SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 31
PINA YA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
Na o se o “Ithutile Seo Batho ba Bangata ba sa se Tsebeng” ka ho Kgotsofala?
“Ke ithutile ho kgotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.”—Bafil. 4:11.
NTLHAKGOLO
Re tlo ithuta ho kgotsofala ka hore re hlaolele ho ba batho ba nang le kananelo, ba tsepamisang mohopolo ho seo Jehova a se batlang ebile ba ikokobeditse, le ba nahanisisang ka tshepo ya bona ka bokamoso.
1. Ho kgotsofala ho bolela eng, hona ha ho bolele eng?
NA O motho ya kgotsofalang? Motho ya kgotsofalang o a thaba ebile o ba le kgotso ka lebaka la ho tsepamisa maikutlo ditlhohonolofatsong tseo a nang le tsona. Ha a kwate kapa hona ho halefa hobane ho na le dintho tseo a se nang tsona. Le ha ho le jwalo, ho kgotsofala ha ho bolele hore re lokela ho ba batho ba sa tsotelleng. Ka mohlala, ho loketse hore Mokreste a etse boiteko ba ho batla menyetla ya ho eketsa tshebeletso ya hae. (Bar. 12:1; 1 Tim. 3:1) Le ha ho le jwalo, ha a kwate ha a sa fumane ditokelo kapele ka moo a neng a lebelletse ka teng.
2. Ke hobaneng ha ho se kgotsofale ho le kotsi?
2 Ho se kgotsofale ho ka etsa hore ho be le ditlamorao tse bohloko. Batho bao ho se nang mohla ba kgotsofallang dintho tseo ba nang le tsona, ba ka nna ba sebetsa dihora tse ngata e le hore ba be le dintho tseo ha e le hantle ba sa di hlokeng. Ka maswabi, Bakreste ba bang ba ile ba utswa tjhelete le dintho tse ding tseo ba di batlang. Mohlomong ba ile ba ipolella ba re, ‘le nna ntho ena e lokela ho ba ya ka,’ ‘e se e le nako e telele ke e emetse,’ kapa ‘ke tla patala tjhelete ena ha morao.’ Le ha ho le jwalo, ho utswa le ha e le ka tsela efe ha ho thabise Jehova ebile ho a mo hlompholla. (Diprov. 30:9) Ba bang ba ile ba swetseha ha ba sa fumane ditokelo hoo qetellong ba ileng ba tlohela ho sebeletsa Jehova ka ho felletseng. (Bagal. 6:9) Ho tla jwang hore motho ya inehetseng ho Jehova a nahane ka tsela e jwalo? E ka nna yaba bothata e ile ya eba hore hanyane ka hanyane motho eo o ile a qala ho se kgotsofale.
3. Ke eng e ka re kgothatsang eo re ithutang yona lengolong la Bafilipi 4:11, 12?
3 Kaofela ha rona re ka kgona hore re be batho ba kgotsofalang. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ke ithutile ho kgotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.” (Bala Bafilipi. 4:11, 12.) O ile a ngola mantswe ana ha a ntse a le teronkong. Ho ntse ho le jwalo, ha a ka a lahlehelwa ke thabo ya hae ka ha o “ithutile seo batho ba bangata ba sa se tsebeng” ka ho kgotsofala. Haeba ho le thata hore re kgotsofale, mohlala wa Pauluse le mantswe a hae a a re tiisetsa hore re ka kgona ho ba batho ba kgotsofalang. Ha re a lokela ho lebella hore ho tla ba bonolo hore re kgotsofalle maemo a rona. Ho ena le hoo, re lokela ho ithuta ho ba batho ba kgotsofalang. Re ka etsa seo jwang? A re hlahlobeng makgabane a tla re thusa hore re ithute seo batho ba bangata ba sa se tsebeng ka ho kgotsofala.
HLAOLELA KANANELO
4. Ho ba le kananelo ho re thusa jwang hore re kgotsofale? (1 Bathesalonika 5:18)
4 Ho ananela ho etsa hore motho a kgotsofale. (Bala 1 Bathesalonika 5:18.) Ka mohlala, haeba e le ka nnete re ananela dintho tseo re nang le tsona bophelong, re ke ke ra tshwenyeha haholo ka dintho tseo re di batlang empa re se na tsona. Ha re ananela dikabelo tseo re nang le tsona, re tla nahana ka ho etsa sohle seo re ka se kgonang dikabelong tseo, ho ena le ho dula re nahana ka ho fumana dikabelo tse ntjha. Ha se feela Mangolo a re kgothalletsang hore re tswele pele ho leboha Jehova ha re rapela. Ha re le batho ba ananelang, re tla ba le “kgotso [ya Modimo] eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.”—Bafil. 4:6, 7.
5. Baiseraele ba ne ba ena le mabaka afe a ho bontsha kananelo? (Sheba setshwantsho.)
5 Nahana ka se ileng sa etsahalla Baiseraele. Ka makgetlo a mangata, ba ile ba tletleba ho Jehova ka hore ha ba na dijo tseo ba neng ba di thabela Egepeta. (Num. 11:4-6) Ke nnete hore bophelo bo ne bo se bonolo lefeelleng. Empa ba ka be ba thusitswe ke eng hore ba kgotsofale? Ba ka be ba ile ba hopola dintho tsohle tseo Jehova a neng a se a ba etseditse tsona mme ba di ananela. Hape ba ka be ba ile ba hopola hore ha e ntse e le makgoba Egepeta mme ba tshwarwe hampe, Jehova o ile a tlisetsa Baegepeta dikotlo tse leshome yaba o a ba pholosa. Ka mora hore ba lokollwe, ba ile “ba nkela Baegepeta dintho tsohle tsa bona” jwalo ka silevera, kgauta le diaparo. (Ex. 12:35, 36) Ha Baiseraele ba ne ba eme le monna wa mateneng lewatleng le lefubedu, ka mohlolo Jehova o ile a arola metsi a lewatle e le hore ba kgone ho feta. Ha ba ntse ba tsamaya lefeelleng, Jehova o ile a ba fepa letsatsi le leng le le leng ka manna. Jwale bothata ba Baiseraele e ne e le bofe? Ba ne ba sa kgotsofale, eseng hobane ba ne ba se na dijo tseo ba di hlokang empa hobane ba ne ba sa ananele dintho tseo ba neng ba ena le tsona.
Ke hobaneng ha Baiseraele ba sa ka ba kgotsofala? (Sheba serapa sa 5)
6. Re ka hlaolela ho bontsha kananelo ka ditsela dife?
6 Ka hoo, o ka hlaolela ho bontsha kananelo jwang? Ntlha ya pele, iphe nako letsatsi le leng le le leng ya ho nahana ka dintho tse molemo tseo o di thabelang. O ka nna wa ngola dintho tse pedi kapa tse tharo tseo o di ananelang. (Dillo 3:22, 23) Ya bobedi, bolella batho ba o etseditseng ntho e itseng hore o a leboha. Ka hodima tsohle, leboha Jehova ka mehla. (Pes. 75:1) Ya boraro, etsa bonnete ba hore metswalle ya hao e haufiufi ke batho ba ananelang. Ho ananela ho a tshwaetsa, le ho se kgotsofale ho a tshwaetsa. (Deut. 1:26-28; 2 Tim. 3:1, 2, 5) Ha re batla menyetla ya ho leboha batho ba bang, boikutlo ba ho se kgotsofale bo tla fokotseha.
7. Ke eng e ileng ya thusa Moradi wa bo rona Aci hore a kgotsofale?
7 Nahana ka se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Aci, ya dulang Indonesia. O re: “Nakong ya sewa sa COVID-19, ke ile ka qala ho bapisa maemo a ka le a Bakrestemmoho le nna. Qetellong, ke ile ka ba motho ya sa kgotsofaleng.” (Bagal. 6:4) O ile a thuswa ke eng hore a fetole monahano wa hae? O re: “Ke ile ka qala ho nahana ka ditlhohonolofatso tseo ke neng ke di fumana letsatsi le leng le le leng. Ka boela ka nahana ka dintho tse ngata tse ntle tseo ke nang le tsona ka lebaka la ho ba karolo ya mokgatlo wa Modimo. Ka mora moo, ke ile ka leboha Jehova ka dintho tsena. Qetellong, ke ile ka ikutlwa ke kgotsofetse e le ka nnete.” Haeba o ikutlwa o sa kgotsofala ka lebaka la maemo a hao, etsa seo Moradi wa bo rona Aci a ileng a se etsa e le hore o ananele?
TSEPAMISA MOHOPOLO HO SEO JEHOVA A SE BATLANG MME O DULE O IKOKOBEDITSE
8. Baruke o ile a wela lerabeng lefe?
8 Baruke eo e neng e le mongodi wa moprofeta Jeremia, o ile a wela lerabeng la ho se kgotsofale ka nakwana. Baruke o ne a ena le mosebetsi o boima. O ile a tshehetsa Jeremia ha a ne a bolella setjhaba se sa ananeleng molaetsa o boima. Ho na le nako eo Baruke a ileng a hloleha ho tsepamisa mohopolo ho seo Jehova a neng a batla hore a se etse. Ho ena le hoo, o ile a qala ho inahana boyena le ho nahana ka seo a neng a batla ho se etsa. Jehova o ile a re ho Baruke a sebedisa Jeremia: “O ntse o ipatlela dintho tse kgolo. Kgaotsa ho di batla.” (Jer. 45:3-5) Ka mantswe a mang o ne a re: “Kgotsofalla maemo a hao.” Baruke o ile a amohela kgalemelo mme a dula e le motswalle wa Jehova ya haufi.
9. Ho ya ka 1 Bakorinthe 4:6, 7, boikokobetso bo tla o thusa hore o hlokomele eng? (Sheba setshwantsho.)
9 Ka dinako tse ding, Mokreste a ka nna a ikutlwa eka o tshwanelwa ke ho fuwa tokelo e itseng tshebeletsong. E ka nna yaba ke motho ya nang le talenta, ya sebetsang ka thata, ya nang le boiphihlelo kapa mohlomong o na le tsona kaofela. Le ha ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba fuwa tokelo yona eo a neng a ka thabela hore a e fuwe. A ka thuswa ke eng hore taba ee e se ke ya mo utlwisa bohloko? A ka nahana ka seo moapostola Pauluse a se ngotseng ho 1 Bakorinthe 4:6, 7. (E bale.) Ditokelo le ditalenta tsohle tseo re nang le tsona di tswa ho Jehova. Ha a re fa dintho tsena hobane re le bohlokwa ho feta batho ba bang. Ho ena le hoo, dintho tsena kaofela di bontsha mosa o sa tshwanelang wa Jehova.—Bar. 12:3, 6; Baef. 2:8, 9.
Mpho efe kapa efe eo re nang le yona ke ka lebaka la mosa o sa tshwanelang wa Jehova (Sheba serapa sa 9)b
10. Re ka hlaolela boikokobetso jwang?
10 Re ka hlaolela boikokobetso ka hore re nahane ka botebo ka mohlala oo Jesu a re behetseng wona. Nahana ka se ileng sa etsahala bosiung boo Jesu a ileng a hlatswa maoto a baapostola ba hae. Moapostola Johanne o ile a re: “Ka ha Jesu o ne a tseba hore [1] Ntate wa hae o mo file dintho tsohle le [2] hore o tswa ho Modimo mme [3] o kgutlela ho yena, . . . a hlatswa maoto a barutuwa.” (Joh. 13:3-5) Jesu a ka be a ile a utlwa e le yena ya tshwanelwang ke ho hlatsuwa maoto. Empa ha a ntse a le lefatsheng, ha ho le ka mohla a ileng a utlwa a tshwanelwa ke bophelo bo atlehileng le bo mabothobotho. (Luka 9:58) O ne a ikokobeditse ebile a kgotsofetse. O re behetse mohlala o motle.—Joh. 13:15.
11. Boikokobetso bo ile ba thusa Morabo rona Dennis jwang hore a kgotsofale?
11 Morabo rona Dennis ya tswang Netherlands, o ile a leka ho latela mohlala wa Jesu wa boikokobetso empa ho ne ho se bonolo. O re: “Ka dinako tse ding, ke ye ke hlokomele hore boikutlo ba ho ikgohomosa kapa ho se kgotsofale bo a hola ka hare ho nna, jwalo ka ha ke bona motho e mong a fumana kabelo e itseng. Ha seo se etsahala, ke ithuta ka tshobotsi ya boikokobetso. Ho JW Library® app, ke entse tag ya mangolo a itseng a buang ka ho ikokobetsa e le hore nka a fumana kapele ebe ke a bala hape. Ke boetse ke daonloudile dipuo tse buang ka boikokobetso fonong ya ka mme ke di mamela hangata.a Ke ithutile hore mesebetsi yohle eo re e etsang re e etsa e le hore re tlotlise Jehova, eseng rona. Ka mosa, Jehova o dumelletse e mong le e mong wa rona hore a phethe karolo e nyenyane, empa ke yena ya etsang hore mosebetsi o atlehe.” Haeba o qala ho ikutlwa o sa kgotsofalle boemo ba hao, nka mehato e loketseng e le hore o hlaolele boikokobetso. Seo se tla matlafatsa setswalle sa hao le Jehova mme se tla o thusa hore o kgotsofale.—Jak. 4:6, 8.
NAHANISISA KA TSHEPO YA HAO KA BOKAMOSO
12. Ke tshepo efe ka bokamoso e re thusang hore re kgotsofale? (Esaia 65:21-25)
12 Ha re thuisa ka tshepo e babatsehang ka bokamoso, re ikutlwa re kgotsofetse haholo. Mantswe a Jehova a tlalehilweng ke moprofeta Esaia a bontsha hore Jehova o a utlwisisa hore mehleng ena bophelo bo a nyahamisa mme o a re tiisetsa hore o tla tlosa mathata ao a re nyahamisang. (Bala Esaia 65:21-25.) Re tlo phela re sireletsehile mme re dula matlong a matle. Re tlo thabela mosebetsi mme re je dijo tse monate le tse nang le phepo. Ha re sa tla hlola re tshwenyeha ka hore re tla hlahelwa ke dintho tse kotsi kapa di hlahele bana ba rona. (Esa. 32:17, 18; Ezek. 34:25) Bokamoso ba rona bo a thabisa ebile bo sireletsehile.
13. Ke maemong afe ka ho kgetheha ao ho ona re hlokang hore re nahane ka tshepo ya rona ya bokamoso?
13 Ke hobaneng ha ka ho kgetheha e le ha bohlokwa ho dula re nahana ka tshepo ya rona ka bokamoso? Hobane re phela “matsatsing a ho qetela” mme kaofela ha rona re na le mathata ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ona.’ (2 Tim. 3:1, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Letsatsi le leng le le leng Jehova o re thusa hore re mamelle ka ho re fa tataiso, matla le tshehetso eo re e hlokang. (Pes. 145:14) Ho ekelletsa moo, tshepo ya rona e ka re thusa haholoholo ha re ena le mathata. Mohlomong o sebetsa ka thata hore o hlokomele lelapa la hao ka dintho tseo le di hlokang. Na see se bolela hore le tla dula le sotleha ho ya ho ile? Ka nnete ha ho jwalo! Jehova o o tshepisa hore Paradeiseng o tla o fa dintho tsohle tseo o di hlokang le tse ding tse ngatangata. (Pes. 9:18; 72:12-14) Mohlomong o dula o opelwa, o na le kgatello ya maikutlo kapa o na le bolwetse bo bong bo sa foleng. Na see se bolela hore o tla dula o sotleha ho ya ho ile le hore o ke ke wa ba betere? Ha ho jwalo. Ho kula le lefu ha di sa tla hlola di eba teng lefatsheng le letjha la Modimo. (Tshen. 21:3, 4) Tshepo ena e re thusa hore re kgotsofale hona jwale le hore re se ke ra utlwa bohloko kapa ra kwata ka lebaka la dintho tse re etsahallang. Re ka dula re kgotsofetse ha re tshwarwa ka ho hloka toka, re lahlehelwa ke motho eo re mo ratang, re mamella ho kula kapa re hlahelwa ke dintho tse ding tse bohloko bophelong. Hobaneng? Hobane ho sa tsotellehe hore na mathata a rona a boima hakae hona jwale, re a tseba hore ke a “nakwana” le hore lefatshe le letjha le tlo re tlisetsa tharollo ya moshwelella.—2 Bakor. 4:17, 18.
14. Re ka matlafatsa tshepo ya rona jwang?
14 Ka ha ke ha bohlokwa hore re be le tshepo e le hore re kgotsofale, re ka matlafatsa tshepo eo jwang? Feela jwalo ka ha motho a ka hloka dikgalase tsa mahlo e le hore a bone dintho tse hole, le rona re ka nna ra hloka ho nka mehato e loketseng ho matlafatsa tshepo ya rona e le hore re ka bona Paradeise ka ho hlakileng. Ka mohlala, ha re ikutlwa re tshwenyehile haholo hobane ho le thata ho ba le tjhelete e lekaneng bakeng sa ho phela, re ka nahana ka hore na bophelo bo tla ba jwang ha re se re sa hloke tjhelete mme ho se na motho ya sotlehileng. Haeba re tshwenyehile ka ditokelo tseo re eso ka re di fumana, re ka nahana ka moo ditokelo tseo e ke keng ya hlola e eba tsa bohlokwa ka mora hore re phethahale mme re se re sebeleditse Jehova ka dilemo tse dikete. (1 Tim. 6:19) Hona jwale re tshwenyeha ka dintho tse ngata hoo ho ka bang thata ho nahana ka ditshepiso tsa nako e tlang. Le ha ho le jwalo, ha nako e ntse eya, ho tla itlela feela ho nahana ka bokamoso boo Jehova a re tshepisitseng bona.
15. O ithutang ho seo Moradi wa bo rona Christa a se buileng?
15 Nahana ka moo ho ba le tshepo ho ileng ha thusa Moradi wa bo rona Christa ya nyetsweng ke Morabo rona Dennis, eo re buileng ka yena pejana. O re: “Ke na le bokudi ba mesifa bo sa foleng bo nqobellang hore ke sebedise wheelchair le hore boholo ba nako ke dule ke le betheng. Ke dula ke opelwa letsatsi le leng le le leng. Ngaka ya ka e sa tswa mpolella hore maemo a ka a a hlobaetsa. Empa kapele ke ile ka re, ‘o bona bokamoso ka tsela e fapaneng le ya ka.’ Ke nahana ka tshepo eo ke nang le yona mme e mpha kgotso ya kelello. Hona jwale nka nna ka tlameha ho mamella ho phela lefatsheng lena empa ke tla thabela ho phela lefatsheng le letjha ka ho felletseng.”
“BA MO TSHABANG HA BA HLOKE LETHO”
16. Ke hobaneng ha Morena Davida a ile a re ‘ba tshabang Jehova ha ba hloke letho’?
16 Mohlanka wa Jehova ya kgotsofetseng o ntse a tla kopana le mathata. Morena Davida o ile a utlwiswa bohloko ke ho lahlehelwa ke bonyane bana ba bararo. O ile a qoswa ka diqoso tsa bohata, a swetswa yaba ya eba mophaphathehi hobane ba ne ba batla ho mo bolaya. Ho ntse ho le jwalo, nakong eo a neng a mamelletse teko e boima o ile a re ka Jehova: “Ba mo tshabang ha ba hloke letho.” (Pes. 34:9, 10) Ke hobaneng ha a ne a ka tjho jwalo? Hobane le hoja re le batho ba Jehova, ha re a lebella ho phela bophelo bo se nang mathata. Re kgodisehile hore re tla dula re ena le dintho tseo re di hlokang e le ka nnete. (Pes. 145:16) Re ka tshepa hore Jehova o tla re thusa hore re mamelle mathata a rona. Re ka kgona hore re kgotsofale.
17. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho ithuta seo batho ba sa se tsebeng ka ho kgotsofala?
17 Jehova o batla hore o kgotsofale. (Pes. 131:1, 2) Ka hoo, leka ka thata ho ithuta ka seo batho ba sa se tsebeng ka ho kgotsofala. Haeba o sebetsa ka thata ho hlaolela ho ananela, ho dula o ikokobeditse le ho matlafatsa tshepo ya hao ka bokamoso, o tla kgona hore o re: ‘Ka nnete ke kgotsofetse.’—Pes. 16:5, 6.
PINA YA 118 Re fe Tumelo e Matla
a Ka mohlala, shebella lenaneo la Borapedi ba Hoseng le nang le sehlooho se reng Jehova o Hlokomela Batho ba Ikokobeditseng le le nang le sehlooho se reng Na o Ikokobeditse Kapa o a Ikgohomosa? ho jw.org/st-za
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona o etsa mosebetsi wa ho hlokomela moaho wa mokgatlo, moradi wa bo rona ya ithutileng puo ya matsoho o botswa dipotso kopanong ya potoloho mme morabo rona o fana ka puo ya phatlalatsa.