SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27
PINA YA 79 Di Ruteng ho Ema di Tiile
Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Etse Qeto ya ho Sebeletsa Jehova
“Le eme le tiile tumelong, . . . le be matla.”—1 BAKOR. 16:13.
NTLHAKGOLO
Ka moo re ka thusang batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba be le tumelo le sebete seo ba se hlokang e le hore ba sebeletse Jehova.
1, 2. (a) Ke hobaneng ha batho ba bang ba ithutang Bibele ba qeaqea ho etsa qeto ya hore e be Dipaki Tsa Jehova? (b) Re tlo ithutang sehloohong see?
NA LE wena ho ne ho ena le dintho tse ding tse neng di etsa hore o qeaqee ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova? Mohlomong o ne o tshaba hore batho bao o sebetsang le bona, metswalle kapa ba lelapa ba tla o fetohela. Mohlomong o ile wa utlwa eka o ke ke wa kgona ho phela ka melao ya Modimo. Haeba ho jwalo, o a utlwisisa hore na batho ba bang ba ithutang Bibele ba ikutlwa jwang le hore na ke hobaneng ha ho le thata hore ba nke kgato ya ho ba Dipaki Tsa Jehova.
2 Jesu o ile a hlokomela hore ho ka ba bonolo hore dintho tse kang tsena di sitise motho hore a hole moyeng. (Mat. 13:20-22) Empa ha a ka a tela ho thusa batho ba neng ba le leqe ho mo latela. Ho ena le hoo, o ile a bontsha barutuwa ba hae hore na ba ka thusa batho bana jwang (1) hore ba tsebe hore na ke dintho dife tse ba sitisang hore ba hatele pele, (2) hore ba rate Jehova le ho feta, (3) ho tseba hore na ke dintho dife tse tlang pele bophelong le (4) ho hlola diteko tseo ba kopanang le tsona. Re ka sebedisa seo Jesu a ileng a se bolella barutuwa ba hae jwang ha re sebedisa buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! ho thusa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a etse qeto ya hore a sebeletse Jehova?
THUSA MOTHO EO O ITHUTANG LE YENA HORE A TSEBE HORE NA KENG E MO SITISANG HO HATELA PELE
3. Ke eng e ka nnang yaba e ile ya etsa hore ho be thata hore Nikodemase e be morutuwa wa Jesu?
3 Ho ile ha eba thata hore Nikodemase, moetapele wa Bajuda ya neng a hlomphuwa, e be molatedi wa Jesu. Nikodemase o ile a hlokomela ka mora dikgwedi tse ka bang tse tsheletseng feela Jesu a qadile tshebeletso ya hae, hore Jesu o rometswe ke Modimo. (Joh. 3:1, 2) Le ha ho le jwalo, Nikodemase o ile a kgetha ho kopana le Jesu sephiring ka lebaka la “ho tshaba Bajuda.” (Joh. 7:13; 12:42) E ka nna yaba o ile a nahana hore o tla lahlehelwa ke dintho tse ngata haeba e ka ba morutuwa wa Jesu.a
4. Jesu o ile a thusa Nikodemase jwang hore a utlwisise hore na Modimo o ne a lebelletse eng ho yena?
4 Nikodemase o ne a tseba Molao wa Moshe, empa o ne a hloka ho thuswa hore a utlwisise hore na ke eng eo Jehova a e lebelletseng ho yena. Jesu o ile a mo thusa jwang? O ne a ikemiseditse ho qeta nako le yena, le ha e ne e le bosiu. O ile a bolella Nikodemase ka ho hlaka hore na ke eng seo a lokelang ho se etsa e le hore e be morutuwa. O ne a lokela hore a bakele dibe tsa hae, a kolobetswe ka metsi le hore a be le tumelo ho Mora wa Modimo.—Joh. 3:5, 14-21.
5. Re ka thusa motho eo re ithutang Bibele le yena jwang ho hlokomela hore na keng e mo sitisang ho hatela pele?
5 Le hoja motho eo o ithutang Bibele le yena a tseba Mangolo hantle, a ka nna a hloka hore o mo thuse hore a tsebe hore na keng e mo sitisang hore a hatele pele. Mohlomong mosebetsi kapa kganyetso eo a e fumanang ka lapeng e ka mo sitisa hore a finyelle dipakane tsa moya tseo a ipehetseng tsona. Ka hoo, iphe nako ya ho thusa motho eo o ithutang le yena. O ka mo memela hore le ilo nwa tee kapa le otlolle maoto. Ha o etsa jwalo, o ka nna wa kgona ho mo thusa hore a o phetlele sefuba ka diteko tseo a kopanang le tsona. Ka hoo, kgothalletsa motho eo o ithutang le yena hore a etse diphetoho tse hlokahalang hobane a rata Jehova eseng hobane a batla ho o kgahlisa.
6. O ka thusa motho eo o ithutang le yena jwang hore a be le sebete sa ho sebedisa seo a ithutileng sona? (1 Bakorinthe 16:13)
6 Ha motho eo o ithutang le yena a kgodisehile hore Jehova o tla mo thusa hore a phele ka melao ya Bibele, o tla ba le sebete sa ho sebedisa seo a ithutileng sona. (Bala 1 Bakorinthe 16:13.) Karolo ya hao e ka bapiswa le ya titjhere sekolong. Na o sa hopola hore na titjhere eo o neng o e rata haholo sekolong ke efe? Mohlomong e ne e le titjhere eo ka mamello e ileng ya o thusa hore o itshepe haholwanyane dinthong tseo o kgonang ho di etsa. Ka tsela e tshwanang, motho ya rutang batho Bibele ka tsela e atlehang ha a ba rute feela dintho tseo Modimo a batlang hore ba di etse, empa o boetse o tiisetsa motho eo a ithutang le yena hore ka thuso ya Jehova a ka kgona ho etsa diphetoho tse hlokahalang bophelong ba hae. O ka etsa seo jwang?
THUSA MOTHO EO O ITHUTANG LE YENA HORE A RATE JEHOVA LE HO FETA
7. Jesu o ile a etsa eng ho thusa bamamedi ba hae hore ba rate Jehova le ho feta?
7 Jesu o ne a tseba hore ho rata Modimo ho tla susumetsa barutuwa ba hae hore ba sebedise seo ba ithutileng sona. Hangata o ne a ba ruta dintho tse tla ba thusa hore ba rate Ntate wa bona ya lehodimong le ho feta. Ka mohlala, o ile a bapisa Jehova le ntate ya fang bana ba hae dintho tse molemo. (Mat. 7:9-11) Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bamamedi ba Jesu ba ne ba lakatsa ho ba le ntate ya lerato jwalo. Ako nahane hore na ebe ba ile ba ikutlwa jwang ha Jesu a ne a etsa papiso ka ntate ya nang le kutlwelobohloko ya ileng a amohela mora wa hae ya ileng a phela bophelo bo ditshila. Ba ne ba ka bona hore Jehova ke Modimo ya utlwelang bana ba hae ba lefatsheng bohloko.—Luka 15:20-24.
8. O ka thusa motho eo o ithutang le yena jwang hore a rate Jehova haholwanyane?
8 Le wena o ka thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a rate Jehova haholwanyane ka hore o bue haholo ka makgabane a matle a Modimo ha le ntse le ithuta. Nako le nako ha le ithuta, mo thuse hore a bone hore na seo a ithutang sona se bontsha jwang hore Jehova o a re rata. Ha le ntse le ithuta ka tefo ya topollo, hatisa ka moo e bontshang ka teng hore Jehova o a mo rata. (Bar. 5:8; 1 Joh. 4:10) Motho eo o ithutang le yena a ka rata Jehova le ho feta ha a nahana ka moo Jehova a mo ratang ka teng.—Bagal. 2:20.
9. Ke eng e ileng ya thusa ntate e mong ya bitswang Michael hore a fetole bophelo ba hae?
9 Nahana ka mohlala wa Michael ya dulang Indonesia. O holetse nneteng empa ha a ka a kolobetswa. Ha a le dilemo di 18, o ile a ya naheng e nngwe a ilo sebetsa e le mokganni wa diteraka. Ha morao o ile a kgutlela Indonesia a ilo nyala empa a siya lelapa la hae moo a kgutlela mosebetsing. Ha nako e ntse eya mosadi wa hae le moradi wa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele le ho sebedisa seo ba ithutang sona. Michael o ile a etsa qeto ya hore a kgutlele hae ka mora hore mme wa hae a hlokahale e le hore a ilo hlokomela ntate wa hae yaba o qala ho ithuta Bibele. O ile a ameha haholo ha a ne a bala karolo ya “Ithute Dintlha Tse Ding” kgaolong ya 27 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! O ile a ntsha meokgo ha a nahana ka moo Jehova a ileng a ikutlwa ka teng ha a bona Mora wa hae a utlwa bohloko. O ile a ananela tefo ya topollo haholo mme a susumelletseha ho fetola bophelo ba hae a ba a kolobetswa.
THUSA MOTHO EO O ITHUTANG LE YENA HORE A BEHE JEHOVA PELE BOPHELONG
10. Jesu o ile a thusa barutuwa ba hae ba pele jwang hore ba etelletse pele mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate? (Luka 5:5-11) (Sheba setshwantsho.)
10 Barutuwa ba Jesu ba pele ba ile ba hlokomela kapele hore Jesu ke Mesia ya tshepisitsweng empa ba ne ba hloka ho thuswa hore ba etelletse pele mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate. Petrose le Andrease ba ne ba ena le nako e seng kae e le barutuwa ha Jesu a re ba mo sale morao. (Mat. 4:18, 19) E ne e le batshwasi ba ditlhapi le Jakobo le Johanne mme kgwebo ya bona e ne e atlehile haholo. (Mar. 1:16-20) Ha Petrose le Andrease “ba tlohela matlowa a bona,” e tlameha ebe ba ile ba etsa bonnete ba hore ba tla tswela pele ba hlokomela ba malapa a bona ha ba ntse ba latela Jesu. Ba ile ba thuswa keng hore ba nke ho bolela ditaba tse monate e le ha bohlokwa ho feta ho ba le tjhelete e ngata? Tlaleho ya Luka e re bolella hore Jesu o ile a etsa mohlolo o ba thusitseng hore ba kgodisehe le ho feta hore Jehova a ka kgona ho ba hlokomela.—Bala Luka 5:5-11.
Re ka ithutang tseleng eo Jesu a ileng a thusa barutuwa ba hae hore ba etelletse pele mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate? (Sheba serapa sa 10)b
11. Re ka bolella motho eo re ithutang Bibele le yena eng ho mo thusa hore a matlafatse tumelo ya hae?
11 Re ke ke ra kgona ho etsa mehlolo jwalo ka Jesu empa re ka bolella batho bao re ithutang Bibele le bona ka moo Jehova a thusang batho ba mo behang pele bophelong ka teng. Ka mohlala, na o sa hopola ka moo Jehova a ileng a o thusa ka teng ha o ne o qala ho ya dibokeng? Mohlomong o ile wa tlameha hore o hlalosetse mohiri wa hao hore na ke hobaneng ha o ke ke wa hlola o sebetsa dihora tse eketsehileng haeba di ne di o sitisa ho ya dibokeng. Hlalosetsa motho eo o ithutang le yena hore na tumelo ya hao e ile ya matlafala jwang ha o bona ka moo Jehova a ileng a o tshehetsa ka teng ha o etsa hore ho mo sebeletsa ho tle pele bophelong ba hao.
12. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho mema bara le baradi ba bo rona ba fapaneng ha re ithuta Bibele le motho? (b) O ka sebedisa divideo jwang ho ruta motho eo o ithutang le yena ka tsela e atlehang? Fana ka mohlala.
12 Motho eo o ithutang le yena a ka boela a rua molemo ha a utlwa hore na Bakreste ba bang ba ile ba etsang hore ba fetole bophelo ba bona e le hore ho sebeletsa Jehova e be yona ntho e tlang pele bophelong ba bona. Ka hoo, mema bara le baradi ba bo rona ba fapaneng hore ba be teng ha le ntse le ithuta Bibele. Ba kope hore ba hlalose hore na ho tlile jwang hore e be Dipaki le hore na keng eo ba ileng ba e etsa hore ho sebeletsa Jehova ho tle pele bophelong ba bona. Ho ekelletsa moo, iphe nako le motho eo o ithutang Bibele le yena hore le shebelle divideo tse hlahang ho “Ithute Dintlha Tse Ding” kapa ha ho hlokahala le tse hlahang ho “Batla” bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Ka mohlala, ha le le kgaolong ya 37, o ka hatisa melaomotheo e hlahang videong ya Jehova o Tla o Hlokomela.
THUSA MOTHO EO O ITHUTANG LE YENA HO HLOLA DITEKO TSEO A KOPANANG LE TSONA
13. Jesu o ile a thusa barutuwa ba hae jwang hore ba itokisetse ho hanyetswa?
13 Ka makgetlo Jesu o ile a bolella balatedi ba hae hore ba tla hanyetswa ke batho ba bang esita le ba lelapa. (Mat. 5:11; 10:22, 36) Nakwana pele Jesu a shwa, o ile a bolella barutuwa ba hae hore ba ka nna ba bolawa ka lebaka la hore ba sebeletsa Jehova. (Mat. 24:9; Joh. 15:20; 16:2) O ile a ba bolella hore ba be sedi ha ba ntse ba bolela ditaba tse monate. Hape o ile a ba eletsa hore ba se ke ba ngangisana le batho ba ba hanyetsang le hore ba be hlokolosi e le hore ba ka tswela pele ba bolela ditaba tse monate.
14. Re ka thusa batho bao re ithutang le bona jwang hore ba itokisetse kganyetso? (2 Timothea 3:12)
14 Re ka thusa motho eo re ithutang le yena hore a itokisetse ho hanyetswa ka ho mo bolella hore na basebetsimmoho, metswalle le ba lelapa ba ka nna ba reng ho yena. (Bala 2 Timothea 3:12.) Ba bang ba basebetsimmoho le yena ba ka nna ba mo soma ka lebaka la tsela eo a seng a phela ka yona. Ba bang esita le ba lelapa ba ka nna ba se dumellane le seo a ithutang sona ka Bibeleng. Ha re thusa batho bao re ithutang le bona hona jwale hore ba itokisetse ho hanyetswa, ba tla be ba le malalaalaotswe nakong e tlang ha ba tobana le kganyetso.
15. Keng se ka thusang motho eo o ithutang le yena hore a sebetsane le ho hanyetswa ke ba lelapa?
15 Haeba motho eo o ithutang le yena a hanyetswa ke ba lelapa, mo kgothalletse hore a nahane hore na ke hobaneng ha ba mo halefetse. E ka nna yaba ba nahana hore o thetsitswe kapa hore Dipaki Tsa Jehova ke batho ba babe. Le ba bang ba lelapa la bo Jesu ba ne ba sa rate seo a se etsang. (Mar. 3:21; Joh. 7:5) Ruta motho eo o ithutang le yena hore a be le mamello le ho bua ka mosa le ba bang ho akarelletsa le ba lelapa.
16. Re ka thusa motho eo re ithutang Bibele le yena jwang hore a bue ka mosa le ho nahanela ha a bolella ba lelapa seo a se dumelang?
16 Haeba ba lelapa la motho eo o ithutang Bibele le yena ba thahasella ho tseba ho eketsehileng, ke ha bohlokwa hore a se ke a ba hlalosetsa dintho tsohle ka nako e le nngwe. Haeba a ba bolella dintho tse ngata haholo ba ka nna ba imelwa mme ba se ke ba hlola ba batla ho utlwa ka seo a se dumelang. Ka hoo, kgothalletsa motho eo o ithutang le yena hore a ba bolelle seo a se dumelang ka tsela e tla etsa hore ba batle ho utlwa ho eketsehileng nakong e tlang. (Bakol. 4:6) Mohlomong a ka bolella ba lelapa hore ba kene websaeteng ya jw.org. Sena se tla ba dumella hore ba ithute ho eketsehileng ka Dipaki Tsa Jehova ka lebelo la bona.
17. O ka thusa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang ho araba batho ba ka nnang ba eba le maikutlo a fosahetseng ka Dipaki Tsa Jehova? (Sheba setshwantsho.)
17 O ka sebedisa karolo ya “Dipotso Tse Atisang ho Botswa ka Dipaki Tsa Jehova” e ho jw.org/st-za, ho thusa motho eo o ithutang le yena ho lokisetsa dikarabo tse bonolo tsa dipotso tse ka botswang ke ba lelapa kapa batho bao a sebetsang le bona. (2 Tim. 2:24, 25) Buisanang ka karolo e reng “Batho ba Bang ba Re” bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! qetellong ya thuto ka nngwe. Kgothalletsa motho eo o ithutang le yena hore a itlwaetse ho araba ka mantswe a hae. O se ke wa tshaba ho mo bolella hore na a ka ntlafatsa dikarabo tsa hae jwang. Ha o etsa jwalo, o tla mo thusa hore a emele tumelo ya hae ka sebete.
Kgothalletsa motho eo o ithutang le yena hore a bolelle batho ka seo a se dumelang ka hore le lokisetse esale pele (Sheba serapa sa 17)c
18. O ka thusa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang hore a bolelle ba bang seo a se dumelang ha a le tshimong? (Matheu 10:27)
18 Jesu o ile a kgothalletsa barutuwa ba hae hore ba bolelle batho ditaba tse monate. (Bala Matheu 10:27.) Haeba motho eo o ithutang le yena a qala ho bolella batho ba bang seo a ithutang sona ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng, o tla ithuta ho tshepa Jehova le ho feta. O ka thusa motho eo o ithutang le yena jwang hore a ipehele pakane ya ho qala ho bolella batho ba bang seo a se dumelang? Haeba ho ena le letsholo phuthehong ya heno, kgothalletsa motho eo o ithutang le yena ho nahana ka hore na a ka etsang hore a tshwanelehe hore e be mohweletsi. Mo hlalosetse hore na ke hobaneng ha ho ile ha eba bonolo hore ba bang ba qale ho bolela matsholong a kang ana. A ka boela a ipehela pakane ya hore a qale ho beha dipuo dibokeng tsa hara beke. Ha a ntse a beha dipuo, o tla ithuta ho bolella ba bang seo a se dumelang ka kgodiseho.
TSHEPA MOTHO EO O ITHUTANG LE YENA
19. Jesu o ile a bontsha jwang hore o tshepa barutuwa ba hae, hona re ka mo etsisa jwang?
19 Pele Jesu a shwa mme a ya lehodimong, o ile a bolella barutuwa ba hae hore o tla ba le bona hape. Ba ne ba sa utlwisise hore Jesu o ne a bolela hore ba tla ya lehodimong. Ho ntse ho le jwalo, ha a ka a nahana haholo ka dipelaelo tsa bona empa o ile a ameha ka hore ba a tshepahala. (Joh. 14:1-5, 8) O ne a tseba hore ba ne ba hloka nako e le hore ba ka utlwisisa dintho tse ding, jwalo ka tshepo ya ho phela lehodimong. (Joh. 16:12) Jwalo ka Jesu, le rona re ka bontsha batho bao re ithutang le bona hore re tshepa hore ba batla ho kgahlisa Jehova.
Haeba motho eo o ithutang le yena a qala ho bolella batho ba bang seo a ithutang sona ka pele ka moo ho ka kgonehang ka teng, o tla ithuta ho tshepa Jehova le ho feta
20. Moradi wa bo rona e mong wa Malawi o ile a bontsha jwang hore o tshepa motho eo a ithutang le yena?
20 Re lokela ho dula re tshepa hore batho bao re ithutang Bibele le bona ba batla ho etsa se nepahetseng. Ka mohlala, Moradi wa bo rona Chifundo ya dulang Malawi o ile a qala ho ithuta le mme e mong e motjha wa Mokhatholike ya bitswang Alinafe, a sebedisa buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Ha ba qeta kgaolo ya 14, Moradi wa bo rona Chifundo o ile a botsa mme enwa hore na o nahana eng ka ho sebediswa ha ditshwantsho borapeding. Mme Alinafe o ile a utlwa bohloko mme a re: “Ke qeto ya motho ka bomong!” Moradi wa bo rona Chifundo o ile a ipotsa hore na ebe e se e le tshomo ka mathetho ka ho ithuta. Le ha ho le jwalo, ka mamello o ile a tswela pele a ithuta le Mme Alinafe, a tshepile hore ha nako e ntse eya o tla utlwisisa. Dikgwedi tse mmalwa ha morao, Moradi wa bo rona Chifundo o ile a mo botsa potso e hlahang kgaolong ya 34 e reng: “O fumane melemo efe ka ho ithuta ka Modimo wa nnete Jehova le ka ho ithuta Bibele?” Moradi wa bo rona Chifundo o re: “Ha Mme Alinafe a nkarabela, o ile a bua ka dintho tse ngata tseo a di ratileng. E nngwe ya tsona ke hore Dipaki Tsa Jehova ha di etse dintho tse kgahlanong le Bibele.” Nakwana ka mora moo, Mme Alinafe o ile a kgaotsa ho sebedisa ditshwantsho a ba a tshwaneleha hore a ka kolobetswa.
21. Re ka thusa motho eo re ithutang Bibele le yena jwang hore a batle ho etsa qeto ya ho sebeletsa Jehova?
21 Le hoja Jehova e le yena “ya hodisang,” hona le karolo eo re e phethang ho thusa motho eo re ithutang le yena hore a hatele pele. (1 Bakor. 3:7) Ha re mo rute feela seo Modimo a batlang hore a se etse empa re mo thusa hore a rate Jehova ka ho tebileng. Re boetse re mo kgothalletsa hore a bontshe hore o rata Jehova ka hore ho mo sebeletsa ho tle pele bophelong ba hae. Hape re mo ruta hore na a ka itshetleha ka Jehova jwang ha a kopana le mathata. Ha re mo bontsha hore re a mo tshepa, re mo thusa hore a kgodisehe hore le yena a ka kgona ho phela ka melao ya Jehova le hore a etse qeto ya hore o batla ho mo sebeletsa.
PINA YA 55 Le se ke la ba Tshaba!
a Nikodemase e ne e ntse e le setho sa lekgotla le phahameng la Bajuda le ka mora dilemo tse pedi le halofo a kopane le Jesu. (Joh. 7:45-52) Borahistori ba bang ba nahana hore Nikodemase e bile morutuwa ka mora hore Jesu a shwe.—Joh. 19:38-40.
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Petrose le batshwasi ba bang ba ditlhapi ba siya kgwebo ya bona e le hore ba latele Jesu.
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona o thusa motho eo a ithutang le yena ho lokisetsa hore a ilo bolela ditaba tse monate.