SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 37
PINA YA 114 “Le be le Mamello”
O ka Sebetsana le ho Hloka Toka Jwang?
“O ne a lebeletse toka empa ho ne ho se na toka.”—ESA. 5:7.
NTLHAKGOLO
Re tlo bona hore na re ka etsisa mohlala wa Jesu jwang ho re thusa ho sebetsana le ho hloka toka ka tsela e tla thabisa Jehova.
1, 2. Batho ba bangata ba etsang ha ba tshwarwa ka ho hloka toka, mme re ka ipotsa dipotso dife?
RE PHELA lefatsheng leo ho se nang toka. Batho ba tshwarwa hampe ka mabaka a fapaneng, a kang boemo ba bona ba ditjhelete, bong ba bona, setso sa bona kapa hore na ba tswa morabeng ofe. Batho ba bangata ba ba le mathata hobane borakgwebo ba ruileng kapa baetapele ba mmuso ba nahanne feela ka ho etsa tjhelete. Dintho tsena le tse ding tse bontshang ho hloka toka, di re utlwisa bohloko ha di re etsahalla kapa di etsahalla motho e mong eo re mo tsebang.
2 Ha ho makatse hore batho ba bangata ba halefiswa ke ho hloka toka ho teng lefatsheng kajeno. Kaofela ha rona re batla ho phela lefatsheng leo ho lona re ikutlwang re bolokehile mme re tshwarwa ka toka. Batho ba bang ba leka ho lokisa mathata ao ba a bonang lefatsheng kapa naheng ya bona. Ba toitoya kgahlanong le mmuso le melao ya wona, kapa ba kgetha baetapele ba dipolotiki ba tshepisang hore ba tla rarolla mathata a bona. Le ha ho le jwalo, jwalo ka Bakreste re rutwa hore re se ke ra ba “karolo ya lefatshe” mme re emele Mmuso wa Modimo hore o tlo tlosa ho hloka toka ka ho felletseng. (Joh. 17:16, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.) Ho ntse ho le jwalo, re utlwa bohloko mme ka dinako tse ding re a kwata ha re bona batho ba bang ba tshwarwa hampe. Re ka nna ra ipotsa: ‘Nka etsang ha see se etsahala? Na ho na le ntho eo nka e etsang ka ho hloka toka hona jwale?’ Ho araba dipotso tsena, a re qale ka ho ithuta hore na Jehova le Jesu ba ikutlwa jwang ha batho ba tshwarwa ka ho hloka toka.
JEHOVA LE JESU BA HLOILE HO HLOKA TOKA
3. Ke hobaneng ha e le ntho e utlwahalang ha re halefiswa ke ho hloka toka? (Esaia 5:7)
3 Bibele e a hlalosa hore na ke hobaneng ha e le ntho e utlwahalang ha re sa rate ha re tshwarwa ka ho hloka toka kapa ha re bona ba bang ba tshwarwa hampe. E hlalosa hore Jehova o re bopile ka setshwantsho sa hae mme “o rata ho loka le toka.” (Pes. 33:5; Gen. 1:26) Ha ho mohla a tshwarang batho ba bang hampe ebile ha a batle hore motho le ha e le ofe a tshware ba bang hampe. (Deut. 32:3, 4; Mik. 6:8; Zak. 7:9) Ka mohlala, mehleng ya moprofeta Esaia, Jehova o ile a utlwa ‘seboko sa Baiseraele ba bangata ba sotlwang’ ba neng ba tshwerwe hampe ke Baiseraele ba bang. (Bala Esaia 5:7.) Jehova o ile a nka kgato ka hore a ahlole ba neng ba tswela pele ba sa mamele Molao wa hae ebile ba tshwara ba bang hampe.—Esa. 5:5, 13.
4. Jesu o ile a ikutlwa jwang ha a bona monna e mong a tshwarwa ka ho hloka toka? (Sheba setshwantsho.)
4 Jwalo ka Jehova, Jesu o rata toka mme o hloile ho hloka toka. Ka letsatsi le leng, Jesu o ile a bona monna eo letsoho la hae le neng le holofetse. Jesu o ile a mo hauhela mme a mo fodisa, empa baetapele ba bodumedi ba ile ba halefiswa ke seo. Ba ne ba amehile ka hore Jesu o tlotse molao wa Sabatha mme ba se na taba le hore monna eo o fodile. Jesu o ile a ikutlwa jwang ka see? O ne “a utlwisitswe bohloko ke hore ba dipelo di thata.”—Mar. 3:1-6.
Baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ne ba sa tshware batho hantle, empa Jesu o ne a rata batho le ho ba thusa (Sheba serapa sa 4)
5. Ke hobaneng ha re sa lokela ho dula re halefile ha re tshwarwa ka ho hloka toka?
5 Taba ya hore Jehova le Jesu ba halefiswa ke ho hloka toka, e bontsha hore ha se phoso hore le rona re ikutlwe ka tsela e tshwanang. (Baef. 4:26) Ho ntse ho le jwalo, re lokela ho laola bohale ba rona mme re hopole hore re ke ke ra fedisa ho hloka toka. Haeba re dula re kwatile, sena se ka re kudisa mme sa etsa hore re be le kgatello ya maikutlo. (Pes. 37:1, 8; Jak. 1:20) Re ka etsang haeba re tshwarwa ka ho hloka toka? Re ka ithuta mohlaleng wa Jesu.
JESU O ILE A ETSANG HA A BONA BATHO BA BANG BA TSHWARWA KA HO HLOKA TOKA?
6. Ke ho hloka toka hofe ho neng ho etsahala ha Jesu a ne a le lefatsheng? (Sheba setshwantsho.)
6 Jesu o ile a bona ha batho ba bangata ba tshwarwa ka ho hloka toka ha a ntse a le lefatsheng. O ile a bona ka moo baetapele ba bodumedi ba neng ba hatella batho ka teng. (Mat. 23:2-4) O ne a boetse a tseba hore babusi ba Roma ba ne ba tshwara batho hampe. Bajuda ba bangata ba ne ba batla ho lokoloha pusong ya Baroma. Ba bang ba ne ba bile ba ikemiseditse ho lwantsha Baroma, empa Jesu ha a ka a tshehetsa ba neng ba lwanela hore mmuso o fetohe. Ha Jesu a utlwa hore batho ba rera ho mo etsa morena, o ile a tloha ho bona.—Joh. 6:15.
Ha batho ba ne ba batla ho etsa Jesu morena, o ile a tloha ho bona (Sheba serapa sa 6)
7, 8. Ke hobaneng ha Jesu a sa ka a leka ho fedisa ho hloka toka ha a ne a le lefatsheng? (Johanne 18:36)
7 Ha Jesu a ne a le lefatsheng, ha a ka a kenella dipolotiking e le ho leka ho fedisa ho hloka toka. Hobaneng? Hobane o ne a tseba hore batho ha ba na tokelo kapa bokgoni ba ho ipusa. (Pes. 146:3; Jer. 10:23) Hape ba ke ke ba kgona ho tlosa sesosa sa ho hloka toka. Lefatshe le buswa ke Satane Diabolose, e leng sebopuwa sa moya se kgopo se sebedisang bolaodi ba sona ho etsa hore batho ba tshware ba bang ka ho hloka toka. (Joh. 8:44; Baef. 2:2) Esita le batho ba mosa ha ba kgone ho etsa dintho tsohle ka toka hobane ha ba a phethahala.—Moek. 7:20.
8 Jesu o ne a tseba hore Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla fedisa sesosa sa ho hloka toka. Ka lebaka leo, o ne a qeta nako le matla a hae “a bolella batho ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo.” (Luka 8:1) O ile a kgodisa “ba lapelang le ho nyorelwa ho loka” hore bobodu le ho hloka toka di tla fela. (Mat. 5:6; Luka 18:7, 8) Le ha ho le jwalo, ha ho na mmuso wa batho o ka tlisang diphetoho tsena. Ke Mmuso wa Modimo feela oo e seng “wa lefatshe lena” o tla tlisa diphetoho tsena.—Bala Johanne 18:36.
ETSISA JESU HA O BONA BATHO BA BANG BA TSHWARWA KA HO HLOKA TOKA
9. Ke eng e o kgodisang hore Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla fedisa ho hloka toka?
9 ‘Mehleng ena ya bofelo,’ ho na le ho hloka toka ho feta mehleng ya ha Jesu a ne a le lefatsheng. Satane ha mmoho le batho ba kgopo ba tlasa taolo ya hae, ba ntse ba tswela pele ho baka ho hloka toka. (2 Tim. 3:1-5, 13; Tshen. 12:12) Jwalo ka Jesu, re a tseba hore ke Mmuso wa Modimo feela o tla tlosa sesosa sa ho hloka toka. Ka ha re tshehetsa Mmuso wa Modimo ka ho felletseng, ha re kenelle ditoitoing kapa hona ho tshepa hore mebuso ya lefatshe lena e tla fedisa ho hloka toka. Nahana ka mohlala wa moradi wa bo rona e mong ya bitswang Stacy.a Pele a ithuta nnete, hangata moradi wa bo rona Stacy o ne a kenella ditoitoing tse lwantshang ho hloka toka. Empa o ile a qala ho belaella seo a neng a se etsa. O re: “Ha ke ne ke le ditoitoing tsena, ka dinako tse ding ke ne ke ipotsa hore na ke ka lehlakoreng le nepahetseng kapa tjhe. Ka ha hona jwale ke tshehetsa Mmuso wa Modimo, ke a tseba hore ke ka lehlakoreng le nepahetseng. Ke a tseba hore Jehova o tla lwanela batho ba hatelletsweng ha molemo ho mpheta.”—Pes. 72:1, 4.
10. Ho ya ka Matheu 5:43-48, ke hobaneng ha re sa leke ho fetola melao le mebuso? (Sheba setshwantsho.)
10 Batho ba bangata hona jwale ba kenela dihlopha tse lekang ho fetola mebuso. Le ha ho le jwalo, ba bangata ba a halefa, ba tlola melao mme ba utlwisa ba bang bohloko. Ha se seo Jesu a re rutileng sona. (Baef. 4:31) Morabo rona Jeffrey o re: “Ke a tseba hore ditoitoi tse ding di ka bonahala eka ke mehwanto ya kgotso, empa le pele motsotso o fela batho bao ba ka halefa mme ba qala ho senya, ho utswa le ho lematsana.” Le ha ho le jwalo, Jesu o re ruta hore re tshware batho bohle ka lerato, esita le ba re hanyetsang le ba re hlorisang. (Bala Matheu 5:43-48.) Jwalo ka Bakreste, re etsa sohle seo re ka se kgonang ho qoba ntho le ha e le efe e seng tumellanong le mohlala oo Jesu a re behetseng wona.
Re hloka hore re be sebete e le hore re dule re se karolo ya lefatshe lena (Sheba serapa sa 10)
11. Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore ka dinako tse ding re etsise Jesu?
11 Le hoja re tseba hore Mmuso wa Modimo ke wona o tla fedisa ho hloka toka ka ho felletseng, re ka thatafallwa ke ho etsisa mohlala wa Jesu ha re tshwarwa ka ho hloka toka. A re utlwe hore na moradi wa bo rona Janiya o ile a ikutlwa jwang ha batho ba bang ba mo kgetholla. O re: “Ke ne ke kwatile haholo mme ke utlwile bohloko ebile ke batla hore batho bao ba fuwe kotlo. Ke ile ka nahana ka ho tshehetsa mohwanto wa kgethollo. Ka boela ka nahana hore ho etsa sena ho tla etsa hore ke ikutlwe ke le betere.” Ha nako e ntse e ya, Janiya o ile a hlokomela hore o lokela ho etsa diphetoho. O re: “Ke ile ka dumella hore ba bang ba laole tsela eo ke nahanang ka yona, ka ho ntshusumelletsa hore ke tshepe motho ho ena le ho tshepa Jehova. Ke ile ka nka qeto ya ho kgaotsa ho tshehetsa mehwanto ena.” Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra dumella bohale hore bo etse hore qetellong re kenelle dipolotiking.—Joh. 15:19.
12. Ke hobaneng ha e le bohlale hore re kgethe seo re se balang, re se shebellang kapa re se mamelang?
12 Ke eng e ka re thusang hore re laole bohale ba rona ha re tshwarwa ka ho hloka toka? Batho ba bang ba bone hore ho kgetha hore na ba bala eng, ba mamela eng le hore na ba shebella eng ho ba thusitse haholo. E meng ya metjha ya puisano e fetelletsa diketso tsa ho hloka toka hoo batho ba tshohang mme ba qetelle ba baka merusu. Hangata baqolotsi ba ditaba ba ka bua maikutlo a bona ho ena le hore ba bue se hlileng se etsahetseng. Le hoja re ka nna ra utlwa tlaleho e nepahetseng ka ho hloka toka, na ho dula re bala ka yona ho ka re thusa? Haeba re qeta nako e ngata re bala ditlaleho tsena, re ka nna ra ikutlwa re ferekane kapa re nyahame. (Diprov. 24:10) Ntho e mpe le ho feta ke hore re ka qetella re se re sa behe Mmuso wa Modimo pele bophelong ba rona, mme ra lebala hore ke wona feela o tla tlosa mathata ohle ao re nang le ona.
13. Ho bala Bibele ka mehla ho tla re thusa jwang ha re bona batho ba bang ba tshwarwa ka ho hloka toka?
13 Ho bala Bibele ka mehla le ho nahanisisa ka yona ho tla re thusa hore re tsebe hore na re lokela ho etsang ha re tshwarwa ka ho hloka toka. Moradi wa bo rona Alia o ile a utlwa bohloko haholo ha a bona batho ba sebaka seo a dulang ho sona ba tshwarwa hampe. Ho ne ho bonahala eka batho ba tshwarang ba bang hampe ba ne ba sa fuwe kotlo. O re: “Ke ile ka lokela ho dula fatshe mme ke ipotse, ‘Na ehlile ke a tshepa hore Jehova o tla lokisa mathata aa?’ Ka nako eo, ke ile ka bala Jobo 34:22-29. Ditemana tseo di ile tsa nkgopotsa hore ha ho motho ya ka ipatelang Jehova. Ke yena feela ya kgonang ho etsa dintho ka toka ebile ke yena feela ya tla rarolla mathata ohle a batho.” Le ha ho le jwalo, ha re ntse re emetse hore Mmuso wa Modimo o phethahatse toka, re lokela ho sebetsana le ho hloka toka hona jwale. Jwang?
RE KA ETSANG KA HO HLOKA TOKA HONA JWALE?
14. Re ka etsa eng hona jwale? (Bakolose 3:10, 11)
14 Re ke ke ra kgona ho laola tsela eo batho ba tshwarang ba bang ka yona, empa re ka kgona ho laola tsela eo re tshwarang ba bang ka yona. Jwalo ka ha re se re ithutile, re etsisa Jesu ka ho bontsha ba bang lerato. Lerato lena le etsa hore re hlomphe le ho tshwara ba bang hantle, esita le ba re tshwarang ka ho hloka toka. (Mat. 7:12; Bar. 12:17) Jehova o a thaba ha re tshwara batho bohle ka mosa le ka toka.—Bala Bakolose 3:10, 11.
15. Ha re bolella batho seo Bibele e se rutang, re ba thusa jwang?
15 Tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka thusang batho ka yona ke ka ho ba bolella nnete e ka Bibeleng. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane ho “tseba Jehova” ho ka fetola motho ya neng a le bohale ebile a rata ntwa hore e be motho ya mosa le ya lerato. (Esa. 11:6, 7, 9) Pele morabo rona Jemal a ithuta nnete, e ne e le karolo ya sehlopha se neng se lwanela ho fetola mmuso naheng ya habo hobane a utlwa eka mmuso oo o hatella batho. O re: “O ke ke wa qobella batho hore ba fetohe. Ha ke a ka ka qobellwa hore ke fetohe, empa ke ile ka fetolwa ke nnete eo ke ithutileng yona ka Bibeleng.” Seo morabo rona Jemal a ithutileng sona, se ile sa mo susumelletsa hore a tlohele ho lwana. Ha re ruta batho nnete e tswang ka Bibeleng, re ka ba thusa hore ba tlohelle ho etsa dintho tse utlwisang ba bang bohloko.
16. Ke hobaneng ha o labalabela ho bolella batho ka Mmuso wa Modimo?
16 Jwalo ka Jesu, re labalabela ho bolella batho hore Mmuso wa Modimo ke wona feela o tla fedisa ho hloka toka ka ho felletseng. Taba ena e ka kgothatsa batho ba ileng ba tshwarwa hampe. (Jer. 29:11) Moradi wa bo rona Stacy, eo re buileng ka yena, o re: “Ho ithuta nnete ho nthusitse hore ke kgobe matshwafo ha ke tshwarwa ka ho hloka toka kapa ha ke bona batho ba bang ba tshwarwa hampe. Jehova o sebedisa molaetsa wa Bibele ho re kgothatsa.” O lokela hore o lokisetse hantle e le hore o ka bolella batho ba bang molaetsa o kgothatsang wa Bibele o buang ka tharollo ya ho hloka toka. Ha o ntse o kgodiseha le ho feta ka hore seo o ithutileng sona sehloohong sena ke nnete e thehilweng Mangolong, o tla kgona ho buisana le batho bao o kenang sekolo le bona kapa bao o sebetsang le bona ka taba ena haeba ba ka bua ka yona.b
17. Jehova o re thusa jwang hona jwale hore re sebetsane le ho hloka toka?
17 Re a tseba hore re tlo tshwarwa ka ho hloka toka ha feela Satane e ntse e le ‘mmusi wa lefatshe lena.’ Empa ha se mara ha se ho fela ha re ntse re emetse hore a ‘lelekwe.’ (Joh. 12:31) Ka Bibeleng, Jehova ha a re bolelle feela hore na ke hobaneng ha ho hloka toka ho le hongata hakana, empa o boetse o a re bolella hore o tsotella batho ba utlwisitsweng bohloko ka lebaka la ho hloka toka. (Pes. 34:17-19) Jehova o sebedisa mohlala wa Mora wa hae ho re ruta hore na re lokela ho etsang ha re tshwarwa ka ho hloka toka hona jwale le hore haufinyane Mmuso wa hae o tla fedisa ho hloka toka ka ho felletseng. (2 Pet. 3:13) E se eka re ka tswela pele re bolela ditaba tse monate tsa Mmuso ka tjheseho, mme re dule re tatetse nako eo ka yona lefatshe le tla beng le tletse ‘toka le ho loka.’—Esa. 9:7.
PINA YA 158 “Re Tla Mamella”
a Mabitso a mang a fetotswe.
b Sheba dintlha tsa A bukaneng ya Rata Batho—O ba Etse Barutuwa ntlha ya 24-27.