LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 April maq. 8-13
  • ‘Ho Atamela ho Modimo ho re Tswela Molemo’

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • ‘Ho Atamela ho Modimo ho re Tswela Molemo’
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • “HO ATAMELA HO MODIMO” HO A RE THABISA
  • “HO ATAMELA HO MODIMO” HO ETSA HORE RE PHELE BOPHELO BO NANG LE MORERO LE HO BA LE TSHEPO
  • KA MOO RE KA TSWELANG PELE “HO ATAMELA HO MODIMO”
  • RE KA ATAMELA “HO MODIMO” LE HAEBA RE ETSA DIPHOSO
  • “HO ATAMELA HO MODIMO” KA HO SA FELENG
  • Ho ba Metswalle e Haufi le Bakrestemmoho ho re Tswela Molemo
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Hopola Hore Jehova “ke Modimo ya Phelang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Leka ho Dula o Ena le Maikutlo a Nepahetseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 April maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 15

PINA YA 30 Ntate wa ka, Modimo wa ka le Motswalle

‘Ho Atamela ho Modimo ho re Tswela Molemo’

“Ha e le nna, ho atamela ho Modimo ho ntswela molemo.”—PES. 73:28.

NTLHAKGOLO

Re tlo bona ka moo re ka atamelang haufiufi le Jehova le hore na ho etsa jwalo ho re tswela molemo jwang.

1, 2. (a) Ho hlokahala boiteko bofe hore re be metswalle e haufi le motho e mong? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?

NA O na le motswalle wa hlooho ya kgomo? O ile wa etsang e le hore le be metswalle? Mohlomong o ile wa qeta nako le yena, wa tseba hore na o fetile maemong afe bophelong le hore na o rata eng hape ha a rate eng. O ile wa hlokomela hore o na le makgabane a matle ao le wena o neng o ka thabela ho ba le ona. Qetellong o ile wa rata motswalle eo wa hao.

2 E le hore o be motswalle ya haufi le motho e mong, o lokela ho etsa boiteko ba ho qeta nako le yena. Re lokela ho etsa se tshwanang e le hore re be le setswalle se haufi le Jehova Modimo. Sehloohong sena re tla ithuta hore na ke jwang re ka atamelang haufiufi le Modimo le hore na re tla rua molemo jwang ha re etsa jwalo. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobaneng ha ho le molemo ho atamela haufi le motswalle wa rona wa hlooho ya kgomo, e leng Jehova.

3. Ke hobaneng ha re lokela ho thuisa ka melemo eo re e fumanang ha re atamela haufi le Jehova? Etsa mohlala.

3 Ha ho pelaelo hore o a dumela hore ho atamela haufi le Jehova ho molemo. Empa ho thuisa ka hore na ho re tswela molemo hakae ho ka re susumelletsa hore re tswele pele ho atamela haufi le yena le ho feta. (Pes. 63:​6-8) Ka mohlala, re a tseba hore ho ja dijo tse nang le phepo e ntle, ho ikwetlisa, ho phomola hantle le ho nwa metsi a lekaneng, ho re tswela molemo. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ha ba nkele dintho tsena hloohong. Ka ho etsa jwalo, ha ba tsotelle bophelo ba bona. Empa ha re dula re nahana ka melemo e tliswang ke ho tlwaela ho etsa dintho tse etsang hore re be le bophelo bo botle, re tla nolofallwa ke ho dula re di etsa. Ka tsela e tshwanang, le hoja re tseba hore ho atamela haufi le Jehova ho re tswela molemo, ho thuisa ka melemo eo ho tla re susumelletsa hore re tswele pele re atamela haufiufi le motswalle wa rona.—Pes. 119:​27-30.

4. Mongodi wa Pesaleme ya 73:28 o ile a reng?

4 Bala Pesaleme ya 73:28. Mongodi wa Pesaleme ya 73 e ne e le Molevi ya kgethetsweng ho sebeletsa e le sebini tempeleng ya Jehova. Ho ka etsahala hore ho ne ho se ho fetile dilemo tse ngata a sebeletsa Jehova ka botshepehi. Le ha ho le jwalo, o ile a utlwa ho ntse ho hlokahala hore a ikgopotse a be a hopotse le ba bang hore “ho atamela ho Modimo” ho molemo ho yena le ho bona. E meng ya melemo ya ho etsa jwalo ke efe?

“HO ATAMELA HO MODIMO” HO A RE THABISA

5. (a) Ke hobaneng ha ho atamela haufiufi le Jehova ho re thabisa? (b) Fana ka mehlala e tobileng e hlahang ho Diproverbia 2:​6-16 e bontshang ka moo bohlale ba Jehova bo ka o tswelang molemo le ho o sireletsa ka teng.

5 Ha re ntse re atamela haufiufi le Jehova, re tla thaba le ho feta. (Pes. 65:4) Ho na le mabaka a mangata a bontshang hore sena ke nnete. Ka mohlala, re rua molemo ha re sebedisa dikeletso tse bohlale tse fumanwang Lentsweng la Modimo, e leng Bibele. Dikeletso tseo tse bohlale di re sireletsa hore re se ke ra etsa dintho tse mpe le diphoso tse tebileng. (Bala Diproverbia 2:​6-16.) Ha se feela Bibele e reng: “Ho thaba motho ya fumanang bohlale le motho ya fumanang temoho.”—Diprov. 3:13.

6. Ke eng e ileng ya etsa hore mopesaleme a lahlehelwe ke thabo?

6 Ke nnete hore ka dinako tse ding metswalle ya Jehova e na le ho utlwa bohloko. Mongodi wa Pesaleme ya 73 o ile a lahlehelwa ke thabo ha a ne a dula a nahana ka dintho tse bohloko. O ile a kwata a ba a ba mona hobane a ne a nahana hore batho ba etsang dintho tse mpe, ba sa tsotelleng Modimo le melao ya hae, dintho di ne di ba tsamaela hantle. Ka phoso o ne a nahana hore batho ba ratang ntwa le ba ikgohomosang e dula e le barui ba bile ba phetse hantle le hore ha ba etsahallwe ke dintho tse mpe. (Pes. 73:​3-7, 12) Ho na le nako eo ka yona mopesaleme a neng a tshwenyehile hoo a neng a nahana hore ho sebeletsa Jehova ke ha lefeela. O ile a bua a utlwile bohloko a re: “Ha ho thuse letho hore ebe ke hlwekisitse pelo ya ka le hore ebe ke hlatswitse matsoho a ka ho bontsha hore ha ke na molato.”—Pes. 73:13.

7. Re lokela ho etsa eng ha re utlwile bohloko? (Sheba setshwantsho.)

7 Mopesaleme ha a ka a dumella ho utlwa bohloko hore ho mo dihe moya. O ile a etsa ho hong ka taba eo. O ile a “kena ka sehalalelong se seholo sa Modimo,” moo Jehova a ileng a lokisa tsela eo a neng a nahana ka yona. (Pes. 73:​17-19) Jehova e leng Motswalle wa rona wa hlooho ya kgomo o a tseba ha re utlwile bohloko. Haeba re rapella tataiso ya Jehova re bile re amohela thuso eo a re fang yona a sebedisa Lentswe la hae le phutheho, o tla re fa le matla a ho mamella ha re utlwile bohloko. Le haeba re ikutlwa re tshwenyehile haholo, Jehova o tla re tshedisa a be a etse hore re thabe.—Pes. 94:19.a

Molevi o eme pakeng tsa aletare ya koporo le foranta ya tempele.

Molevi ya ngotseng Pesaleme ya 73 o eme “ka sehalalelong se seholo sa Modimo” (Sheba serapa sa 7)


“HO ATAMELA HO MODIMO” HO ETSA HORE RE PHELE BOPHELO BO NANG LE MORERO LE HO BA LE TSHEPO

8. Ho atamela ho Modimo ho re tswela molemo jwang ka ditsela tse ding tsa bohlokwa?

8 Ho atamela ho Modimo ho re tswela molemo ka ditsela tse ding tse pedi tsa bohlokwa. Ya pele, ho etsa hore re phele bophelo bo nang le morero. Ya bobedi, ho re fa tshepo e tiileng ka bokamoso. (Jer. 29:11) A re hlahlobeng melemo ena haholwanyane.

9. Ke jwang ho atamela haufi le Jehova ho etsang hore re phele bophelo bo nang le morero?

9 Ho atamela haufi le Jehova ho etsa hore re phele bophelo bo nang le morero. Mehleng ena, batho ba bangata ba sa dumeleng hore Modimo o teng ba nahana hore bophelo ha bo na thuso ebile qetellong ha ho sa tla ba le ntho e bitswang motho lefatsheng. Le ha ho le jwalo, ha re ntse re ithuta Lentswe la Modimo, re ile ra kgodiseha hore “o teng le hore o putsa ba mo batlang e le ka nnete.” (Baheb. 11:6) Le mehleng ena re thabile bophelong hobane re etsa seo re bopetsweng ho se etsa, e leng ho sebeletsa Ntate wa rona ya lehodimong Jehova.—Deut. 10:​12, 13.

10. Pesaleme ya 37:29 e re ho tla etsahala eng ka batho ba tshepileng Jehova?

10 Batho ba bangata ba phelela ho ya mosebetsing, ho ba le lelapa mme ba hodise bana le ho ipolokela tjhelete bakeng sa ha ba tlohela mosebetsi. Ha ba nahane ka Modimo. Ka lehlakoreng le leng, batho ba sebeletsang Jehova bona ba a mo tshepa. (Pes. 25:​3-5; 1 Tim. 6:17) Re tshepa Modimo eo re seng re atametse haufi le yena ebile re tshepa le dintho tseo a re tshepisitseng tsona. E nngwe ya dintho tseo re nang le tshepo ya tsona ke hore re tla mo sebeletsa ka ho sa feleng Paradeiseng.—Bala Pesaleme ya 37:29.

11. Ho atamela haufi le Modimo ho re tswela molemo jwang, hona ho etsa hore a ikutlwe jwang?

11 Ho atamela ho Modimo ho re tswela molemo ka ditsela tse ding tse ngata. Ka mohlala, Jehova o tshepisa hore o tla tshwarela dibe tsa batho ba bakileng ba leng haufi le yena. (Esa. 1:18) Ka hoo, ha re a lokela ho ikutlwa re ena le letswalo le molato ka lebaka la dibe tseo re ileng ra di etsa nakong e fetileng. (Pes. 32:​1-5) Hape re a thaba ka lebaka la ho tseba hore re thabisa Jehova. (Diprov. 23:15) Ho hlakile hore le wena o ka nahana ka ditlhohonolofatso tse ding tseo re di fumanang tse tliswang ke ho ba le setswalle se haufi le Modimo. Le ha ho le jwalo, ke jwang o ka tswelang pele o atamela ho Modimo?

KA MOO RE KA TSWELANG PELE “HO ATAMELA HO MODIMO”

12. O entse eng e le hore o atamele haufiufi le Modimo?

12 Haeba o Mokreste ya kolobeditsweng, taba ena e bolela hore o se o entse dintho tse ngata hore o atamele ho Jehova haholo. O ithutile dinnete tse ngata ka Jehova Modimo le Kreste Jesu, wa bakela dibe tsa hao tsa nakong e fetileng, wa bontsha tumelo e matla ho Modimo wa ba wa etsa dintho tumellanong le thato ya hae. Le ha ho le jwalo, e le hore re atamele haufiufi le Modimo, re lokela ho tswela pele re etsa dintho tsena.—Bakol. 2:6.

13. Ke dintho dife tse tharo tse ka re thusang ho tswela pele re atamela haufiufi le Jehova?

13 Ke dintho dife tse tla re thusa ho tswela pele re atamela haufiufi le Jehova? (1) Re lokela ho tswela pele re bala le ho ithuta Bibele. Ha re ntse re etsa jwalo, sepheo sa rona ha e a lokela ho ba ho ithuta dithuto tsa motheo feela ka Modimo. Ho ena le hoo, re lokela ho leka ho utlwisisa hore na Modimo o batla hore re etseng le hore re phele tumellanong le melaomotheo eo a re fileng yona ka Lentsweng la hae. (Baef. 5:​15-17) (2) Re lokela ho matlafatsa tumelo ya rona ka ho thuisa ka bopaki bo bongata boo a re bontshitseng bona ba hore o a re rata. (3) Re lokela ho tswela pele re hloya dintho tse sa thabiseng Jehova le ho qoba setswalle le batho ba di etsang.—Pes. 1:1; 101:3.

14. Ho ya ka 1 Bakorinthe 10:​31, tse ding tsa dintho tseo re di etsang letsatsi le letsatsi tse ka thabisang Jehova ke dife? (Sheba ditshwantsho.)

14 Bala 1 Bakorinthe 10:31. Ho bohlokwa hore re sebetse ka thata ho etsa dintho tse thabisang Jehova. Sena se bolela ho etsa ho fetang feela ho ya tshimong le dibokeng. Dintho tseo re di etsang letsatsi le letsatsi le tsona di lokela ho thabisa Jehova. Ka mohlala, ha re tshepahala dinthong tsohle re bile re arolela ba bang dintho tseo re nang le tsona, re thabisa Jehova. (2 Bakor. 8:21; 9:7) O boetse o batla hore re bontshe hore re ananela haholo mpho ya bophelo eo a re fileng yona. Re atamela haufiufi le Mofani wa bophelo ka hore re dule re ja le ho nwa ka tsela e itekanetseng le ho etsa dintho tse ding tse tla re thusa hore re be le bophelo bo botle. Boiteko bohle boo re bo etsang ho thabisa Jehova le dinthong tseo ho bonahalang eka di nyenyane, bo tla etsa hore a re rate le ho feta.—Luka 16:10.

Ditshwantsho: Ditsela tseo re ka thabisang Jehova ka tsona. 1. Ho kganna ka tsela e sireletsehileng: Morabo rona o emisitse koloi hobane roboto e kwetse. 2. Ho itlhokomela: Morabo rona o ikwetlisa ka ho tsamaya ka potlako. 3. Ho ja dijo tse nang le phepo: Sekotlolo se tshetseng dijo tse sa tshwaneng tse nang le phepo e ntle. 4. Ho amohela baeti: Moradi wa bo rona o tliseditse moradi wa bo rona ya hodileng ya tlamisitseng letsoho dipalesa le dijo.

Ho kganna ka tsela e sireletsehileng, ho itlhokomela ka hore re ikwetlise, ho ja dijo tse nang le phepo e ntle le ho amohela baeti ke tse ding tsa ditsela tseo re ka thabisang Jehova ka tsona (Sheba serapa sa 14)


15. Jehova o lebelletse hore re tshware batho ba bang jwang?

15 Jehova o mosa ho batho ba lokileng le ba sa lokang. (Mat. 5:45) O lebelletse hore le rona re be mosa ho batho ba bang. Ka mohlala, ha re a lokela ho ‘bua mang kapa mang hampe, re se ke ra rata dikgang, re be bonolo ho batho bohle.’ (Tite 3:2) Ka lebaka leo, ha re kgelle batho ba bang fatshe hobane feela ba sa dumele dintho tseo re di dumelang. (2 Tim. 2:​23-25) Re atamela haufiufi le Jehova haeba ka dinako tsohle re le mosa re bile re nahanela ba bang ha re sebedisana le bona.

RE KA ATAMELA “HO MODIMO” LE HAEBA RE ETSA DIPHOSO

16. Mongodi wa Pesaleme ya 73 o ile a ikutlwa jwang ka mora nako e itseng?

16 Le ha ho le jwalo, ho thweng haeba ka mora nako e itseng o qala ho utlwa eka ha o tshwanelehe hore o ka ratwa ke Jehova? Jwalo ka ha re se re utlwile, mongodi wa Pesaleme ya 73 o ile a etsahallwa ke ntho e tshwanang. O ile a bua a utlwile bohloko a re: “Maoto a ka a batlile a kgeloha. Maoto a ka a batlile a thella.” (Pes. 73:2) O ile a dumela hore o ne a utlwile “bohloko” a bile a “sa nahane,” a “tshwana le phoofolo e se nang kelello” ka pela Jehova. (Pes. 73:​21, 22) Na o ile a etsa qeto ya hore ke baehlotse ka lebaka la phoso eo a e entseng le hore ha a tshwanelwe ke ho ratwa ke Jehova?

17. (a) Ho bonahala eka mopesaleme o ile a etsa eng le hoja a ne a tetebetse haholo? (b) Re ka ithuta eng ho se ileng sa mo etsahalla? (Sheba ditshwantsho.)

17 Haeba mopesaleme o ile a ikutlwa a sa amohelwe ke Jehova, e tlameha ebe boikutlo boo e ile ya eba ba nakwana. Ho bonahala eka nakong ena eo a neng a tetebetse ka yona, o ile a bona bohlokwa ba ho atamela haufiufi le Modimo jwalo ka ha a ile a bua mantswe ana a reng: “Empa hona jwale ke dula ke ena le wena [Jehova]. O tshwere letsoho la ka le letona. O ntataisa ka keletso ya hao, ka mora moo, o tla nkisa kganyeng.” (Pes. 73:​23, 24) Le rona re lokela ho nka Jehova jwalo ka lefika le re sireletsang ha re ikutlwa re fokola kapa re nyahame. (Pes. 73:26; 94:18) Le haeba maoto a rona a ka kgeloha ka nakwana, re ka kgutlela ho Jehova re ena le kgodiseho ya hore o “ikemiseditse ho tshwarela.” (Pes. 86:5) Re lokela ho atamela haufiufi le Modimo wa rona haholoholo ha re ikutlwa re tetebetse.—Pes. 103:​13, 14.

Ditshwantsho: 1. Morabo rona ya nyahameng o dutse hodima bethe. 2. Ha morao o a bososela ha a dumediswa ke banyalani ba bang dibokeng.

Ha re utlwa tumelo ya rona e fokola, re lokela ho atamela haufiufi le Jehova ka hore re rapele haholwanyane le ho ya dibokeng ka mehla (Sheba serapa sa 17)


“HO ATAMELA HO MODIMO” KA HO SA FELENG

18. Ke hobaneng ha re ke ke ra emisa ho atamela haufiufi le Jehova?

18 Ha ho na mohla re tla emisa ho atamela haufiufi le Jehova le ho ithuta ka yena. Bibele e re ditsela tsa Jehova, bohlale ba hae le tsebo ya hae “di ke ke tsa utlwisiswa ka ho feletseng.”—Bar. 11:33.

19. Dipesaleme di re fa kgodiseho ya eng?

19 Pesaleme ya 79:13 e re: “Rona batho ba hao le mohlape wa lekgulo la hao, re tla o leboha ka ho sa feleng ebile re tla o rorisa ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong.” Ha o ntse o tswela pele o atamela haufi le Modimo, le wena o ka kgodiseha hore o tla fumana ditlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng mme o tla bua ka sebete o re: “Modimo o sireletsa pelo ya ka, ke lefika la ka ebile ke yena feela eo ke nang le yena ka ho sa feleng.”—Pes. 73:26.

O KA RENG?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho thuisa ka melemo e tliswang ke ho “atamela ho Modimo”?

  • “Ho atamela ho Modimo” ho re tswela molemo ka di tsela dife?

  • Ke jwang re ka tswelang pele “ho atamela ho Modimo”?

PINA YA 32 Emang le Jehova!

a Batho ba bang ba lwantshanang le ho nyahama, ho tshwenyeha kapa ho hlonama ka nako e telele, ba ka hloka thuso ya dingaka. Bakeng sa dintlha tse eketsehileng, sheba Tora ya ho Lebela ya No. 1 2023.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share