SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14
PINA YA 8 Jehova ke Setshabelo sa Rona
“Le Ikgethele . . . eo le Tla mo Sebeletsa”
“Ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”—JOSH. 24:15.
NTLHAKGOLO
Ho re hopotsa mabaka ao re ileng ra kgetha ho sebeletsa Jehova ka ona.
1. Re lokela ho etsa eng e le hore re fumane thabo ya sebele, hona hobaneng? (Esaia 48:17, 18)
NTATE wa rona ya lehodimong o re rata haholo mme o batla hore re thabele bophelo hona jwale le nakong e tlang. (Moek. 3:12, 13) O re bopile re ena le ditalenta tse babatsehang empa ha a re fa bokgoni ba hore re atlehe ha re ipusa kapa ha re ipehela hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. (Moek. 8:9; Jer. 10:23) O a tseba hore e le hore re fumane thabo ya sebele, re lokela ho mo sebeletsa le ho phela ka melao ya hae.—Bala Esaia 48:17, 18.
2. Satane o batla hore re dumele eng, hona Jehova o ile a araba qoso eo ya leshano jwang?
2 Satane o batla hore re dumele hore re ka thaba ka ntle ho Jehova le hore batho ba ka atleha ha ba ipusa. (Gen. 3:4, 5) Jehova o ile a araba qoso eo ya leshano ka hore a dumelle batho ba marabele hore ba ipuse ka nakwana. Ha ho hlokahale hore re be re shebe hole ho bona ditlamorao tse bohloko tsa puso ya motho. Ka lehlakoreng le leng, Mangolo a na le mehlala e mengata ya banna le basadi ba ileng ba phela bophelo bo kgotsofatsang ha ba sebeletsa Jehova. Jesu Kreste ke yena ya di hulang pele ho bona. A re qaleng pele ka ho sheba mabaka a entseng hore a kgethe ho sebeletsa Jehova. Re tla boela re hlahlobe hore na ke hobaneng ha Ntate wa rona ya lehodimong a tshwanelwa ke borapedi ba rona. Qetellong re tla hlahloba a mang a mabaka a etsang hore re kgethe ho sebeletsa Jehova.
MABAKA A ENTSENG HORE JESU A KGETHE HO SEBELETSA JEHOVA
3. Satane o ile a tshepisa Jesu eng, hona Jesu o ile a kgetha ho etsang?
3 Ha Jesu a le lefatsheng, o ile a tlameha ho kgetha hore na o tla sebeletsa mang. Nakwana ka mora hore Jesu a kolobetswe, Satane o ile a mo tshepisa hore a ka mo fa mebuso yohle ya lefatshe ha a ka mo etsetsa ketso e le nngwe feela ya borapedi. Jesu o ile a mo araba ka ho re: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’” (Mat. 4:8-10) Ke hobaneng ha Jesu a ile a kgetha ho etsa jwalo? A re hlahlobeng a mang a mabaka.
4, 5. Mabaka a mang a entseng hore Jesu a kgethe ho sebeletsa Jehova ke afe?
4 Lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jesu a kgethe ho sebeletsa Jehova ke hobane a mo rata haholo. (Joh. 14:31) Ho feta moo, Jesu o sebeletsa Jehova hobane ke yona ntho e nepahetseng. (Joh. 8:28, 29; Tshen. 4:11) O a tseba hore Jehova ke Mohlodi wa bophelo le hore o a tshepahala ebile o seatla se bulehileng. (Pes. 33:4; 36:9; Jak. 1:17) Haesale Jehova a bolella Jesu nnete ebile ke yena ya mo fileng ntho e nngwe le e nngwe eo a nang le yona. (Joh. 1:14) Ka lehlakoreng le leng, Satane yena o bakile lefu. Ke raleshano ya susumetswang ke meharo le boithati. (Joh. 8:44) Ho tseba dintlha tsena, ho entse hore le ka mohla Jesu a se ke a batla ho etsisa Satane ka ho fetohela Jehova.—Bafil. 2:5-8.
5 Lebaka le leng le ileng la etsa hore Jesu a kgethe ho sebeletsa Jehova ke hore o ne a labalabela ho bona ditholwana tsa ho sebeletsa Jehova ka botshepehi. (Baheb. 12:2) O ne a tseba hore ha a ka dula a tshepahala, o ne a tla halaletsa lebitso la Ntate wa hae le ho etsa hore sebe le lefu di se ke tsa hlola di eba teng.
KE HOBANENG HA JEHOVA A TSHWANELWA KE BORAPEDI BA RONA?
6, 7. Ke hobaneng ha batho ba bangata mehleng ee ba sa sebeletse Jehova, empa ke hobaneng ha a tshwanelwa ke borapedi ba rona?
6 Batho ba bangata mehleng ena ha ba sebeletse Jehova hobane ha ba eso ka ba tseba makgabane a hae a babatsehang le dintho tsohle tseo a ba etseditseng tsona. Le batho ba Athene bao moapostola Pauluse a ileng a ba bolella ditaba tse monate ba ne ba le boemong bo tshwanang.—Dik. 17:19, 20, 30, 34.
7 Pauluse o ile a hlalosetsa batho ba Athene hore Modimo wa nnete “o fa batho bohle bophelo, phefumoloho le dintho tsohle.” O ile a boela a re: “Ke ka yena re phelang, re sisinyehang mme re leng teng.” Modimo ke Mmopi ya ‘entseng hore ditjhaba tsohle di tswe ho motho a le mong,’ ka hoo o tshwanelwa ke borapedi ba rona.—Dik. 17:25, 26, 28.
8. Ke eng eo Jehova a ke keng a e etsa? Hlalosa.
8 Jehova o ne a ka qobella batho hore ba mo sebeletse jwalo ka ha e le Mmopi le Mmusi wa Bokahohle. Le ha ho le jwalo, Jehova a ke ke a etsa jwalo. Ho ena le hoo, o re fa bopaki ba hore o teng le hore o rata e mong le e mong wa rona haholo. O batla hore batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang e be metswalle ya hae ka ho sa feleng. (1 Tim. 2:3, 4) E le hore seo se tle se etsahale, Jehova o re kwetliseditse hore re rute batho ba bang ka merero ya hae le hore re ba bolelle ka dintho tse molemo tseo a tla di etsetsa batho. (Mat. 10:11-13; 28:19, 20) O hlophisitse hore re be le diphutheho tseo re mo rapelang ho tsona le ho re fa baholo ba lerato hore ba re hlokomele.—Dik. 20:28.
9. Ke bopaki bofe bo bontshang hore Jehova o a re rata?
9 Lerato la Jehova le hlollang le bonahala tseleng eo a tshwarang batho ba kgethang ho iphapanyetsa boteng ba hae ka yona. Nahana ka taba ena: Ho theosa le dilemo, haesale batho ba dibilione ba ipehela ditekanyetso tsa se fosahetseng le se nepahetseng. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ba bontshitse mosa ka hore a ba fe dintho tseo ba di hlokang hore ba nne ba phele le hore ba thabele bophelo. (Mat. 5:44, 45; Dik. 14:16, 17) O ba file bokgoni ba ho etsa setswalle, ho ba le malapa, ho hodisa bana le ho fumana moputso wa ho sebetsa ka thata. (Pes. 127:3; Moek. 2:24) Bopaki bona bo bontsha ka ho hlaka hore Ntate wa rona ya lehodimong o rata batho bohle. (Ex. 34:6) A re ikgopotseng a mang a mabaka a hore na ke hobaneng ha re kgetha ho sebeletsa Jehova le hore na o re hlohonolofatsa jwang ha re etsa jwalo.
KE HOBANENG HA RE KGETHA HO SEBELETSA JEHOVA?
10. (a) Lebaka le ka sehloohong leo re sebeletsang Jehova ka lona ke lefe? (Matheu 22:37) (b) O ruile molemo jwang mamellong ya Jehova? (Pesaleme ya 103:13, 14)
10 Jwalo ka Jesu, lebaka la rona le ka sehloohong la ho sebeletsa Jehova ke hobane re mo rata haholo. (Bala Matheu 22:37.) Re ikutlwa re le haufi le Jehova ha re ithuta ka makgabane a hae. Ka mohlala, nahana ka mamello eo Jehova a re bontshang yona. Ha Baiseraele ba ne ba sa mo mamele, o ile a ba kopa ka tiyo a re: “Ke kopa le furalle ditsela tsa lona tse mpe.” (Jer. 18:11) Jehova o a hopola hore re lerole. (Bala Pesaleme ya 103:13, 14.) Ha o thuisa ka mamello ya Jehova le makgabane a hae a mang a babatsehang, na ha o susumelletsehe ho mo sebeletsa ka ho sa feleng?
11. Ke mabaka afe a mang ao ka ona re kgethang ho sebeletsa Ntate wa rona ya lehodimong?
11 Re boetse re susumelletseha ho sebeletsa Jehova hobane ke ntho e nepahetseng. (Mat. 4:10) Ho feta moo, re a tseba hore na ha re sebeletsa Jehova ka botshepehi re tla finyella eng. Ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ho etsa hore lebitso la hae le halaletswe, ho thabisa pelo ya hae le ho paka hore Diabolose o leshano. Hape haeba re kgetha ho sebeletsa Jehova hona jwale, re tla ba le tshepo ya ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—Joh. 17:3.
12, 13. Re ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Jane le Moradi wa bo rona Pam?
12 Re ka kgona ho rata Jehova haholo le ha re ntse re le banyane, mme lerato leo le ka matlafala le ho feta ha re ntse re hola. Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Jane le Moradi wa bo rona Pam,a bao e leng bana ba motho. Ha ba ne ba qala ho ithuta Bibele, Jane o ne a le dilemo di 11, Pam a le dilemo di leshome. Le hoja batswadi ba bona ba ne ba sa thahaselle ho ithuta, ba ile ba dumella Jane le Pam hore ba ithute le Dipaki ha feela ba ne ba ka ya kerekeng le bona mafelobeke. Jane o re: “Dintho tseo Dipaki di nthutileng tsona ho tswa ka Bibeleng, di nthusitse hore ke hlole kgatello ya dithaka ya ho sebedisa dithethefatsi le ho etsa thobalano.”
13 Ka mora dilemo tse mmalwa, banana bao ka bobedi e ile ya eba bahweletsi. Ha morao, e ile ya eba bo pulamadiboho ha ka nako e tshwanang ba ntse ba hlokomela batswadi ba bona ba hodileng. Ha Moradi wa bo rona Jane a bua ka dintho tseo ba fetileng ho tsona, o re: “Ke ile ka iponela ka bonna hore ka botshepehi Jehova o hlokomela metswalle ya hae le hore ‘o tseba batho ba hae,’ jwalo ka ha 2 Timothea 2:19 e bontsha.” Ho hlakile hore Jehova o hlokomela batho ba kgethang ho mo rata le ho mo sebeletsa.
14. Dipuo le diketso tsa rona di ka bontsha jwang hore re batla ho tlosa thohako lebitsong la Jehova? (Sheba ditshwantsho.)
14 Re batla ho kenya letsoho ho tlosa thohako lebitsong la Jehova. Ka mohlala, a re nke hore motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo o mosa, o a fana ebile o a tshwarela. Ka le leng, o utlwa motho e mong a qosa motswalle wa hao ka hore o kgopo ebile ha a tshepahale. O tla etsang? O tla mo buella. Ka ho tshwanang, ha Satane le batho ba tlasa tshusumetso ya hae ba leka ho senya botumo ba Jehova ka ho hasa mashano ka yena, re buella Jehova ka ho bolella batho nnete ka yena mme re sireletsa lebitso la hae ka tjheseho. (Pes. 34:1; Esa. 43:10) Re bontsha ka dipuo le ka diketso hore re batla ho sebeletsa Jehova ka dipelo tsohle tsa rona.
Na o tla kenya letsoho ho sireletsa lebitso la Jehova? (Sheba serapa sa 14)b
15. Moapostola Pauluse o ile a rua molemo jwang ka ho fetola dipakane tsa hae? (Bafilipi 3:7, 8)
15 Re ikemiseditse ho fetola dipakane tsa rona bophelong e le hore re ka sebeletsa Jehova haholwanyane kapa ka tsela eo a e amohelang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a kgetha ho tela boemo ba hae bo phahameng setjhabeng e le hore a latele Kreste le ho sebeletsa Jehova. (Bagal. 1:14) Ka lebaka leo, o ile a phela bophelo bo kgotsofatsang a ba a fumana monyetla wa ho busa le Kreste lehodimong. Ha a ka a ikwahlaela qeto ya ho sebeletsa Jehova mme le rona re ke ke ra ikwahlaya.—Bala Bafilipi 3:7, 8.
16. Re ithuta eng mohlaleng wa Moradi wa bo rona Julia? (Sheba ditshwantsho.)
16 Haeba re etsa hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba rona, re tla phela bophelo bo kgotsofatsang hona jwale le nakong e tlang. Nahana ka mohlala wa Moradi wa bo rona Julia. Pele a ithuta nnete, o ne a binela khwaere ya kereke ho tloha a sa le monyenyane. Setsebi sa mmino wa opera se ile sa hlokomela hore o na le talenta yaba se qala ho mo kwetlisa. Ho eso ye kae, Julia o ile a tuma ka ho tseba ho bina mme o ne a bina diholong tse tummeng. Ha a ntse a kena sekolo sa mmino se tummeng, ngwana ya kenang le yena ka tlelaseng o ile a bua le yena ka Modimo, a mo hlalosetsa hore o na le lebitso e leng Jehova. Le pele ho feta nako e telele, Julia o ile a qala ho ithuta Bibele habedi ka beke. Qetellong, o ile a etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova ho ena le ho ba sebini. Qeto eo e ne e se bonolo. O re: “Batho ba bangata ba ne ba re ke bapala ka talenta ya ka, empa ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova ka ho felletseng.” Kajeno o ikutlwa jwang ka qeto eo a ileng a e etsa dilemong tse fetang 30 tse fetileng? O re: “Ke na le kgotso ya kelello ebile ke na le tshepo ya hore Jehova o tla mpha dintho tsohle tseo ke di batlang nakong e tlang.”—Pes. 145:16.
Ha ho sebeletsa Jehova e le yona ntho e tlang pele bophelong ba rona, re tla phela bophelo bo kgotsofatsang e le ka nnete (Sheba serapa sa 16)c
TSWELA PELE O SEBELETSA JEHOVA
17. Taba ya hore re phela lefatsheng le haufi le ho fela, e ama batho ba seng ba entse qeto ya ho sebeletsa Modimo le ba eso e etse jwang?
17 Re phela lefatsheng le haufi le ho fela. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho setse ‘nako e sa fediseng pelo,’ ‘ya tlang o tla fihla mme a ke ke a dieha.’” (Baheb. 10:37) See se bolela eng? Se bolela hore nako ya hore batho ba kgethe ho sebeletsa Jehova e fokotsehile. (1 Bakor. 7:29) Hape haeba re se re entse qeto ya ho sebeletsa Modimo, re a tseba hore le hoja re tla kopana le diteko, e tla ba ka “nako e sa fediseng pelo.”
18. Jesu le Jehova ba batla hore re etse eng?
18 Jesu o ile a kgothalletsa batho hore e be barutuwa ba hae le hore ba nne ba mo latele. (Mat. 16:24) Ka hoo, haeba re se re ena le dilemo tse ngata re sebeletsa Jehova, e se eka re ke ke ra tela. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re tswele pele ho phelela qeto eo re ileng ra e etsa ya ho sebeletsa Jehova. Ho ka nna ha se ke ha eba bonolo, empa re tla thaba re be re fumane ditlhohonolofatso le hona jwale.—Pes. 35:27.
19. Re ithuta eng mohlaleng wa Morabo rona Gene?
19 Batho ba bang ba utlwa eka ho sebeletsa Jehova ho ntho di ngata. Haeba o motjha, na o utlwa eka o a fetwa ka lebaka la ho sebeletsa Jehova? Morabo rona e mong ya motjha ya bitswang Gene o re: “Ke ne ke utlwa eka ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova ho etsa hore ke utlwe eka ke teronkong. Ho ne ho bonahala eka bana ba bangata bao ke hotseng le bona ba thabela dintho tse kang ho ya diphathing, ho ratana le ho bapala dipapadi tse mabifi tsa divideo, ha nna ke qeta nako ya ka ke ya dibokeng le tshimong.” Ho nahana ka tsela ye ho ile ha ama Gene jwang? O re: “Ke ile ka qala ho phela bophelo bo habedi mme qalong ho ne ho le monate. Empa monate oo e ne e le wa nakwana. Ke ile ka qala ho nahana ka dinnete tsa Bibele tseo ke ileng ka kgetha ho se di mamele yaba ke etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova ka pelo ya ka yohle. Ho tloha ka nako eo, ho bonahala Jehova a arabetse thapelo e nngwe le e nngwe eo ke ileng ka e etsa.”
20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsang?
20 Mopesaleme o ile a binela Jehova a re: “Ho thaba motho eo o mo kgethang ebile o mo atametsa hore a dule mabaleng a hao.” (Pes. 65:4) E se eka le rona re ka dula re ena le boikemisetso bo tshwanang le ba Joshua ha a re: “Ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”—Josh. 24:15.
PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova
a Mabitso a mang a fetotswe.
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ka mora hore mme e mong a utlwe mantswe a bahanyetsi ba rona ka ntle ho sebaka sa kopano, o atamela teroli mme o utlwa mantswe a nnete.
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Pontsho ya se etsahetseng ha Julia a kgetha ho sebeletsa Jehova.