SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 32
PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa
Ka Moo Jehova a re Thusang ka Teng Hore re Mamelle
“Modimo ya bontshang mosa ka ditsela tse sa tshwaneng . . . o tla le tiisa, a le thuse hore le dule le tshepahala a be a le matlafatse.”—1 PET. 5:10.
NTLHAKGOLO
Jehova o re file dintho tse tla re thusa hore re mamelle. Re tla bona hore na di ka re tswela molemo jwang.
1. Ke hobaneng ha re hloka ho ba le mamello, mme ke mang ya ka re thusang? (1 Petrose 5:10)
MEHLENG ena ya bofelo, batho ba Jehova ba hloka hore ba be le mamello. Ba bang ba na le bokudi bo sa foleng. Ba bang bona ba sebetsana le bohloko ba ho lahlehelwa ke motho eo ba mo ratang. Ha ba bang bona ba hloriswa ke ba malapa kapa ba boholong pusong. (Mat. 10:18, 36, 37) Empa kgodiseha hore ho sa tsotellehe hore na o tobana le mathata afe, Jehova a ka o thusa hore o mamelle.—Bala 1 Petrose 5:10.
2. Ke hobaneng ha re kgona ho mamella?
2 Ho mamella ke bokgoni ba ho tiisetsa le ho dula re ena le tshepo ha re tobana le mathata, mahloriso le diteko. Re kgona ho mamella hobane Jehova o re fa “matla a sa tlwaelehang.” (2 Bakor. 4:7) Re ke ke ra kgona ho mamella ntle le thuso ya hae. Sehloohong sena, re tlo bua ka dintho tse nne tseo Jehova a re fileng tsona tse re thusang hore re mamelle. Re tla boela re bone hore na re ka rua molemo jwang ho tsona.
THAPELO
3. Ke hobaneng ha re ka re ho buisana le Jehova ka thapelo ke ntho e hlollang?
3 Jehova o re etseditse ntho e hlollang e ka re thusang hore re mamelle. O entse hore re kgone ho bua le yena ho sa tsotellehe boemo ba rona ba ho se phethahale. (Baheb. 4:16) Nahana ka sena: Re ka rapela Jehova ka dinako tsohle le ka taba le ha e le efe. Ho sa tsotellehe hore na re bua puo efe kapa hore na re hokae, Jehova o kgona ho re utlwa le haeba re le teronkong. (Jon. 2:1, 2; Dik. 16:25, 26) Haeba re tshwenyehile haholo hoo re sa kgoneng ho bua se ka dipelong tsa rona, Jehova o ntse a kgona ho utlwisisa seo re batlang ho se bua. (Bar. 8:26, 27) Ka nnete ho buisana le Jehova ka thapelo ke ntho e hlollang!
4. Ke hobaneng ha re ka re ho rapella ho ba le mamello ho tumellanong le thato ya Jehova?
4 Ka Lentsweng la hae, Jehova o re tiisetsa hore ‘ho sa tsotellehe hore na re kopa eng ho yena, ha feela e le tumellanong le thato ya hae, o tla re utlwa.’ (1 Joh. 5:14) Na re ka kopa Jehova hore a re thuse ho mamella? E! Ho etsa jwalo ho tumellanong le thato ya hae. Ke hobaneng ha re ka tjho jwalo? Hobane Jehova o kgona ho araba ya mo rohakang, e leng Satane Diabolose. (Diprov. 27:11) Ntle ho moo, Bibele e re Jehova o ikemiseditse “hore a bontshe matla a hae ka hore a thuse bohle ba mo sebeletsang ka dipelo tsohle.” (2 Dikron. 16:9) Ka hoo, re ka kgodiseha hore Jehova o na le matla le tabatabelo ya ho re thusa ho mamella.—Esa. 30:18; 41:10; Luka 11:13.
5. Ke jwang thapelo e ka re fang kgotso ya kelello? (Esaia 26:3)
5 Bibele e re ha re rapela Jehova mme re mo bolella mathata a rona ‘o tla lebela dipelo tsa rona le menahano ya rona ka ho re fa kgotso eo batho ba ke keng ba e utlwisisa.’ (Bafil. 4:7) Nahana hore na sena se bolelang. Batho ba sa sebeletseng Jehova ba tobana le mathata, mme ba ka leka mekgwa e fapaneng ya hore ba be le kgotso ya kelello. Empa kgotso eo Jehova a re fang yona ha re rapela e feta hole mokgwa le ha e le ofe oo batho ba ka o sebedisang. Ha re rapela Jehova, re bontsha hore re itshetlehile ka yena ka ho felletseng mme o re fa “kgotso e sa feleng.” (Bala Esaia 26:3.) Tsela e nngwe eo Jehova a re fang kgotso ena ka yona ke ka ho re thusa ho hopola mangolo a re kgothatsang. Mangolo ao a re hopotsa ka moo a re ratang ka teng le ka moo a batlang ho re thusa ka teng mme sena se re kgoba matshwafo.—Pes. 62:1, 2.
6. O ka rapella eng? (Sheba setshwantsho.)
6 Seo o ka se etsang. Ha o ntse o mamelletse teko, “lahlela morwalo wa hao ho Jehova” mme o rapelle hore a o fe kgotso. (Pes. 55:22) O ka boela wa mo kopa hore a o fe bohlale ba ho sebetsana le teko eo. (Diprov. 2:10, 11) Hape o se ke wa lebala ho leboha Jehova ka mehla. (Bafil. 4:6) Ha o ntse o tswela pele o rapella mamello, nahana ka ditsela tseo Jehova a o thusang ka tsona hore o mamelle teko ya hao mme o mo lebohe ka tshehetso eo a o fang yona. O se ke wa dumella diteko tsa hao hore di o sitise ho bona ka moo Jehova a o hlohonolofaditseng ka teng.—Pes. 16:5, 6.
Ha o rapela, o bua le Jehova. Ha o bala Bibele, Jehova o bua le wena (Sheba serapa sa 6)b
LENTSWE LA MODIMO
7. Ke jwang ho ithuta Bibele ho ka re thusang hore re mamelle?
7 Jehova o re file Lentswe la hae ho re thusa hore re mamelle. Bibele e na le ditemana tse ngata tse re kgodisang hore Jehova o a re tshehetsa. Ka mohlala, nahana ka temana ena. Matheu 6:8 e re: “Ntate wa lona o a tseba hore na le hlokang le pele le mo kopa.” Jesu ke yena ya buileng mantswe ao, mme o tseba Jehova ho feta mang kapa mang. Ka hoo, ha re na lebaka la ho belaela hore Jehova o batla ho re thusa ha re tobane le mathata. Bibele e na le ditshepiso tse ngata tse tswang ho Jehova, tse re fang matla ao re a hlokang ho mamella mathata.—Pes. 94:19.
8. (a) Fana ka mohlala wa molaomotheo wa Bibele o ka re thusang ho mamella. (b) Ke eng e ka re thusang hore re hopole melaomotheo ya Bibele ha re e hloka?
8 Melaomotheo ya Bibele e ka re thusa ho mamella. Ha e le hantle, e na le dikeletso tse bohlale tse ka re thusang ho etsa diqeto tse tla re tswela molemo. (Diprov. 2:6, 7) Ka mohlala, Bibele e re kgothalletsa hore re se ke ra tshwenyeha ka hore na ho tla etsahalang ka le hlahlamang, empa re itshetlehe ka Jehova. (Mat. 6:34) Haeba re itlwaetsa ho bala Mangolo mme re thuisa ka ona, ho tla ba bonolo hore re hopole melaomotheo eo re e hlokang ka nako eo re e hlokang ka yona.
9. Ke jwang ditlaleho tsa Bibele di re kgodisang le ho feta hore Jehova o tla re thusa?
9 Bibele e boetse e na le ditlaleho tsa sebele tsa batho ba ileng ba tshepa Jehova mme a ba tshehetsa. (Baheb. 11:32-34; Jak. 5:17) Ha re nahana ka ditlaleho tsena, re ba le kgodiseho e matla le ho feta ya hore Jehova ke “setshabelo sa rona le matla a rona, o re thusa kapele ha re le matshwenyehong.” (Pes. 46:1) Ha re nahana ka moo bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba bontshitseng tumelo ho yena ka teng le ho tswela pele ba mo sebeletsa le ha ho le thata, re susumelletseha ho ba etsisa.—Jak. 5:10, 11.
10. O ka etsang e le hore o rue molemo ka ho felletseng Lentsweng la Modimo?
10 Seo o ka se etsang. Bala Bibele ka mehla, mme o be le lethathamo la ditemana tseo o bonang di o tswela molemo. Batho ba bangata ba fumane e le tsela e molemo ho qala ka ho bala temana ya letsatsi hoseng ka ha ba fumana ntlha e kgothatsang e tswang ka Bibeleng eo ba ka nahanisisang ka yona letsatsi lohle. Moradi wa bo rona Mariea o ile a bona hore seo ke nnete ha a ne a fumana hore batswadi ba hae ba na le kankere. O ile a thuswa ke eng ho mamella ha a ntse a hlokometse batswadi ba hae dikgweding tsa ho qetela tsa bophelo ba bona? O re: “Hoseng ho hong le ho hong ke ne ke bala lengolo bukaneng ya Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka mehla ke be ke thuise ka lona. Sena se nthusitse hore ka mehla ke nahane ka Jehova le ka dintho tse ntle tseo a nthutang tsona ka Lentsweng la hae, ho ena le ho nahana feela ka mathata ao ke neng ke ena le ona.”—Pes. 61:2.
BAKRESTEMMOHO
11. Ke hobaneng ha ho kgothatsa ho tseba hore ha re bang ha re ntse re mamelletse mathata?
11 Jehova o re fa bana ba bo rona ba Bakreste ho re thusa hore re mamelle. Ho tseba feela ‘hore dintho tse bohloko tse re hlahelang di ntse di hlahela bana ba bo rona bohle lefatsheng’ ho re tiisetsa hore ha re bang. (1 Pet. 5:9) Ha e le hantle, sena se re kgodisa hore dintho tse re hlahelang, di ile tsa hlahela le ba bang mme ba mamella. Sena se bolela hore le rona re ka kgona ho mamella.—Dik. 14:22.
12. Bakrestemmoho ba ka re thusa jwang, mme rona re ka ba etsetsang? (2 Bakorinthe 1:3, 4)
12 Bakrestemmoho le rona ba ka re kgothatsa ha re ntse re mamelletse mathata. Moapostola Pauluse o ile a bona bopaki ba seo. Hangata o ile a bontsha hore o ananela batho ba ileng ba mo thusa ha a ne a tshwerwe mme a sa kgone ho tswa ka tlung, ka hore a ba bitse ka mabitso le ho ba leboha. Ba ile ba thusa Pauluse ka hore ba mo tshedise, ba mo kgothatse le ho mo fa dintho tseo a neng a di hloka. (Bafil. 2:25, 29, 30; Bakol. 4:10, 11) Le kajeno re ka etsahallwa ke ntho e tshwanang. Ha re hloka thuso ya hore re mamelle, bara le baradi ba bo rona ba teng ho re thusa mme le bona ha ba hloka thuso, re teng ho ba thusa.—Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.
13. Ke eng e thusitseng Moradi wa bo rona Maya ho mamella?
13 Bara le baradi ba bo rona ba ile ba kgothatsa Moradi wa bo rona Maya ya dulang Russia. Ka 2020, mapolesa a ile a setjha ntlo ya hae mme ha morao a iswa teronkong ka lebaka la ho bua le ba bang ka tumelo ya hae. O re: “Nakong eo ke neng ke imetswe haholo maikutlong, bara le baradi ba bo rona ba ile ba nngolla le ho ntetsetsa mme ba ntiisetsa hore ba a nthata. Ke ne ke tseba hore ke na le lelapa le leholo le nthatang. Empa ho tloha ka 2020, ke ile ka kgodiseha le ho feta ka sena.”
14. Re ka etsang e le hore re rue molemo ho bara le baradi ba bo rona ha re ntse re mamelletse mathata? (Sheba setshwantsho.)
14 Seo o ka se etsang. Ha o ntse o mamelletse mathata, dula o le haufi le bara le baradi beno. O se ke wa tsilatsila ho kopa baholo hore ba o thuse. E ka ba “sebaka sa ho ipatela moya le setshabelo sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.” (Esa. 32:2, nal.) Hape hopola hore Bakrestemmoho le wena ba ntse ba mamelletse mathata. Ho etsetsa motho ya hlokang thuso ntho e ntle ho tla o thusa hore le wena o dule o thabile ha o ntse o mamelletse mathata ao o thulanang le ona.—Dik. 20:35.
Dula o le haufi le Bakrestemmoho le wena (Sheba serapa sa 14)c
TSHEPO YA RONA
15. Tshepo e ile ya thusa Jesu jwang, hona e re thusa jwang? (Baheberu 12:2)
15 Jehova o re file tshepo e tiileng ho re thusa hore re mamelle. (Bar. 15:13) Hopola ka moo tshepo e ileng ya thusa Jesu hore a mamelle letsatsi le thata ka ho fetisisa leo a kileng a tobana le lona bophelong ba hae ha a ntse a le mona lefatsheng. (Bala Baheberu 12:2.) O ne a tseba hore ho tshepahala ha hae ho tla tlosa qoso lebitsong la Jehova. Jesu o ne a boetse a tatetse ho kgutlela ho Ntate wa hae, le hore ka mora nako, a ilo buse le bana babo Mmusong wa lehodimo. Ka tsela e tshwanang, tshepo ya rona ya ho phela ka ho sa feleng lefatsheng le letjha la Modimo, e re thusa hore re mamelle mathata le ha e le afe ao re ka tobanang le ona lefatsheng lena la Satane.
16. Tshepo ya rona ka bokamoso e ile ya thusa moradi wa bo rona e mong jwang hore a mamelle, hona o ithutang ho seo a ileng a se bua?
16 Nahana ka moo tshepo ya ho phela ka ho sa feleng e ileng ya thusa Moradi wa bo rona Alla ya dulang Russia, nakong eo monna wa hae a neng a tshwerwe mme a emetse nyewe ya hae. Ha sena se etsahala, Moradi wa bo rona Alla o re: “Ho rapela ka tshepo ya rona ka bokamoso le ho nahanisisa ka yona, ho ile ha nthusa hore ke se ke ka nyahama haholo. Ke ne ke utlwisisa hore sena ha se bolele hore ho fedile ka rona, ha ho sa na tshepo. Empa Jehova o tla hlola mme le rona re tla hlola.”
17. Re ka bontsha jwang hore re ananela tshepo eo Jehova a re fileng yona? (Sheba setshwantsho.)
17 Seo o ka se etsang. Nka nako o nahana ka bokamoso bo hlollang boo Jehova a re tshepisitseng bona. Ipone o le lefatsheng le letjha la Modimo mme o nahane ka ditlhohonolofatso tseo re tla ba le tsona. Teko le ha e le efe eo re ka tobanang le yona hona jwale e tla bonahala ‘e le ya nakwana ebile e le bobebe.’ (2 Bakor. 4:17) Hape etsa sohle seo o ka se kgonang ho bolella ba bang ka tumelo ya hao. Nahana ka moo e tlamehang ebe ba ikutlwa ka teng ho sebetsana le mathata a lefatshe lena la Satane ba sa tsebe hore na morero wa Modimo ke ofe ka bokamoso. O ka buisana le bona hanyane feela ho ba thusa hore ba be le tjantjello ya ho tseba ka ho eketsehileng ka tshepo ya rona ka bokamoso.
Nka nako ho nahana ka bokamoso bo hlollang boo Jehova a re tshepisitseng bona (Sheba serapa sa 17)d
18. Ke hobaneng ha re ka tshepa ditshepiso tsa Jehova?
18 Ka mora hore Jobo a mamelle mathata a mangata, o ile a re ho Jehova: “Jwale ke a tseba hore o kgona ho etsa dintho tsohle ebile ha ho na ntho e ka o hlolang.” (Jobo 42:2) Jwalo ka ha Jobo a ile a ithuta, ha ho letho le ka kenakenanang le ho phethahala ha morero wa Jehova. Taba ena e ka re matlafatsa hona jwale ha re ntse re mamelletse. Ka mohlala, nahana ka mme ya kulang ya nyahameng hobane dingaka tse ngata di sa kgone ho mo thusa. Empa ha ngaka e nang le boiphihlelo ebile e tsheptjwa ke batho ba bangata e fumana bothata mme e mo hlalosetsa hore na e tla mo thusa jwang, o ikutlwa a imolohile le hoja a ke ke a fola hanghang. Jwale o se a kgona ho mamella ka ha o na le tshepo ya hore dintho di tla loka. Ka tsela e tshwanang, kgodiseho eo re nang le yona ya hore Paradeise e tla ba teng, e re thusa ho mamella.
19. Re hloka eng e le hore re kgona ho mamella?
19 Jwalo ka ha re ithutile, Jehova o re file mpho ya thapelo, Lentswe la hae, Bakrestemmoho le rona le tshepo ho re thusa ho mamella mathata a rona. Haeba re sebedisa dintho tsena ka botlalo, Jehova o tla re thusa bothateng bo bong le bo bong boo re kopanang le bona ho fihlela tsamaiso ena ya Satane e fedile.—Bafil. 4:13.
PINA YA 33 Lahlela Morwalo wa Hao ho Jehova
a Sehloohong sena, mabitso a mang a fetotswe.
b TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona ya seng a hodile o mamella ka botshepehi letsatsi le letsatsi.
c TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona ya seng a hodile o mamella ka botshepehi letsatsi le letsatsi.
d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Morabo rona ya seng a hodile o mamella ka botshepehi letsatsi le letsatsi.