeelleng le leholo ha se tswa Egepeta se ya Naheng e Tshepisitsweng. (Ex. 12:38; Deut. 8:15) Sehlopha sena sa batho ba tswakaneng, se ne se kgathetse ke ho ja manna mme le Baiseraele ba bangata ba ne ba ikutlwa jwalo. Ka hoo, le bona ba ile ba qalella ho tletleba. (Num. 11:4-6) Batho ba ile ba qala ho lakatsa dijo tseo ba neng ba di ja Egepeta. Ka ha ba ile ba beha Moshe tlasa kgatello, o ile a qala ho nahana hore ke yena ya lokelang ho ba fa dintho tseo ba di hlokang.—Num. 11:13, 14.
5, 6. Re ka ithutang tseleng eo sehlopha se tswakaneng se ileng sa susumetsa Baiseraele ka yona?
5 Ho bonahala eka Baiseraele ba ile ba angwa ke ho hloka kananelo ho ileng ha bontshwa ke sehlopha seo se tswakaneng. Le rona re ka angwa ke moya wa ho hloka kananelo oo batho ba lefatshe lena ba nang le wona mme ra qetella re sa kgotsofalle dintho tseo Jehova a re fang tsona. Seo se ka re etsahalla haeba re lakatsa ho ba le dintho tseo re kileng ra eba le tsona kapa re monela ba bang ka dintho tseo ba nang le tsona. Le ha ho le jwalo, re tla thaba haeba re lwanela ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona, ho sa tsotellehe maemo a rona.
6 Baiseraele ba ka be ba ile ba hopola hore Modimo o ba tiiseditse hore ha ba fihla lehaeng la bona le letjha, ba tla thabela dintho tse ngata tseo a tla ba fa tsona. Tshepiso eo e ne e tla phethahala ha ba fihla Naheng e Tshepisitsweng, eseng ha ba ntse ba tsamaya lefeelleng. Ka tsela e tshwanang, ho ena le hore re nahane haholo ka dintho tseo re se nang tsona lefatsheng lena, re lokela ho nahana ka dintho tseo Jehova a re tshepisang ho re o tla re fa tsona lefatsheng le letjha. Re ka boela ra thuisa ka mangolo a re thusang hore re tshepe Jehova haholwanyane.
7. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore letsoho la Jehova ha le lekgutshwanyane?
7 O ka nna wa ipotsa hore na ke hobaneng ha Modimo a ile a botsa Moshe, a re: “Na letsoho la Jehova le lekgutshwanyane?” Jehova o ne a sa thuse Moshe ho nahana feela ka moo letsoho la hae le leng matla ka teng, empa o ne a boetse a mo thusa hore a bone ka moo le leng le lelelele ka teng. Modimo o ne a ka kgona ho fa Baiseraele nama e ngata haholo ho sa tsotellehe hore na ba hole hakae. Modimo o ile a bontsha matla a hae “ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng.” (Pes. 136:11, 12, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang) Ka hoo ha re le tlasa teko, ha re a lokela ho belaella hore letsoho la Jehova le tla fihla le moo re leng teng.—Pes. 138:6, 7.
8. Re ka qoba ho etsa phoso e tshwanang le eo batho ba bangata lefeelleng ba ileng ba e etsa jwang? (Sheba setshwantsho.)
8 Ka mora nako e sa fediseng pelo, Jehova o ile a fa batho nama e ngata ya dikwekwe. Le ha ho le jwalo, Baiseraele ha ba a ka ba leboha Modimo ka mohlolo ona. Ho ena le hoo, ba ile ba qetwa ke meharo. Ba ile ba sebetsa bosiu le motshehare ba phutha nama e ngata ya dikwekwe ka hohle ka moo ba ka kgonang. Jehova o ile a halefela setjhaba seo se meharo yaba o se fa kotlo. (Num. 11:31-34) Re ithuta eng mohlaleng oo? Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra wela lerabeng la ho ba meharo. Ebang re barui kapa re bafutsana, ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re lokelang ho e etsa ke ho ‘ipolokela matlotlo lehodimong’ ka hore re lwanele ho ba metswalle e haufi ya Jehova le Jesu. (Mat. 6:19, 20; Luka 16:9) Ha re etsa jwalo, re ka kgodiseha hore Jehova o tla re hlokomela.
Batho ba bangata ba ile ba itshwara jwang lefeelleng, hona re ithutang ho seo? (Sheba serapa sa 8)
9. Re ka kgodiseha ka eng?
9 Jehova o otlolla letsoho la hae e le hore a thuse batho ba hae mehleng ena. Le ha ho jwalo, sena ha se bolele hore ha ho mohla re tla lahlehelwa ke dintho tseo re nang le tsona kapa re lape.b Empa Jehova a ke ke a re lahla. O tla re thusa ha re ntse re tobana le diteko tse fapaneng. Re tla bona bonnete ba taba ena ka ho hlahloba maemo a mabedi ao ho ona re ka bontshang hore re a tshepa hore Jehova o tla otlolla letsoho la hae e le hore a re hlokomele ka dintho tseo re di hlokang, (1) ha re ena le mathata a ditjhelete le (2) ha re rera hore na re tla itlhokomela jwang nakong e tlang.
O KA SEBETSANA JWANG LE MATHATA A DITJHELETE?
10. Ke mathata afe a ditjhelete ao re ka nnang ra tobana le ona?
10 Ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela, re ka lebella hore maemo a moruo a tla ba mabe le ho feta. Maemo a sa tsitsang a dipolotiki, dintwa, dikoduwa tsa tlhaho, mafu a sewa a matjha a ka etsa hore re iphumane re sebedisitse tjhelete ka tsela eo re neng re sa e nahana, re lahlehetswe ke mosebetsi, thepa ya rona kapa matlo a rona. Re ka nna ra lokela ho batla mosebetsi moo re dulang teng kapa ra fallela sebakeng se seng le ba lelapa la rona e le hore re kgone ho ba hlokomela. Ke eng e ka re thusang hore re etse diqeto ka tsela e bontshang hore re tshepa letsoho la Jehova?
11. Ke eng e ka o thusang ho sebetsana le mathata a ditjhelete? (Luka 12:29-31)
11 Mohato wa pele le o ka sehloohong ke ho bolella Jehova dintho tse o tshwenyang. (Diprov. 16:3) Mo kope bohlale ba ho etsa diqeto tse nepahetseng le ho dula o kgobile matshwafo e le hore o se ke wa “tshwenyeha ho sa hlokahale” ka boemo ba hao. (Bala Luka 12:29-31.) Mo kope ka tiyo hore a o thuse ho kgotsofalla dintho tsa motheo tseo o nang le tsona. (1 Tim. 6:7, 8) Etsa dipatlisiso dingolweng tsa rona e le hore o ka bona hore na o ka sebetsana le mathata a ditjhelete jwang ka katleho. Batho ba bangata ba ruile molemo dintlheng tse hlahang ho jw.org tse buang ka taba ya ho sebetsana le mathata a moruo.
12. Ke dipotso dife tse ka thusang Mokreste ho etsa qeto e nepahetseng bakeng sa lelapa la hae?
12 Batho ba bang ba ile ba lekeha hore ba amohele mosebetsi o tla etsa hore ba siye malapa a bona, mme hangata ho bonahetse hore qeto eo e bowatla. Pele o amohela mosebetsi, o se ke wa nahana feela ka hore na o tla fumana tjhelete e kae, empa o nahane le ka hore na wena le lelapa la hao le tla lahlehelwa hakae moyeng. (Luka 14:28) Ipotse: ‘Lenyalo la ka le tla ameha jwang haeba ke fumana mosebetsi hole mme ke siya molekane wa ka? Na ke tla kgona ho ya dibokeng tsohle, tshebeletsong ya tshimo le ho qeta nako le Bakrestemmoho le nna?’ Haeba o na le bana, o boetse o lokela ho ipotsa potso ena ya bohlokwa: ‘Ke tla hodisa bana ba ka jwang “ka ho ba kgalemela le ho ba tataisa ka tsela eo Jehova a e batlang” haeba ke sa dule le bona?’ (Baef. 6:4) Dumella monahano wa Modimo hore e be wona o o tataisang, eseng wa lelapa kapa metswalle e sa hlompheng melaomotheo ya Mangolo.c Morabo rona Tony, ya dulang ka bophirimela ho Asia, o ile a lekeha ho amohela mesebetsi e mmalwa e patalang tjhelete e ngata naheng e nngwe. Le ha ho le jwalo, ka mora ho rapella taba ena le ho buisana ka yona le mosadi wa hae, o ile a etsa qeto ya ho se amohele mesebetsi eo. Ho ena le hoo, ba ile ba leka ho fokotsa ditjeho tsa lelapa. Hona jwale, Tony o re: “Ke bile le tokelo ya ho thusa batho ba mmalwa hore ba tsebe Jehova mme le bana ba rona ba tjhesehela nnete. Nna le ba lelapa la ka re ithutile hore ha feela re ntse re phela ka mantswe a hlahang ho Matheu 6:33, Jehova o tla nne a re hlokomele.”
HA RE RERA HORE NA RE TLA ITLHOKOMELA JWANG NAKONG E TLANG
13. Ke mehato efe eo re ka e nkang hona jwale e tla re thusa ho kwala ditlhoko tsa rona ha re se re tsofetse?
13 Tsela eo re tshepang letsoho la Jehova ka yona e ka lekwa ha re nahana ka boemo boo re ka nnang ra ba ho bona ha re tsofala. Bibele e re kgothalletsa hore re sebetse ka thata e le hore re ka kgona ho itlhokomela ka dintho tseo re tla di hloka nakong e tlang. (Diprov. 6:6-11) Ke ntho e utlwahalang hore ha maemo a dumela, o ipehele ho hong bakeng sa kamoso. Ke nnete hore tjhelete e ka re sireletsa ho isa boholeng bo itseng. (Moek. 7:12) Le ha ho le jwalo, re lokela ho qoba ho ameha ka ho ipokelletsa ka maruo a mangata, hoo e qetellang e le yona ntho ya bohlokwa bophelong ba rona.
14. Ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka Baheberu 13:5 ha re ntse re itokisa bakeng sa ditlhoko tsa rona tsa nakong e tlang?
14 Jesu o ile a etsa papiso ya motho ya bowatla ya ipokellang tjhelete e ngata “empa mahlong a Modimo e le mofutsana.” (Luka 12:16-21) Nnete ke hore tsa hosane ha di tsejwe. (Diprov. 23:4, 5; Jak. 4:13-15) Ka ha re balatedi ba Kreste, re tobana le teko e ikgethang. Jesu o ile a re re lokela ho ikemisetsa ho ‘tela’ dintho tsohle tsa rona e le hore re be balatedi ba hae. (Luka 14:33, nal.) Le hoja Bakreste ba Judea mehleng ya baapostola ba ile ba lahlehelwa ke dintho tsohle tseo ba neng ba ena le tsona, ba ile ba dula ba thabile. (Baheb. 10:34) Mehleng ena, bana ba bo rona ba bangata ba tetse maruo a bona kapa mesebetsi ya bona ka lebaka la ho se kenelle dipolotiking. (Tshen. 13:16, 17) Ba thusitswe ke eng? Ke kgodiseho e tiileng eo ba nang le yona tshepisong ena ya Jehova e reng: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.” (Bala Baheberu 13:5.) Re sebetsa ka thata ho itokisa bakeng sa ditlhoko tsa rona tsa nakong e tlang, empa haeba re hlahelwa ke maemo a sa lebellwang, re tshepa hore Jehova o tla re tshehetsa.
15. Batswadi ba lokela ho ba le tekatekano jwang ha ba etsa qeto ya ho ba le bana? (Sheba setshwantsho.)
15 Ditsong tse ding, banyalani ba ba le bana e le hore feela bana bao ba tle ba ba hlokomele ka tjhelete ha ba se ba tsofetse. Ha banyalani ba etsa jwalo, ba etsa bana ba bona jwalo ka ha eka ke letsete leo ba ipoloketseng lona bankeng leo ba tla le sebedisa ha ba se ba tsofetse. Bibele e re batswadi ke bona ba lokelang ho thusa bana ka ditlhoko tsa bona. (2 Bakor. 12:14) Ke nnete hore batswadi ha ba ntse ba tsofala, ho na le dintho tseo ba ka hlokang thuso ka tsona, mme bana ba bangata ba thabela ho thusa batswadi ba bona ka ditlhoko tse jwalo. (1 Tim. 5:4) Empa batswadi ba Bakreste ba a hlokomela hore ntho e ka sehloohong e ba thabisang ke ho thusa bana ba bona hore ba sebeletse Jehova, eseng ho ba hodisa ba nahanne hore ba tla ba thusa ka ditjhelete ha morao.—3 Joh. 4.
Banyalani ba Bakreste ba tshepang Jehova ba nahana ka melaomotheo ya Bibele ha ba etsa diqeto ka bokamoso ba bona. (Sheba serapa sa 15)d
16. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba tle ba kgone ho itlhokomela ha ba se ba le baholo? (Baefese 4:28)
16 Ha o ntse o ruta bana ba hao hore na ba ka iphedisa jwang, ba behele mohlala o motle o bontshang hore o tshepa Jehova. Ho tloha ha ba sa le banyenyane feela, ba rute bohlokwa ba ho sebetsa ka thata. (Diprov. 29:21; bala Baefese 4:28.) Ha ba ntse ba hola, ba thuse ho sebetsa ka thata sekolong. Batswadi ba Bakreste ba tla be ba etsa hantle ha ba etsa dipatlisiso ebile ba sebedisa melaomotheo ya Bibele ho thusa bana ba bona hore na ke jwang ba ka sebedisang thuto eo ba nang le yona ka bohlale. Sena se tla thusa bana ba bona hore ba iphedise le hore ba tle ba fumane monyetla wa ho eketsa tshebeletso ya bona.
17. Re ka kgodiseha ka eng?
17 Bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba ka tshepa bokgoni ba hae le ho tseba hore o labalabela ho ba thusa ka ditlhoko tsa bona. Ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela, re ka lebella hore tumelo ya rona ho Jehova e lekwe. Le ha ho le jwalo, ho re na ho etsahalang, a re ikemisetseng ho tshepa hore Jehova o tla sebedisa matla a hae ho re thusa ka ditlhoko tsa rona. Re ka kgodiseha hore letsoho la hae le matla le le otlolohileng le ke ke la eba lekgutshwanyane hoo le ka hlolehang ho fihla ho rona.
PINA YA 150 Batlang Modimo e le Hore le Lopollwe
a Sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Tora ya ho Lebela ya October 2023.
b Sheba “Dipotso Tse Tswang ho Babadi” ho Molula-Qhooa wa September 15, 2014.
c Sheba sehlooho see reng “Ha ho ea ka Sebeletsang Benghali ba Babeli” ho Molula-Qhooa wa April 15, 2014.
d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Banyalani ba tshepang Jehova ba buisana le moradi wa bona le monna wa hae ka video ha ba ntse ba sebetsa projekeng ya ho haha Holo ya Mmuso.