SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25
PINA YA 96 Buka ya Modimo ke Letlotlo
Dintho Tseo re Ithutang Tsona Boprofeteng ba Jakobo—Karolo ya Bobedi
“O file e mong le e mong tlhohonolofatso e mo loketseng.”—GEN. 49:28.
NTLHAKGOLO
Dintho tseo re ka ithutang tsona boprofeteng boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu mabapi le bara ba hae ba robedi.
1. Ke karolo efe ya boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu eo re tla e hlahloba sehloohong see?
BARA ba Jakobo ba mo potapotile, ba mametse ntate wa bona ya hodileng ka hloko ha a hlohonolofatsa e mong le e mong wa bona. Sehloohong se fetileng re ithutile hore Jakobo o ile a bolella Rubene, Simeone, Levi le Juda dintho tseo ba neng ba sa lebella ho di utlwa. Ka hoo, e tlameha ebe ba ile ba ipotsa hore na ntate wa bona o tlo reng ho bara ba hae ba setseng ba robedi. A re boneng hore na re ithutang mantsweng ao a a buileng ho Zabulone, Isakare, Dane, Gade, Ashere, Nefthali, Josefa le Benjamine.a
ZABULONE
2. Jakobo o ile a reng ho Zabulone, hona seo se ile sa phethahala jwang? (Genese 49:13) (Sheba lebokose.)
2 Bala Genese 49:13. Jakobo o bontsha hore ditloholo tsa Zabulone di ne di tla dula lebopong la lewatle ka leboya ho Naha e Tshepisitsweng. Dilemo tse fetang tse 200 ha morao, leloko la Zabulone le ile la fuwa naha e le lefa la bona, e neng e le pakeng tsa Lewatle la Galilea le la Mediterranean. Moshe o ile a profeta a re: “Thaba wena Zabulone, kgwebong ya hao.” (Deut. 33:18) Mohlomong sena se ne se bolela hore leloko la Zabulone le ne le ka ya pakeng tsa mawatle ana a mabedi habonolo mme le ne le ka kgona ho reka le ho rekisetsa batho ba neng ba tswa dibakeng tse ding. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, ditloholo tsa Zabulone di ne di ena le lebaka la ho thaba.
3. Keng e ka re thusang hore re kgotsofale?
3 Re ithutang? Ho sa tsotellehe hore na re dula hokae kapa maemo a rona ke afe, re na le mabaka a ho thaba. E le hore re dule re thabile, re lokela ho kgotsofalla dintho tseo re nang le tsona. (Pes. 16:6; 24:5) Ka dinako tse ding, ho ka ba bonolo hore re tsepamise mehopolo ya rona dinthong tseo re se nang tsona ho ena le ho thabela dintho tseo re nang le tsona. Ka hoo, leka ho bona dintho tse ntle tse o etsahallang bophelong.—Bagal. 6:4.
ISAKARE
4. Jakobo o ile a reng ho Isakare, hona seo se ile sa phethahala jwang? (Genese 49:14, 15) (Sheba lebokose.)
4 Bala Genese 49:14, 15. Jakobo o babatsa Isakare ka ho sebetsa ka thata ebile o mo bapisa le tonki e matla e kgonang ho jara merwalo e boima. Jakobo o boetse o re Isakare o ne a tla ba le naha e ntle. Tumellanong le mantswe a Jakobo, ditloholo tsa Isakare di ile tsa fuwa naha e nang le mobu o nonneng e pela Noka ya Jordane. (Josh. 19:22) Ba ile ba sebetsa ka thata ho hlokomela naha ya bona. Hape ba ile ba sebetsa ka thata molemong wa batho ba bang. (1 Mar. 4:7, 17) Ka mohlala, ha Moahlodi Barake le moprofeta wa mosadi Debora ba ne ba lwantsha Sisera, leloko la Isakare le ne le ikemiseditse ho thusa ntweng eo le dintweng tse ding tsa setjhaba.—Baahl. 5:15
5. Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata?
5 Re ithutang? Jehova o a thaba ha re sebetsa ka thata mosebetsing oo a re fileng wona jwalo ka ha a ile a thaba ha leloko la Isakare le ne le sebetsa ka thata. (Moek. 2:24) Ka mohlala, nahana ka bara ba bo rona ba sebetsang ka thata ho hlokomela phutheho. (1 Tim. 3:1) Le hoja bara bana ba bo rona ba sa lwane dintwa tsa sebele, ba lokela ho lwana ka thata ho sireletsa batho ba Modimo dinthong tse ka senyang kamano ya bona le Modimo. (1 Bakor. 5:1, 5; Juda 17-23) Ba boetse ba sebetsa ka thata ho lokisetsa le ho fana ka dipuo tse kgothatsang tse tla matlafatsa phutheho.—1 Tim. 5:17.
DANE
6. Ke kabelo efe eo leloko la Dane le ileng la e fuwa? (Genese 49:17, 18) (Sheba lebokose.)
6 Bala Genese 49:17, 18. Jakobo o tshwantsha Dane le noha e lwantshang diphoofolo tse kgolo ho yona tse kang pere ya ntwa le mopalami wa yona. Dane o ne a tla ba kotsi ho dira tsa Iseraele. Nakong eo setjhaba se neng se ya Naheng e Tshepisitsweng, leloko la Dane le ne le le ‘ka morao mme le sireleditse’ dihlopha tse ding kaofela. (Num. 10:25) Kabelo eo ba neng ba e fuwe e ne e le ya bohlokwa haholo le hoja ba bang ba ne ba sa ba bone.
7. Re lokela ho hopola eng ka dikabelo tseo re di fuwang tshebeletsong ya Jehova?
7 Re ithutang? Na o kile wa fuwa mosebetsi oo ho bonahalang eka batho ba bang ha ba a hlokomela hore o entswe ke wena? Mohlomong o kile wa thusa ho hlwekisa le ho hlokomela Holo ya Mmuso, ho ithaopela ho sebetsa kopanong e nyenyane kapa e kgolo kapa ho etsa kabelo e nngwe e itseng. Ka nnete re a o babatsa! Dula o hopola hore Jehova o a bona le ho nka sohle seo o mo etsetsang sona e le sa bohlokwa. O thaba haholo ha a bona o mo sebeletsa hobane o mo rata haholo, eseng hobane o batla hore ba bang ba o rorise.—Mat. 6:1-4.
GADE
8. Ke eng e neng e ka etsa hore ho be bonolo hore Bagade ba hlaselwe Naheng e Tshepisitsweng? (Genese 49:19) (Sheba lebokose.)
8 Bala Genese 49:19. Jakobo o ile a bolela esale pele hore sehlopha sa bafutuhi se ne se tla hlasela Gade. Hoo e ka bang dilemo tse 200 ha morao, leloko la Gade le ile la dula naheng e ka botjhabela ho Noka ya Jordane, e leng naha e neng e potapotilwe ke dira. Sebaka sena se ne se etsa hore ho be bonolo hore leloko lena le hlaselwe. Le ha ho le jwalo, Bagade ba ne ba batla ho dula moo hobane e ne le sebaka se setle bakeng sa diphoofolo tsa bona. (Num. 32:1, 5) Ho ne ho hlakile hore Bagade e ne e le batho ba sebete. Ho feta moo, ba ne ba tshepile hore Jehova o tla ba thusa hore ba sireletse naha eo a ba fileng yona kgahlanong le sehlopha le ha e le sefe sa bafutuhi. Masole a bona a ile a ba siyo naheng ya bona ka dilemo tse ngata hobane ba ne ba a rometse ho yo thusa maloko a mang ho hapa karolo ya Naha e Tshepisitsweng e neng e setse ka bophirima ho Jordane. (Num. 32:16-19) Bagade ba ne ba tshepile hore Jehova o tla sireletsa basadi le bana ba bona ha banna ba le siyo. Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka lebaka la sebete le boitelo ba bona.—Josh. 22:1-4.
9. Haeba re tshepile Jehova, seo se tla ama diqeto tseo re di etsang bophelong jwang?
9 Re ithutang? Re lokela ho tswela pele re tshepa Jehova e le hore re ka mo sebeletsa le ha re ena le mathata. (Pes. 37:3) Ba bangata kajeno ba tshepa Jehova ka hore ba itele e le hore ba ka thusa mosebetsing wa kaho, moo ho nang le tlhokahalo kapa mesebetsing e meng. Ba etsa jwalo hobane ba kgodisehile hore Jehova o tla dula a ba hlokomela.—Pes. 23:1.
ASHERE
10. Ashere o ile a hloleha ho etsang? (Genese 49:20) (Sheba lebokose.)
10 Bala Genese 49:20. Jakobo o ile a bolela esale pele hore leloko la Ashere le ne le tla atleha mme ke sona hantle se ileng sa etsahala. Karolo ya naha eo leloko la Ashere le ileng la e fuwa e ne e le e nngwe ya dinaha tse nang le mobu o nonneng haholo Iseraele. (Deut. 33:24) Naha ena e ne e le haufi le Lewatle la Mediterranean mme e akarelletsa lebopo la Foenisia e Sidone e neng e ruile haholo ka lebaka la ho reka le ho rekisa. Le ha ho le jwalo, Ashere o ile a hloleha ho leleka Bakanana naheng. (Baahl. 1:31, 32) Ho ka etsahala hore tshusumetso e mpe ya Bakanana le ho atleha ha Ashere di entse hore leloko lena le se ke la tjhesehela borapedi ba nnete. Ashere ha a ka a arabela ha Moahlodi Barake a batla baithaopi ho lwantsha Bakanana. Ka lebaka leo, leloko leo le ile la hloleha ho kenya letsoho tlholong e hlollang e etsahetseng “metsing a Megido.” (Baahl. 5:19-21) E tlameha ebe Ashere o ile a swaba ha a utlwa pina ya tlholo ya Barake le Debora e neng e ena le mantswe a reng: “Ashere a dula a sa etse letho lebopong la lewatle.”—Baahl. 5:17.
11. Ke hobaneng ha re lokela ho ba le pono e nepahetseng ka dintho tse bonahalang?
11 Re ithutang? Re batla ho fa Jehova sohle se matleng a rona. E le hore re etse jwalo, re lokela ho qoba ho ba le pono ya lefatshe ka maruo le tjhelete. (Diprov. 18:11) Re lwanela ho dula re ena le pono e nepahetseng ka tjhelete. (Moek. 7:12; Baheb. 13:5) Ha re senye nako le matla a rona re ntse re batlana le dintho tseo re sa di hlokeng tse ka re sitisang ho sebeletsa Modimo. Ho ena le hoo, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho fa Jehova nako le matla a rona hona jwale, re tseba hore re tla phela bophelo bo sireletsehileng le bo monate nakong e tlang.—Pes. 4:8.
NEFTHALI
12. E ka nna yaba mantswe a Jakobo ho Nefthali a ile a phethahala jwang? (Genese 49:21) (Sheba lebokose.)
12 Bala Genese 49:21. Jakobo o ile a re Nefthali o ne a tla bua “mantswe a monate.” Ho ka etsahala hore o ne a bua ka tsela eo Jesu a neng a tla bua ka yona nakong ya tshebeletso ya hae. Jesu ya neng a tsebahala ka ho ruta ka tsela e atlehang o ile a etsa Kapernauma e neng e le Nefthali, ‘motse wa habo.’ (Mat. 4:13; 9:1; Joh. 7:46) Esaia o ile a profeta hore batho ba Zabulone le Nefthali ba ne ba tla bona “lesedi le leholo” e leng Jesu. (Esa. 9:1, 2) Dintho tseo Jesu a neng a di ruta di ne di bontsha hore ke “lesedi la nnete le kgantshetsang batho bohle.”—Joh. 1:9.
13. Re ka etsa bonnete ba hore re bua mantswe a kgahlisang Jehova jwang?
13 Re ithutang? Dintho tseo re di buang le tsela eo re buang ka yona ke ya bohlokwa ho Jehova. Re ka etsang hore re bue “mantswe a monate” a kgahlisang Jehova? Re ka bua nnete. (Pes. 15:1, 2) Re ka haha ba bang ka seo re se buang ka hore re potlakele ho ba babatsa mme re se ke ra ba tshwayatshwaya diphoso kapa ho dula re tletleba. (Baef. 4:29) Hape re ka ipehela pakane ya ho ntlafatsa mokgwa wa rona wa ho qala moqoqo e le hore re ka fumana monyetla wa ho paka.
JOSEFA
14. Boprofeta bo mabapi le Josefa bo ile ba phethahala jwang? (Genese 49:22, 26) (Sheba lebokose.)
14 Bala Genese 49:22, 26. E tlameha ebe Jakobo o ne a le motlotlo haholo ka Josefa hobane Jehova o ne a mo ‘kgethile ho bana babo.’ Jakobo o ile a re Josefa ke “lekala la sefate se behang ditholwana.” Jakobo e ne e le sefate mme Josefa e le lekala la sefate seo. Josefa e ne e le mora wa letsibolo wa Jakobo ka mosadi wa hae ya mo ratang Ragele. Jakobo o ile a bontsha hore Josefa o ne a tla fuwa lefa le imenneng habedi leo Rubene, e leng letsibolo la Jakobo ka mosadi wa hae Lea, a ileng a hloleha ho le fumana. (Gen. 48:5, 6; 1 Dikron. 5:1, 2) Karolo ena ya boprofeta e ile ya phethahala ha bara ba babedi ba Josefa, e leng Efraime le Manase, e eba maloko a mabedi a Iseraele a ikemetseng mme leloko ka leng le ile la fumana lefa la lona la naha.—Gen. 49:25; Josh. 14:4.
15. Josefa o ile a etsang ha a hlahelwa ke mathata?
15 Jakobo o ile a boela a bua ka ba betsang metsu ba ileng ba “betsa [Josefa] ka metsu le ho mo hloya.” (Gen. 49:23) Bana e ne e le bana babo ba neng ba jewa ke mona ba bile ba ikarabella ka mathata a mangata a ileng a hlahela Josefa. Le ha ho le jwalo, Josefa ha a ka a hloya bana babo kapa hona ho beha Jehova molato ka dintho tse mo etsahalletseng. Jwalo ka ha Jakobo a ile a tjho: “Seqha sa [Josefa] se ne se le sebakeng sa sona mme matsoho a hae a le matla ebile a le mafolofolo.” (Gen. 49:24) Josefa o ile a itshetleha ka Jehova ha a ena le mathata mme ha a ka a tshwarela bana babo feela empa o ile a boela a ba tshwara ka mosa. (Gen. 47:11, 12) Josefa o ile a dumella mathata a hae hore a mo etse motho ya molemo. (Pes. 105:17-19) Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo sebedisa ka tsela e hlollang.
16. Re ka etsisa Josefa jwang ha re ena le mathata?
16 Re ithutang? Ha re ena le mathata, re se ke ra a dumella hore a re suthisetse hole le Jehova kapa Bakrestemmoho le rona. Hopola hore Jehova a ka dumella hore re hlahelwe ke mathata a lekang tumelo ya rona e le karolo ya kwetliso ya rona. (Baheb. 12:7, nal.) Kwetliso ena e ka re thusa hore re hlaolele le ho ntlafatsa makgabane a Bokreste a kang mohau le ho tshwarela. (Baheb. 12:11) Jehova o tla re putsa ha re mamella jwalo ka ha a ile a putsa Josefa.
BENJAMINE
17. Boprofeta bo mabapi le Benjamine bo ile ba phethahala jwang? (Genese 49:27) (Sheba lebokose.)
17 Bala Genese 49:27. Jakobo o ile a bolela esale pele hore Babenjamine ba ne ba tla ba le bokgoni ba ho lwana jwalo ka phiri. (Baahl. 20:15, 16; 1 Dikron. 12:2) E ne e le “hoseng” pusong ya borena Iseraele, ha Saule wa leloko la Benjamine e eba morena wa pele wa Iseraele. O ile a lwana ka sebete kgahlanong le Bafilista. (1 Sam. 9:15-17, 21) “Mantsiboya,” e leng ka mora histori ya borena Iseraele, Babenjamine ba babedi e leng Mofumahadi Esthere le Tonakgolo Mordekai, ba ile ba pholosa Baiseraele hore ba se ke ba timetswa ke Mmuso wa Persia.—Esth. 2:5-7; 8:3; 10:3.
18. Re ka etsisa ho tshepahala ha Babenjamine jwang?
18 Re ithutang? E tlameha ebe Babenjamine ba ne ba thabile haholo ha e mong wa leloko la bona e eba morena e le ho phethahatsa boprofeta. Le ha ho le jwalo, ha Jehova a fetisetsa borena ho Davida wa leloko la Juda, Babenjamine ba ile ba qetella ba tsheheditse phetoho eo. (2 Sam. 3:17-19) Dilemo ha morao ha maloko a mang a fetohela leloko la Juda, leloko la Benjamine lona le ile la dula le tshehetsa leloko la Juda le morena eo Jehova a mo kgethileng. (1 Mar. 11:31, 32; 12:19, 21) Le rona ka botshepehi re ka dula re tshehetsa bao Jehova a ba kgethileng hore ba etelle pele batho ba hae kajeno.—1 Bathes. 5:12.
19. Boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu bo ka re tswela molemo jwang?
19 Boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makgatheng a lefu bo ka re tswela molemo. Ho hlahloba hore na bo ile ba phethahala jwang ho matlafatsa tumelo ya rona ya hore boprofeta bo hlahang ka Lentsweng la Jehova bo tla phethahala. Hape bo re thusa ho utlwisisa ha molemohadi hore na re ka thabisa Jehova jwang.
PINA YA 128 Mamella ho Isa Bofelong
a Ka mora ho hlohonolofatsa Rubene, Simeone, Levi le Juda ho tloha ho e moholo ho ya ho e monyenyane, Jakobo ha a sa hlohonolofatsa bara ba hae ba setseng ho ya ka tlhahlamano ya bona.