LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 July maq. 14-19
  • Tswela Pele o Ithuta Dithutong Tsa Motheo Tsa Bibele

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Tswela Pele o Ithuta Dithutong Tsa Motheo Tsa Bibele
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • JEHOVA KE MMOPI
  • MABAKA AO MODIMO A DUMELLANG MATHATA KA ONA
  • RE PHELA “MEHLENG YA BOFELO”
  • DULA O ANANELA DIKGOPOTSO TSA JEHOVA
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Dintho Tseo o sa di Tsebeng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Na o Kgona ho Hlokomela Nnete?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • Bolela Ditaba Tse Monate Hobane o Susumetswa ke Lerato
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 July maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 30

PINA YA 97 Lentswe la Modimo le a Phedisa

Tswela Pele o Ithuta Dithutong Tsa Motheo Tsa Bibele

“Ke ikemiseditse ho dula ke le hopotsa dintho tsena le hoja le di tseba ebile le kgodisehile ka nnete.”—2 PET. 1:12.

NTLHAKGOLO

Ka moo re ka sebedisang dithuto tsa bohlokwa tse tswang dithutong tsa Bibele tsa motheo le hoja e se e le dilemo re ithutile tsona.

1. Dintho tseo o ithutileng tsona ka Bibeleng di ile tsa o ama jwang ha o ne o qala ho ithuta nnete?

DITHUTO tsa motheo tsa Bibele di fetotse bophelo ba rona. Ka mohlala, ha re ne re ithuta ka hore lebitso la Modimo ke Jehova, sena se ile sa etsa hore re nke mohato wa pele wa hore re be metswalle ya hae. (Esa. 42:8) Ha re ne re ithuta nnete ka hore na ho etsahalang ha motho a shwa, sena se ile sa etsa hore re se ke ra hlola re tshaba bafu. (Moek. 9:10) Hape ha re ne re ithuta ka hore Modimo o tshepisitse lefatshe le letjha e leng Paradeise, sena se ile sa etsa hore re se ke ra hlola re tshwenyeha ka bokamoso ba rona. Re ile ra kgodiseha hore re tla phela, eseng feela ka nakwana e leng dilemo tse 70 kapa tse 80, empa ka ho sa feleng.—Pes. 37:29; 90:10.

2. 2 Petrose 1:​12, 13 e bontsha jwang hore dithuto tsa motheo tsa Mangolo di tswela le Bakreste ba hodileng moyeng molemo?

2 Ha re a lokela ho kgella fatshe dithuto tsa motheo tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng. Lengolong la hae la bobedi, moapostola Petrose o ne a ngolla Bakreste ba neng ba se ba ntse ba “kgodisehile ka nnete.” (Bala 2 Petrose 1:​12, 13.) Empa ka nako eo, ho ne ho ena le batho ka phuthehong ba neng ba batla ho beha kamano ya Bakreste bao le Modimo kotsing, ba akarelletsang ba rutang mashano le ba neng ba batla hore ba tlohele nnete. (2 Pet. 2:​1-3) Petrose o ne a batla ho matlafatsa bana babo e le hore a ba thuse ho hana dithuto tsena tsa leshano. Ka hoo, o ile a ba hopotsa dithuto tse ding tseo ba neng ba se ba ntse ba ithutile tsona. Dithuto tsena di ne di tla ba thusa hore ba dule ba tshepahala ho fihlela qetellong.

3. Fana ka mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho tswela pele ba nahanisisa ka dithuto tsa motheo tsa Bibele.

3 Ha re ntse re tswela pele re sebeletsa Jehova, re ka ithuta dintho tse ntjha dithutong tsa motheo tsa Bibele. Ka mohlala, motho ya tsebang ho pheha le ya ntseng a ithuta ho pheha ba ka sebedisa dinoko le dintho tse tshwanang ho pheha. Empa motho enwa ya tsebang ho pheha o se a ithutile ditsela tse ntjha tsa hore na a ka sebedisa metswako ena jwang e le hore a phehe dijo tse monate le ho feta. Ka tsela e tshwanang, batho bao e leng kgale ba sebeletsa Jehova le batho ba ntseng ba ithuta Bibele ba ka sheba dithuto tsa motheo tsa Bibele ka tsela e sa tshwaneng. Jwang? Maemo kapa ditokelo tsa rona tsa tshebeletso e ka nna yaba di ile tsa fetoha ho tloha ha re ne kolobetswa. Ka hoo, ha re nahana ka dintho tseo re ileng ra ithuta tsona nakong e fetileng, re ka nna ra fumana ditsela tse ntjha tsa ho di sebedisa tse ka re thusang maemong a rona a hona jwale. A re boneng hore na Bakreste bao e leng kgale ba sebeletsa Jehova ba ka ithuta eng dithutong tse tharo tsa motheo tsa Bibele.

JEHOVA KE MMOPI

4. Ho ithuta hore Jehova ke Mmopi ho fetotse bophelo ba rona jwang?

4 Re a tseba hore lefatshe le dintho tsohle tse ho lona di entswe ke Mmopi ya bohlale ka ho fetisisa le ya matla ohle. Bibele e re: “Ya hahileng dintho tsohle ke Modimo.” (Baheb. 3:4) O re bopile, ka hoo o re tseba ho feta ka moo re itsebang ka teng. Ntho ya bohlokwa le ho feta ke hore o a re kgathalla ebile o a tseba hore na ke eng e ka re tswelang molemo. Ho tseba nnete ena e bonolo ya hore Jehova ke Mmopi, ho fetotse bophelo ba rona ka tsela e hlollang ha ba ha etsa hore re tsebe hore na re phelelang.

5. Ke nnete efe e ka re thusang hore re hlaolele boikokobetso? (Esaia 45:​9-12)

5 Nnete ya hore Jehova ke Mmopi e ka re ruta hore re be batho ba ikokobeditseng. Ka mora hore Jobo a inahane ho tlola, Jehova o ile a mo hopotsa hore ke Mmopi ya matla ohle. (Jobo 38:​1-4) Sena se ile sa thusa Jobo ho hopola hore ditsela tsa Modimo di phahametse tsa batho. Tumellanong le seo, moprofeta Esaia o ile a ngola a re: “Na letsopa le ka re ho Sebopi: ‘O etsang?’”—Bala Esaia 45:​9-12.

6. Ke neng moo re ka nnang ra hloka ho nahana ka boemo ba Jehova bo phahameng jwalo ka Mmopi wa rona? (Sheba setshwantsho.)

6 Ha motho a se a ena le dilemo tse ngata a sebeletsa Jehova, a ka qala ho itshepa ho tlola ho ena le ho batla tataiso e tswang ho Jehova le Lentsweng la Hae. (Jobo 37:​23, 24) Empa ho thweng haeba motho a nahana ka botebo ka bohlale bo ke keng ba lekanngwa le matla ao Mmopi wa hae a nang le ona? (Esa. 40:22; 55:​8, 9) Nnete ena ya bohlokwa e tla mo thusa hore a dule a ikokobeditse le hore a bone hore menahano ya Jehova e bohlokwa ka ho fetisisa ho feta ya hae.

Ditshwantsho: 1. Moholo o fana ka tlhahiso sebokeng sa baholo empa baholo ba bang ba a belaela. 2. Ha morao, moholo ya ileng a fana ka tlhahiso o shebile dinaledi lehodimong mme o a thuisa.

Ke eng e ka re thusang hore re dule re ena le pono e nepahetseng ka maikutlo a rona? (Sheba serapa sa 6)d


7. Moradi wa bo rona Rahela o ile a etsang e le hore a amohele phetoho e ileng ya eba teng ka mokgatlong?

7 Moradi wa bo rona Rahela ya dulang Slovenia o hlokometse seo. Ho nahana ka Mmopi wa hae ho mo thusitse hore a amohele diphetoho tse bang teng ka mokgatlong. O re: “Ka dinako tse ding ho ne ho se bonolo hore ke amohele diqeto tse entsweng ke ba etellang pele. Ka mohlala, ke ne ke tshohile ha ke bona ka lekgetlo la pele morabo rona a fana ka puo a le ditedu le ka mora hore ke shebelle Tlaleho ya Borobedi ya 2023 ya Sehlopha se Busang. Ka hoo, ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ke amohele phetoho ena.” Moradi wa bo rona Rahela o ile a lemoha hore Jehova jwalo ka ha e le Mmopi wa lehodimo le lefatshe, o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho tataisa mokgatlo wa hae. Haeba o thatafallwa ke ho amohela kutlwisiso e ntjha le tataiso e ntjha, ke hobaneng ha ka boikokobetso o sa thuise ka bohlale bo ke keng ba lekanngwa le matla a maholo oa Mmopi wa rona a nang le ona?—Bar. 11:​33-36.

MABAKA AO MODIMO A DUMELLANG MATHATA KA ONA

8. Ho ithuta hore na ke hobaneng ha Modimo a dumelletse mathata ho re tswetse molemo jwang?

8 Ke hobaneng ha Modimo a dumella hore re hlahelwe ke mathata? Batho ba bang ba ileng ba hloleha ho fumana karabo ya potso ena ba ile ba kwatela Modimo kapa ba etsa qeto ya hore Modimo ha a yo. (Diprov. 19:3) Empa ho fapana le batho baa, re ithutile hore sebe seo re se futsitseng le ho se phethahale ke tsona tse bakileng mathata, eseng Jehova. Re boetse re ithutile hore mamello ya Jehova e thusitse batho ba dimilione hore ba mo tsebe le hore ba iponele ka bobona ka moo Jehova a tla fedisa mathata ka ho feletseng ka teng. (2 Pet. 3:​9, 15) Ho tseba dinnete tsena ho o tshedisitse ha ba ha o atametsa haufi le yena.

9. Ke neng moo re ka nnang ra hloka ho hopola mabaka a hore na ke hobaneng ha Jehova a dumelletse hore re hlahelwe ke mathata?

9 Re a utlwisisa hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re mamelle ha re ntse re emetse Jehova hore a fedise mathata. Ho ntse ho le jwalo, ha batho bao re ba ratang kapa rona re utlwa bohloko, re tshwarwa ka ho hloka toka kapa re lahlehelwa ke batho bao re ba ratang, re ka ipotsa hore na ke hobaneng ha Jehova a sa fedise dintho tse re utlwisang bohloko ka potlako. (Hab. 1:​2, 3) Ha re ikutlwa jwalo, re tla be re etsa hantle ha re nahana ka mabaka ao ka ona Jehova a dumelletseng batho ba lokileng hore ba utlwe bohloko.a (Pes. 34:19) Re boetse re ka nahana ka morero wa hae wa ho fedisa mathata ka ho felletseng.

10. Ke eng e thusitseng Moradi wa bo rona Anne hore a sebetsane le bohloko ba ho hlokahallwa ke mme wa hae?

10 Ho tseba hore na ke hobaneng ha Modimo a dumelletse mathata ho ka re thusa hore re mamelle. Moradi wa bo rona Anne ya dulang sehlekehlekeng sa Mayotte, se Lewatleng la Indian, o re: “Ho hlokahallwa ke Mme dilemong tse mmalwa tse fetileng ho ile ha nkutlwisa bohloko haholo. Le ha ho le jwalo, ke dula ke ikgopotsa hore Jehova ha se yena ya re bakelang mathata. O ikemiseditse ho fedisa mathata ohle a re hlahelang le ho tsosa baratuwa ba rona. Ho thuisa ka dinnete tsena ho tlisetsa kgotso ya kelello eo hangata ke sitwang ho e utlwisisa.”

11. Ho tseba mabaka a Jehova a ho dumella hore re hlahelwe ke mathata ho re thusa jwang hore re tswele pele re bolela?

11 Ho tseba nnete ya hore na ke hobaneng ha Modimo a dumelletse hore re hlahelwe ke mathata, ho ka re thusa hore re tswele pele re bolela. Moapostola Petrose o ile a re lebaka le leng le etsang hore ebe Jehova ha a eso tlise bofelo ke hobane a batla hore batho ba bake mme ba pholohe. O ile a boela a hlalosa seo re lokelang ho se etsa ha a re: “Le ele hloko hore na le tshwanela ho ba batho ba mofuta ofe. Le lokela ho halalela le ho sebeletsa Modimo ka botshepehi.” (2 Pet. 3:11) Tshebeletso ya tshimo ke e nngwe ya dintho tse bontshang hore re “sebeletsa Modimo ka botshepehi.” Jwalo ka Ntate wa rona, re rata batho. Re batla hore ba phele lefatsheng le letjha la Modimo. Ka mamello, Jehova o fa batho ba sebakeng sa heno monyetla wa hore ba mo sebeletse. Ke tlotla e kgolo eo o nang le yona ya hore o be mosebetsimmoho le Modimo le ho thusa batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang ho ithuta ka yena pele bofelo bo tla.—1 Bakor. 3:9.

RE PHELA “MEHLENG YA BOFELO”

12. Taba ya hore re ithutile hore re phela “mehleng ya bofelo” e re tswetse molemo jwang?

12 Bibele e bolela ka ho hlaka hore na batho ba ne ba tla ba jwang “mehleng ya bofelo.” (2 Tim. 3:​1-5) Ha re bona ka moo batho ba itshwereng ka teng, re bona ka ho hlaka hore boprofeta bona ba Bibele bo a phethahala. Ha re bona boitshwaro ba batho bo ntse bo mpefala, re kgodiseha le ho feta hore Lentswe la Modimo le a tshepahala.—2 Tim. 3:​13-15.

13. Re nahanne ka papiso ya Jesu e ho Luka 12:​15-21, re ka nna ra ipotsa dipotso dife?

13 Ho tseba hore re phela mehleng ya bofelo ho boetse ho re thusa hore re tsepamise dikelello tsa rona dinthong tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Papisong ya Jesu e ho Luka 12:​15-21 (E bale.) re ka ithuta hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho tsepamisa dikelello tsa rona dinthong tse lokelang ho tla pele bophelong ba rona. Ke hobaneng ha ho ile ha thwe monna eo ya ruileng ke “ya se nang kelello”? Ke hobane o ne a sa tsebe dintho tse tlang pele bophelong ba hae, eseng hore o ne a ruile. O ile a ‘ipokelletsa ka maruo empa mahlong a Modimo e ne e le mofutsana.’ Ke hobaneng ha taba ee e le ya bohlokwa? Modimo o ile a re ho monna eo: “O tlo shwa bosiung bona.” Mehleng ena, ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela, re ka nna ra ipotsa: ‘Na dipakane tsa ka di bontsha hore ke tsepamisitse kelello ya ka dinthong tsa bohlokwa? Ke thusa bana ba ka hore ba ipehele dipakane dife? Na ke sebedisa matla a ka, nako ya ka le tjhelete ya ka ho ipolokela matlotlo lefatsheng kapa lehodimong?’

14. Jwalo ka ha mohlala wa Moradi wa bo rona Miki o bontsha, ke hobaneng ha e le bohlale ho nahanisisa ka bopaki bo ka Mangolong ba hore re phela mehleng ya bofelo?

14 Ha re nahana ka bopaki ba hore ka nnete re phela mehleng ya bofelo, seo se ka fetola tsela eo re bonang dintho ka yona. Moradi wa bo rona Miki o ile a etsahallwa ke se tshwanang. O re: “Ha ke qeta sekolo, ke ne ke batla mosebetsi o tla ntumella hore ke ithute ka diphoofolo. Ke ne ke boetse ke ena le pakane ya ho ba pulamadiboho ya ka mehla le ho ya tlhokahalong. Metswalle ya ka e hodileng moyeng e ile ya nkeletsa hore ke nahane ka hloko ka hore na ke tla kgona ho etsa mosebetsi oo ke o batlang ha ka nako e tshwanang ke le pulamadiboho ya ka mehla kapa ke ya moo ho nang le tlhokahalo teng. E ile ba nkgopotsa hore lefatshe lena le haufi le ho fela. Ka lehlakoreng le leng, lefatsheng le letjha ke tla ba le monyetla wa ho ithuta ka diphoofolo tse ngata ka ho sa feleng. Ka hoo, ke ile ka kgetha ho ya sekolong ke ilo ithuta ntho e sa tlo nka nako e telele e tla nthusa hore ke etse mosebetsi wa matsoho. Sena se ile sa etsa hore ke fumane mosebetsi o tla nthusa hore ke tswele pele ke le bopulamadiboho ya ka mehla le hore ha morao ke ye Ecuador, moo ho nang le tlhokahalo ya bahweletsi.” Moradi wa bo rona Miki le monna wa hae ke bapotolohi naheng eo hona jwale.

15. Na batho ba sa thahaselleng ba ntse ba ka amohela molaetsa wa Mmuso? Fana ka mohlala. (Sheba ditshwantsho.)

15 Ha re a lokela ho nyahama ha batho ba hana ho mamela ditaba tse monate qalong. Batho ba ka fetoha. Nahana ka mohlala wa Jakobo, ngwana wa bo Jesu. O bone ha Jesu a hola, eba Mesia le ha a ruta ka tsela e fetang ya motho le ha e le ofe. Ho ntse ho le jwalo, Jakobo ha ya ka ya eba molatedi wa Jesu ka dilemo tse ngata. E ne e le hona e bang morutuwa ka mora hore Jesu a tsoswe. Ha e le hantle, Jakobo e ile ya eba morutuwa ya tjhesehang.b (Joh. 7:5; Bagal. 2:9) O se ke wa kgella fatshe bohlokwa ba ho pakela ba malapa ba eso kang ba bontsha thahasello kapa ho bua le batho ba sa kang ba amohela ditaba tse monate tsa Mmuso pele. Hopola hore re phela mehleng ya bofelo, ka hoo mosebetsi wa boboledi o potlakile. Seo o ba bolellang sona hona jwale se ka ba ama ha morao, mohlomong le ka mora hore mahlomola a maholo a qale.c

Moradi wa bo rona o etsa thuto ya botho mme o letsetsa ausi wa hae ya sa dumelang ha a ntseng a reka dijo a ena le moradi wa hae ya monyenyane.

Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra nyahamela ho pakela ba lelapa? (Sheba serapa sa 15)e


DULA O ANANELA DIKGOPOTSO TSA JEHOVA

16. O ruile molemo jwang dikgopotsong tsa Jehova? (Sheba lebokose le reng “Sebedisa Dinnete Tsa Motheo Tsa Bibele ho Thusa Batho ba Bang.”)

16 Tse ding tsa dijo tsa moya tseo re di fumanang, di lokiseditswe batho ba eso ka ba utlwa dinnete tsa motheo tsa Bibele. Ka mohlala, dipuo tsa phatlalatsa tsa beke le beke, dihlooho tse itseng le divideo tse ho jw.org le dimakasine tsa batho bohle, di etseditswe ka ho kgetheha batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova. Le ha ho le jwalo, le rona re rua molemo dikgopotsong tseo. Di tebisa lerato la rona ho Jehova, di matlafatsa tumelo ya rona Lentsweng la hae ebile di re thusa hore re ntlafatse tsela eo re rutang batho ba bang dinnete tsa motheo ka yona.—Pes. 19:7.

Sebedisa Dinnete Tsa Motheo Tsa Bibele ho Thusa Batho ba Bang

Ha o bala sehlooho, o shebella video kapa o mamela puo e lokiseditsweng batho ba sa tswa bontsha thahasello, nahana hore na o ka sebedisa boitsebiso boo ho thusa ba bang jwang. O ka nna wa ipotsa:

  • ‘Ke bopaki bofe bo sebedisitsweng ho kgodisa batho baa?’

  • ‘Na ho na le mohlala o sebetsang oo nka o sebedisang ha ke ruta motho e mong dinnete tsee?’

  • ‘Ke mang ya ka nnang a thahasella nnete e sehloohong see, mme nka mo bolella yona neng?’

17. Ke maemong afe ao re ka nnang ra hloka ho ikgopotsa dithuto tsa motheo tsa Bibele?

17 Re le Dipaki Tsa Jehova, re thaba haholo ha kutlwisiso ya rona ya nnete ya Mangolo e hlakiswa. Le ha ho le jwalo, re boetse re ananela haholo dithuto tsa Bibele tsa bohlokwa tseo re qadileng ho ithuta tsona tse ileng tsa re hulela nneteng. Haeba re ka lekeha ho tsitlella maikutlong a rona ho ena le ho latela ditaelo tse tswang mokgatlong wa Jehova, ka boikokobetso re ka hopola hore Mmopi ya matla ohle le ya bohlale ka ho fetisisa ke yena ya tataisang mokgatlo ona. Ha re hlahelwa ke mathata kapa a hlahela baratuwa ba rona, re ka mamella mme ra hopola hore na ke hobaneng ha Jehova a dumelletse mathata. Hape ha re kgetha hore na re ka sebedisa nako ya rona le dintho tseo re nang le tsona jwang, re ka hopola hore re phela mehleng ya bofelo, mme nako e se e jele babedi. E se eka dikgopotso tsa Jehova di ka tswela pele ho re etsa hore re be bohlale, ho re matlafatsa le ho re kgothatsa.

RE KA ITHUTA ENG DITHUTONG TSEE TSA MOTHEO TSA BIBELE?

  • Jehova ke Mmopi

  • Mabaka ao Modimo a dumellang mathata ka ona

  • Re phela “mehleng ya bofelo”

PINA YA 95 Lesedi le Kganya ka ho Eketsehileng

a Sheba sehlooho se reng “Lebaka Leo Mahlomola ’Ohle a Tla Fela ka Lona Haufinyane” ho Molula-Qhooa wa May 15, 2007, maq. 21-25.

b Sheba thuto ya 8 bukaneng ya Rata Batho o ba Etse Barutuwa.

c Sheba sehlooho se reng “Re Tsebang ka Kahlolo ya Jehova ya Nakong e Tlang?” ho Tora ya ho Lebela ya May 2024, maq. 8-13.

d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Sehlopha sa baholo ha se dumellane le tlhahiso ya moholo e mong. Ha morao ha a sheba dinaledi, o susumelletseha hore a lokise pono ya hae, hobane seo Mmopi ya bohlale le ya matla a se batlang se bohlokwa haholo ho feta seo yena a se batlang.

e TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Ha moradi wa bo rona a ntse a etsa thuto ya botho, o hlahloba bopaki ba hore re phela mehleng ya bofelo, mme sena se mo susumelletsa hore a letsetse ausi wa hae e le hore a mo pakele.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share