LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w25 August maq. 14-19
  • Kgodiseha Hore Jehova o o Tshwaretse

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kgodiseha Hore Jehova o o Tshwaretse
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • KE HOBANENG HA E LE HABOHLOKWA HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O RE TSHWARETSE?
  • KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O RE TSHWARETSE?
  • O SE KE WA LEBALA SEO JEHOVA A SE HOPOLANG KA RONA
  • TSWELA PELE HO IKGODISA
  • Re Rua Molemo Ofe ha Jehova a re Tshwarela?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Jehova o a Tshwarela
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
  • Na Jehova o Lebala Diphoso Tseo a re Tshwaretseng Tsona?
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Letswalo le Molato​—“O Ntlhwekise Esita le Sebeng sa Ka”
    Kgutlela ho Jehova
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
w25 August maq. 14-19

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 34

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

Kgodiseha Hore Jehova o o Tshwaretse

“O tshwarela dibe tsa ka.”—PES. 32:5.

NTLHAKGOLO

Re tlo ithuta hore na ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re kgodisehe hore Jehova o re tshwaretse le hore na Bibele e re kgodisa jwang hore o tshwarela batho ba baketseng dibe tsa bona.

1, 2. Jehova o etsang ha re bakela dibe tsa rona, hona seo se etsa hore re ikutlwa jwang? (Sheba setshwantsho.)

MORENA Davida o ne a tseba hore na ho jwang ho ikwahlaela diphoso tsa nakong e fetileng, ka ha o ile a etsa dibe tse tebileng bophelong ba hae. (Pes. 40:12; 51:3; sehloohwana) Le ha ho le jwalo, o ile a baka mme Jehova a mo tshwarela. (2 Sam. 12:13) Ka lebaka leo, Davida o ne a boetse a utlwisisa hore na motho o imoloha hakae ha Jehova a mo tshwaretse dibe tsa hae.—Pes. 32:1.

2 Jwalo ka Davida, le rona re ka ikutlwa re imolohile ha re hlokomela hore Jehova o tshwarela dibe tsa rona. Ke ho kgothatsang ho tseba hore Jehova o ikemiseditse ho tshwarela dibe tsa rona, esita le tse tebileng haeba re baka e le ka nnete, re bolela dibe tsa rona ebile re etsa sohle seo re ka se kgonang hore re se ke ra di pheta. (Diprov. 28:13; Dik. 26:20; 1 Joh. 1:9) Hape ke ho kgothatsang hakaakang ho tseba hore o re tshwarela ka ho felletseng jwalo ka ha eka ha re eso ka re etsa sebe seo ho hang.—Ezek. 33:16.

Morena Davida o dutse foranteng o ntse a bina a ntse a bapala harepa.

Morena Davida o ngotse dipesaleme tse ngata tse hlalosang ka moo Jehova a tshwarelang ka teng (Sheba serapa sa 1 le 2)


3, 4. Moradi wa bo rona Jennifer o ile a ikutlwa jwang ka mora hore a kolobetswe, hona re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Ka dinako tse ding, re ka belaella taba ya hore Jehova o re tshwaretse. A re bueng ka mohlala wa Moradi wa bo rona Jennifer, ya holetseng nneteng. Ha a sa le motjha, o ile a phela bophelo bo habedi. Empa dilemo ha morao, o ile a etsa diphetoho bophelong ba hae, mme a inehela ho Jehova le ho kolobetswa. O re: “Nakong e fetileng, ke ne ke nwa jwala haholo, ke dula ke kwatile, ke etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano, ebile ho ba le tjhelete e le yona ntho e tlang pele bophelong ba ka. Ke ne ke tseba hore ka mora ho kopa Jehova hore a ntshwarele le ho bakela dibe tsa ka, o tla ntshwarela ka lebaka la sehlabelo sa Kreste. Empa ke ne ke sa kgodiseha hore Jehova o ntshwaretse e le ka nnete.”

4 Na ka dinako tse ding le wena ho ba thata ho dumela hore Jehova o tshwaretse dibe tsa hao? Hopola hore na Davida o ile a ikutlwa jwang ha Jehova a mo tshwarela. O ne a kgodisehile hore Jehova o mo tshwaretse ka ha Jehova o mosa. Ka hoo, Jehova o batla hore o ikutlwe ka tsela e tshwanang le ya Davida. Sehloohong sena, re tlo bua ka hore na ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re kgodisehe hore Jehova o tshwaretse dibe tsa rona le hore na ke eng e ka re thusang hore re kgodisehe.

KE HOBANENG HA E LE HABOHLOKWA HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O RE TSHWARETSE?

5. Satane o batla hore re dumele eng? Fana ka mohlala.

5 Ha re kgodisehile hore Jehova o re tshwaretse, re ke ke ra dumela mashano a Satane. Hopola hore Satane o tla etsa sohle se matleng a hae ho etsa hore re kgaotse ho sebetsa Jehova. E le hore a etse seo, a ka nna a etsa hore re dumele hore dibe tsa rona di tebile hoo Jehova a ke keng a batla ho re tshwarela. Nahana ka mohlala wa monna e mong wa Korinthe ya ileng a tloswa ka phuthehong ka lebaka la ho etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano. (1 Bakor. 5:​1, 5, 13) Ha a se a bakile, Satane o ne a batla hore batho ba ka phuthehong ba se ke ba mo tshwarela le ho mo amohela. Ka nako e tshwanang, Satane o ne a batla hore monna eo ya bakileng a nahane hore Jehova a ke ke a mo tshwarela le ka mohla. O ne a batla hore ‘a utlwe bohloko haholo ebe o a nyahama’ mme a kgaotse ho sebeletsa Jehova. Satane ha a eso ka a fetola morero wa hae le maqheka a hae. Empa “re tseba maqheka a hae.”—2 Bakor. 2:​5-11.

6. Ke eng e ka re thusang hore re kgaotse ho ikutlwa re le molato?

6 Ha re kgodisehile hore Jehova o re tshwaretse, re ka kgaotsa ho ikutlwa re le molato. Ha re etsa sebe, ka tlhaho re ikutlwa re le molato. (Pes. 51:17) Ke hantle haeba re ikutlwa jwalo, hobane matswalo a rona a ka re susumelletsa hore re etse diphetoho mme re etse se nepahetseng. (2 Bakor. 7:​10, 11) Le ha ho le jwalo, haeba re dula re ikutlwa re le molato le ka mora hore re bakele dibe tsa rona, sena se ka etsa hore re batle ho kgaotsa ho sebeletsa Jehova. Ha re kgodisehile hore Jehova o re tshwaretse, re tla tlohela ho ikutlwa re le molato. Jwale re tla sebeletsa Jehova ka tsela eo a e batlang, re mo sebeletse ka letswalo le kgutsitseng ebile re thabile haholo. (Bakol. 1:​10, 11; 2 Tim. 1:3) Le ha ho le jwalo, ke eng e ka re thusang hore re kgodisehe le ho feta hore Modimo o re tshwaretse?

KE ENG E KA RE THUSANG HORE RE KGODISEHE HORE JEHOVA O RE TSHWARETSE?

7, 8. Jehova o itlhalositse jwang ho Moshe, mme see se etsa hore re kgodisehe ka eng? (Exoda 34:​6, 7)

7 Nahana ka tsela eo Jehova a itlhalositseng ka yona. Ka mohlala, hopola seo Jehova a se bolelletseng Moshe ha a ne a le Thabeng ya Sinai.a (Bala Exoda 34:​6, 7.) Hara makgabane ohle ao Jehova a nang le ona, o ile a kgetha ho bolella Moshe hore ke “Modimo ya mohau le ya nang le kutlwelo bohloko.” Na Modimo ya nang le makgabane aa, a ka se tshwarele morapedi wa hae ya baketseng dibe tsa hae e le ka nnete? Ho hang! Ho etsa jwalo, e tla be e le ho ba kgopo le ho hloka mosa, e leng ditshobotsi tseo Jehova a ke keng a ba le tsona.

8 Re ka kgodiseha hore Jehova a ke ke a re thetsa, ka ha ke Modimo ya nang le nnete. (Pes. 31:5) Ka hoo, re ka kgolwa seo a re bolellang sona. Haeba ho le thata hore o kgaotse ho ikutlwa o le molato ka lebaka la dibe tseo o di entseng nakong e fetileng, ipotse: ‘Na ke a dumela hore ka nnete Jehova ke Modimo ya nang le kutlwelo bohloko le ya mohau le hore a ka tshwarela mang kapa mang ya baketseng dibe tsa hae? Na jwale ha ke a lokela ho dumela hore le nna Jehova o ntshwaretse?’

9. Ho tshwarelwa ha dibe tsa rona ho bolelang? (Pesaleme ya 32:5)

9 Nahanisisa ka moo bangodi ba Bibele ba hlalositseng tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona. Ka mohlala, nahana ka moo mongodi wa Bibele, Davida, a ileng a hlalosa tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona. (Bala Pesaleme ya 32:5.) O ile a re: “O tshwarela dibe tsa ka.” Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “tshwarela” le ka bolela “ho phahamisa,” “ho tlosa” kapa “ho jara.” Ka hoo, ha Jehova a ne a tshwarela Davida, ho ne ho tshwana le ha eka o ne a phahamisa dibe tsa hae mme a di tlosa ho yena. Jwale Davida o ile a ikutlwa a imolohile, ka ha o ne a tseba hore Jehova o mo tshwaretse ka ho felletseng. (Pes. 32:​2-4) Ka tsela e tshwanang, le rona re ka ikutlwa re imolohile. Haeba re bakile e le ka nnete, ha re a lokela ho tswela pele re ikutlwa re le molato ka diphoso tseo Jehova a seng a di tlositse ho rona.

10, 11. Polelo e reng Jehova o “ikemiseditse ho tshwarela” e re bolella eng ka yena? (Pesaleme ya 86:5)

10 Bala Pesaleme ya 86:5. Mona Davida o re Jehova o “ikemiseditse ho tshwarela.” Buka e nngwe ya dipatlisiso tsa Bibele, ha e bua ka polelwana ena e re: “Ka ‘tlhaho,’ Jehova ke motho ya ‘tshwarelang.’” Ke hobaneng ha a le jwalo? Karolo e latelang ya temana ena e re: “Bohle ba llelang ho wena o ba rata haholo.” Sehloohong se fetileng, re ithutile hore Jehova o tshepisa hore o tla bontsha lerato le tshepahalang ho batho ba mo ratang mme a ke ke a ba tlohela. Ka lebaka la lerato lena, ‘o tla tshwarela ka bolokolohi’ bohle ba baketseng dibe tsa bona. (Esa. 55:​7, nal.) Haeba o thatafallwa ke ho dumela hore Modimo o o tshwaretse, o ka nna wa ipotsa: ‘Na ke a dumela hore Jehova o ikemiseditse ho tshwarela batho bohle ba bakileng ba mo kopang hore a ba bontshe mohau? Jwale na ha ke a lokela ho dumela hore o ntshwaretse ha ke ne ke mo kopa hore a nkgauhele?’

11 Re ka kgothatswa ke ho tseba hore Jehova o utlwisisa hantle tsela eo re entsweng ka yona le hore ha re a phethahala. (Pes. 139:​1, 2) A re boneng hore na Davida o ile a reng pesalemeng e nngwe eo a ileng a e ngola, e ka re thusang hore re kgodisehe hore Jehova o batla ho re tshwarela.

O SE KE WA LEBALA SEO JEHOVA A SE HOPOLANG KA RONA

12, 13. Ho latela Pesaleme ya 103:​14, Jehova o hopola eng ka rona, hona seo se mo susumelletsa hore a etseng?

12 Bala Pesaleme ya 103:14. Davida o re Jehova o a “hopola hore re lerole.” Mantswe ana a hlalosa le leng la mabaka ao ka ona Davida a neng a re Jehova o ikemiseditse ho tshwarela barapedi ba hae ba bakileng: O a tseba hore re etsa diphoso. E le hore re utlwisise sena haholwanyane, a re hlahlobeng hore na Davida o ne a bolelang.

13 Davida o re Jehova “o tseba hantle tsela eo re bopilweng ka yona.” O bopile Adama “ka lerole la lefatshe.” Ka hoo, o a tseba hore na re entswe jwang le hore na re hloka eng. Ka mohlala, re hloka ho ja, ho robala le moya hore re phele. Le batho ba phethahetseng ba ne ba hloka dintho tsena. (Gen. 2:7) Empa ka ha Adama le Eva ba entse sebe, taba ya hore re lerole e ka boela ya bolela hore re na le mefokolo ka lebaka la sebe seo re se futsitseng. Ka ha re bana ba bona, ha re a phethahala mme re lokela ho lwana ka thata hore re se ke ra etsa dintho tse fosahetseng. Jehova ha a tsebe feela taba ya hore re etsa diphoso empa Davida o re o “hopola” taba eo. Ka hoo, o dula a re utlwela bohloko. Ho ka etsahala hore Davida o ne a re: Jehova o a utlwisisa hore ka dinako tse ding re tla kgoptjwa mme re etse diphoso. Ha seo se etsahala, o susumelletseha hore a re bontshe mohau le ho re tshwarela haeba re bakile e le ka nnete.—Pes. 78:​38, 39.

14. (a) Davida o ile a reng hape ka tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona? (Pesaleme ya 103:12) (b) Re ka ithutang tseleng eo Jehova a tshwaretseng Davida ka yona? (Sheba lebokose le reng “Ka Moo Jehova a Tshwarelang ka Teng le ho Lebala Diphoso Tseo re di Entseng.”)

14 Jehova o tshwarela ho isa boholeng bofe? (Bala Pesaleme ya 103:12.) Davida o re ha Jehova a tshwarela, o beha dibe tsa rona hole “feela jwalo ka ha botjhabela bo le hole le bophirimela.” Re a tseba hore botjhabela bo hole haholo le bophirimela mme ha ho mohla di tla kopana. Jwale see se re bolella eng ka diphoso tseo Jehova a di tshwarelang? Buka e nngwe e hlalosang temana ena e re Modimo o suthisetsa dibe tsa rona hole le rona, jwalo ka ha monko wa ntho e itseng o ka fela ka ho felletseng. Nahana ka taba ena, monko wa dijo o ka re hopotsa ntho e itseng e ileng ya etsahala nakong e fetileng. Empa ha Jehova a re tshwarela, ha ho na lephoka le ha e le lefe la ntho eo re e entseng le tla etsa hore a nahane ka dibe tsa rona hape kapa hona hore a re hopotse tsona.—Ezek. 18:​21, 22; Dik. 3:19.

Ditshwantsho: 1. Morena Davida o ka hodima marulelo mme o shebelletse Bathe-sheba ha a ntse a hlapa. 2. O rapela ka tiyo. 3. O ntse a nahana ha a ntse a ngola.

Ka Moo Jehova a Tshwarelang ka Teng le ho Lebala Diphoso Tseo re di Entseng

Ha Jehova a re tshwarela, o lebala diphoso tsa rona. Sena se bolela hore a ke ke a re ahlolela tsona hape. (Esa. 43:25) Ka mohlala, nahana ka moo Jehova a ileng a tshwarela Morena Davida ka teng. Mohlala wa hae o re thusa ho bona hore re ka ba le kamano e matla le Jehova le haeba re ile ra etsa diphoso tse tebileng.

Davida o ile a etsa dibe tse tebileng haholo. O ile a bolaya le ho etsa bohlola. Empa Jehova o ile a mo tshwarela ka ha o ile a baka e le ka nnete. Davida o ile a mamela kgalemelo, mme a etsa diphetoho. Ka mora moo, o ile a tswela pele a sebeletsa Jehova ka botshepehi bophelo bohle ba hae.—2 Sam. 11:​1-27; 12:13.

Ha morao Jehova o ile a re ho Solomone: “Dula o ntshepahalla jwalo ka ntate wa hao Davida.” (1 Mar. 9:​4, 5) Jehova ha a ka a bua ka dibe tsa Davida. Ho ena le hoo, o ile a re Davida e ne e le monna ya mo tshepahallang. Hape Jehova o ile a mo ‘putsa haholo’ ka lebaka la ho tshepahala ha hae.—Pes. 13:6.

Re ithutang? Ha Jehova a tshwarela, ha a shebe dibe tseo a ileng a re tshwarela tsona, empa o sheba dintho tse ntle tseo re di etsang ebile o batla ho re putsa. (Baheb. 11:6) Ka hoo, ha re a lokela ho dula re hopola diphoso tseo re di entseng tseo Jehova a kgethileng ho di lebala.

15. Re ka etsang haeba re dula re ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tseo re di entseng nakong e fetileng?

15 Mantswe a Davida a ho Pesaleme ya 103 a re thusa jwang hore re kgodisehe hore Jehova o re tshwaretse? Haeba re dula re ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tseo re di entseng nakong e fetileng, re ka ipotsa: ‘Na ke a lebala hore Jehova o a hopola hore ke moetsadibe le hore o ikemiseditse ho tshwarela moetsadibe ya bakileng, ya jwalo ka nna? Na ke a hopola hore Jehova o kgethile ho lebala dibe tseo a ntshwaretseng tsona le hore a ke ke a nkgopotsa tsona?’ Jehova ha a dule a nahana ka diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng. Le rona re lokela ho kgaotsa ho nahana ka tsona. (Pes. 130:3) Ha re kgodisehile hore Jehova o re tshwaretse, re tla kgona ho itshwarela mme re tswele pele ho sebeletsa Jehova re thabile.

16. Fana ka mohlala o bontshang kotsi ya ho dula re ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tseo re di entseng. (Sheba setshwantsho.)

16 Nahana ka mohlala ona. Ho dula re ikutlwa re le molato ka lebaka la dibe tseo re di entseng ho tshwana le ha eka re leka ho kganna koloi empa re dula re shebile morao ka seipone. Ho ka ba molemo hore o nne o shebe seipone hobane ho tla o thusa hore o bone dikotsi tse ka o hlahelang. Empa e le hore o kganne ka tsela e bolokehileng, o lokela ho dula o shebile pele moo o yang teng. Ka tsela e tshwanang, ho ka ba molemo hore ka dinako tse ding re nahane ka diphoso tseo re di entseng. Seo se tla re thusa hore re qobe ho di pheta hape. Empa ha re dula re nahana ka diphoso tseo re di entseng, re ke ke ra thaba mme sena se tla etsa hore re se ke ra sebeletsa Modimo kahohle ka moo re ka kgonang. Ho ena le hoo, a re tsepamiseng mohopolo ho sebeletseng Jehova, mme re dule re nahana ka bokamoso boo a re tshepisitseng bona, moo dintho tse mpe ‘di ke keng tsa hopolwa.’—Esa. 65:17; Diprov. 4:25.

Monna o shebile morao ka seipone ha a ntse a kganna tseleng e sa otlolohang.

Jwalo ka ha mokganni a lokela ho dula a shebile tsela ho ena le ho sheba morao ka seipone, re lokela ho dula re nahana ka ditlhohonolofatso tsa nako e tlang ho feta diphoso tseo re di entseng nakong e fetileng (Sheba serapa sa 16)


TSWELA PELE HO IKGODISA

17. Ke hobaneng ha re lokela ho dula re ikgodisa hore Jehova o tla dula a re rata le hore o ikemiseditse ho re tshwarela?

17 Re lokela ho dula re ikgodisa hore Jehova o tla dula a re rata le hore o ikemiseditse ho re tshwarela. (1 Joh. 3:19) Hobaneng? Hobane Satane a ke ke a kgaotsa ho etsa hore re ikutlwe eka ha ho mohla Jehova a tla re rata kapa hona ho tshwarela dibe tsa rona. Morero wa hae wa ho batla hore re tlohelle ho sebeletsa Jehova ha o eso fetohe. Re ka lebella hore Satane o tla leka ka matla le ho feta hobane o a tseba hore nako ya hae e kgutshwanyane. (Tshen. 12:12) Ha re a lokela ho mo dumella hore a re hlole.

18. O ka etsang e le hore o kgodisehe hore Jehova o a o rata le hore o o tshwaretse?

18 Hore o kgodisehe le ho feta hore Jehova o a o rata, sebedisa ditlhahiso tseo re di tshohlileng sehloohong se fetileng. Hore o ikgodise hore Jehova o o tshwaretse, nahana ka moo a itlhalositseng ka teng. Nahanisisa ka moo bangodi ba Bibele ba hlalositseng tsela eo Jehova a tshwarelang ka yona. O se ke wa lebala hore o a tseba hore o etsa diphoso mme o tla o hauhela. Hape o hopole hore ha a tshwarela, o tshwarela ka ho feletseng. O tla thaba hobane o kgodisehile hore Jehova o tla o bontsha mohau, mme jwalo ka Davida o tla re, “Ke a leboha Jehova, ka ho ntshwarela ‘dibe tsa ka.’”—Pes. 32:5.

O KA RENG?

  • Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore o kgodisehe hore Jehova o o tshwaretse?

  • Ke eng e ka o thusang hore o kgodisehe hore Jehova o o tshwaretse?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho dula re ikgodisa hore Jehova o ikemiseditse ho re tshwarela?

PINA YA 1 Makgabane a Jehova

a Sheba sehlooho se reng “Atamela ho Modimo—Ha Jehova a ne a Itlhalosa” ho Molula-Qhooa wa May 1, 2009.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share