SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 39
PINA YA 54 “Tsela ke Ena”
‘Batho Bao Dipelo Tsa Bona di ba Susumetsang’ ba Tla Mamela
“Batho bohle bao dipelo tsa bona di neng di ba susumetsa hore ba amohele lentswe le fanang ka bophelo bo sa feleng ya eba badumedi.”—DIK. 13:48.
NTLHAKGOLO
Ke ha bohlokwa hore re kope ho ithuta Bibele le batho le ho ba memela dibokeng.
1. Batho ba ka etsang ha re ba pakela? (Diketso 13:47, 48; 16:14, 15)
BATHO ba bangata mehleng ya baapostola ba ile ba amohela molaetsa wa Mmuso hang ha ba utlwa ka wona. (Bala Diketso 13:47, 48; 16:14, 15.) Ka tsela e tshwanang le mehleng ena, ba bang ba thaba haholo ha ba utlwa ditaba tse monate ka lekgetlo la pele. Esita le batho bao qalong ba neng ba sa batle ho utlwa letho ka molaetsa wa Mmuso, ha morao ba ka batla ho ithuta ka Modimo le ho mo sebeletsa. Re lokela ho etsang ha re fumana batho ‘bao dipelo tsa bona di ba susumetsang’ ha re le tshimong?
2. Ke ka tsela efe mosebetsi wa rona wa boboledi o tshwanang le wa molemi?
2 A re bueng ka papiso ena. Mosebetsi wa rona wa ho etsa barutuwa o ka bapiswa le wa motho ya lemang. Ha dijalo tse ding di butswa pele ho tse ding, o kotula tse butswitseng hanghang empa o tla tswela pele a nosetsa le ho hlokomela tse ding tse eso butswe. Ka tsela e tshwanang, ha re fumana motho ya batlang ho mamela molaetsa wa rona, re batla ho mo thusa kapele ka moo re ka kgonang hore e be morutuwa wa Kreste. Ka nako e tshwanang, re ntse re tswela pele ho hlaolela thahasello ya batho ba bang ba hlokang nako ya hore ba bone bohlokwa ba ho ithuta ka Modimo le Bibele. (Joh. 4:35, 36) Ho ba le temoho ho tla re thusa hore re kgethe tsela e molemo ya ho ba thusa. A re bueng ka hore na re ka etsang ho thusa batho ba ikemiseditseng ho re mamela ha re bua le bona ka lekgetlo la pele. Re tla boela re ithute hore na re ka ba thusa jwang hore ba hatele pele.
HA BATHO BA IKEMISEDITSE HO ITHUTA
3. Re lokela ho etsang ha re fumana batho ba thahasellang tshimong? (1 Bakorinthe 9:26)
3 Ha re fumana batho ba thahasellang tshimong, re batla ho ba thusa hore ba qalelle ho tsamaya tseleng e isang bophelong hanghang. Maemong ana, ha re a lokela ho qeaqea ho kopa ho ithuta Bibele le bona le ho ba memela hore ba tle dibokeng hang feela ha re qala ho qoqa le bona.—Bala 1 Bakorinthe 9:26.
4. Fana ka mohlala wa motho ya neng a le malalaalaotswe ho ithuta Bibele.
4 Ho kopa ho ithuta Bibele le motho. Ha re kopa ho ithuta Bibele le batho ba bang, ha ba re hosane. Ka mohlala, ka Labone le leng ausi e mong ya dulang Canada o ile a ya teroling mme a nka bukana ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Moradi wa bo rona ya teroling o ile a mo hlalosetsa hore re ithuta Bibele mahala le batho re sebedisa bukana ena. Ausi enwa o ne a thabile hoo a ileng a mo fa dinomoro tsa hae. Ha morao hona letsatsing leo, ausi eo o ile a romella moradi wa bo rona molaetsa, a mo botsa hore na ba ka ithuta neng. Ha moradi wa bo rona a re a ka ya ho yena mafelobeke, ausi eo o ile a re: “Ho ka ba jwang ha o ka tla hosane? Ha ke etse letho.” Ba ile ba qala ho bala Labohlano lona leo. Ausi eo o ile a ya dibokeng ka lekgetlo la pele mafelobekeng ona ao, mme a hatela pele ka potlako.
5. Re ka etsang ha re kopa ho ithuta Bibele le batho? (Sheba ditshwantsho.)
5 Ke nnete hore ha re a lebella hore batho bohle ba mamelang molaetsa wa rona, ba tshwane le ausi eo. Batho ba bang ba hloka nako. Re ka nna ra lokela hore re qale pele ka ho bua ka ntho eo motho a e thabelang. Haeba re bontsha hore re na le maikutlo a nepahetseng ka motho enwa ebile re bontsha hore re a mo tsotella, re ka kgona hore re qale ho ithuta le yena ka mora nako e seng kae. Jwale re ka reng ha re kopa hore re ithute Bibele le yena? Potso ena e ile ya botswa bara le baradi ba bo rona ba atlehang ho qadisa dithuto tsa Bibele.
O nahana hore o ka reng ho batho baa ba hlahang ditshwantshong tsee ho ba thusa hore ba thabele ho ithuta Bibele? (Sheba serapa sa 5)a
6. Re ka reng e le hore motho eo re buang le yena a thahaselle ho bua le rona hape?
6 Bahweletsi le bopulamadiboho ba ileng ba botswa ka ho qadisa dithuto, ba ile ba hlalosa hore dibakeng tse ding ho molemo hore o qobe ho bua dintho tse kang “ho ithuta,” “thuto ya Bibele” kapa “ke tlo o ruta,” ha o hlalosetsa motho ka thuto ya Bibele. Ba ile ba hlokomela hore ho molemo hore o re “re tlo qoqa,” “re tlo buisana” le “re tlo hlahloba Bibele haholwanyane.” E le hore motho eo o buang le yena a batle hore o kgutle hape, o ka qadisa moqoqo le yena ka ho re: “Ke taba e thahasellisang hore ebe Bibele e araba dipotso tsa bohlokwa tseo re ipotsang tsona bophelong,” kapa o ka re: “Bibele ha se buka feela tjee ya bodumedi empa e boetse e re thusa ka ditsela tse ngata bophelong.” O ka boela wa re: “Re hloka metsotso e mmalwa feela, e leshome ho isa ho e 15 e lekane hore re ithute dintho tsa bohlokwa tse tla re thusa bophelong.” Ha ho hlokahale hore o re “re tla ithuta beke le beke,” e leng ntho e ka etsang hore motho eo o buang le yena a utlwe eka o a itlama.
7. Batho ba bang ba ile ba hlokomela neng hore seo ba ithutang sona ka Bibeleng ke nnete? (1 Bakorinthe 14:23-25)
7 Ba memele dibokeng. Ho bonahala eka mehleng ya moapostola Pauluse, batho ba bang ba ile ba qala ho hlokomela hore dintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng ke nnete ha ba qala ho ya dibokeng tsa Bokreste. (Bala 1 Bakorinthe 14:23-25.) Ke sona se etsahalang hangata le mehleng ena. Batho ba bangata ba ithutang Bibele ba hatela pele kapele ha ba qala ho ya dibokeng. O lokela ho ba memela dibokeng neng? Buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e bua ka ho memela batho dibokeng kgaolong ya leshome, empa ha o a lokela ho emela hore le fihle kgaolong eo e le hore o meme motho. Ha le ntse le qoqa ka lekgetlo la pele, o ka mo memela dibokeng tsa mafelobeke, mohlomong ka hore o mo bolelle sehlooho sa puo ya phatlalatsa kapa o mo bolelle ntlha e itseng eo ho tlo buuwa ka yona Thutong ya Tora ya ho Lebela.
8. O ka hlalosetsa motho eo o mo memelang dibokeng eng? (Esaia 54:13)
8 Ha o memela motho dibokeng, mo hlalosetse hore na di fapane jwang le ditshebeletso tsa bodumedi tseo e ka nnang yaba o di tlwaetse. Ha motho e mong ya ithutang Bibele a qala ho ba teng Thutong ya Tora ya ho Lebela, o ile a botsa motho ya ithutang le yena a re: “E le hore motho eo ya tsamaisang Tora ya ho Lebela o tseba lebitso la motho e mong le e mong?” Moradi wa bo rona o ile a mo hlalosetsa hore re leka ho tseba mabitso a batho bohle ka phuthehong, jwalo ka ha re tseba mabitso a ba malapa a rona. Moithuti o ile a utlwa sena se fapane hole le seo a se tlwaetseng kerekeng ya hae. Ka ho tshwanang, batho ba bangata ha ba tsebe sepheo sa rona sa ho ya dibokeng. (Bala Esaia 54:13.) Re ya dibokeng e le hore re yo rapela Jehova, re ithute ka yena le ho kgothatsana. (Baheb. 2:12; 10:24, 25) Seo se etsa hore diboka tsa rona di hlophisehe ebile ha re etse meetlo. (1 Bakor. 14:40) Diholo tsa rona ha di na dintho tse ngata, di entswe hore di be ka tsela e itekanetseng e le hore ho be bonolo hore re ithute. Ha ho mohla re buang ka dipolotiki hobane ha re kenelle ho tsona. Hape ha re phehe kgang kapa hona ho ngangisana ka maikutlo a rona. E ka ba hantle hore re bontshe motho eo re ithutang le yena video ya Ho Etsahalang Holong ya Mmuso? pele a ya dibokeng. Seo se tla mo thusa hore a tsebe hore na ho tla etsahalang dibokeng.
9, 10. Ha o memela motho dibokeng, o ka reng ho yena e le hore a se ke a tshaba ho ya? (Sheba setshwantsho.)
9 Batho ba bang ba qeaqea ho ya dibokeng hobane ba tshaba hore ba tla koptjwa hore e be “ditho tsa kereke.” Kgodisa motho eo o mo memelang dibokeng hore re thabela ho ba le baeti mme re ke ke ra mo hatella hore e be e mong wa Dipaki kapa hore a nke karolo dibokeng. Malapa a amohelehile, ho akarelletsa le a nang le bana ba banyenyane. Dibokeng tsa rona, bana ha ba rutwe moo ba leng bang. Ho ena le hoo, batswadi le bana ba dula le ho ithuta ha mmoho. Ka tsela ena, batswadi ba a tseba hore na bana ba bona ba hokae le hore na ba rutwa eng. (Deut. 31:12) Ha re ntshe koleke, ho ena le hoo re latela taelo ya Jesu e reng: “Le fuwe mahala, le lona fanang mahala.” (Mat. 10:8) O ka boela wa mo bolella hore ha ho hlokahale hore a apare diaparo tse turang ha a tla dibokeng. Modimo o sheba pelo, eseng tsela eo motho a shebahalang ka yona.—1 Sam. 16:7.
10 Haeba motho a tla dibokeng, etsa sohle seo o ka se kgonang ho etsa hore a ikutlwe a amohelehile. Mo tsebise baholo le bahweletsi ba bang. O tla batla ho kgutla ha a bona batho ba le botswalle ba bile ba mo kgathalla. Haeba ha a na Bibele, balang mangolo Bibeleng ya hao e le hore a utlwisise puo e fanwang kapa mo thuse hore a utlwisise hore na re ithuta jwang.
Ha motho a qalella ho ya dibokeng, o tla atamela haufi le Jehova kapele (Sheba serapa sa 9 le 10)
HA O QALA THUTO YA BIBELE
11. O ka bontsha jwang hore o hlompha nako ya monga ntlo?
11 Re lokela ho hopola eng ha re ithuta Bibele le motho? Hlompha nako eo motho eo o ithutang Bibele le yena a o behetseng yona. Ka mohlala, tshwara nako eo le dumellaneng ka yona le hoja batho ba sebakeng sa heno e le batho ba sa tshwareng nako. Hape ho ka ba molemo hore le se ke la nka nako e telele ha le qala ho bala. Bahweletsi ba ithutileng Bibele le batho ba bangata, ba re ho ka ba molemo hore le qete ho ithuta pele ho nako eo le e behileng, le ha motho eo a batla ho tswela pele. O se ke wa bua haholo. Mo tlohelle hore a ntshe maikutlo a hae.—Diprov. 10:19.
12. Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re qala ho ithuta Bibele le motho?
12 Ha o qala ho ithuta le motho, sepheo sa hao e lokela hore e be ho mo thusa hore a tsebe Jehova le Jesu le hore a ba rate. O ka etsa sena ka hore o dule o mo ruta Lentswe Modimo ho ena le hore o mo bolelle seo o se tsebang ka Bibele. (Dik. 10:25, 26) Moapostola Pauluse o ne a ruta batho ka Jesu Kreste, eo Jehova a mo rometseng hore a re thuse ho mo tseba le ho mo rata. (1 Bakor. 2:1, 2) O ile a boela a hlakisa bohlokwa ba ho thusa barutuwa ba batjha ho hlaolela makgabane a ka bapiswang le kgauta, silevera le majwe a bohlokwa. (1 Bakor. 3:11-15) Makgabane ana a bohlokwa a akarelletsa tumelo, bohlale, temoho le ho tshaba Jehova. (Pes. 19:9, 10; Diprov. 3:13-15; 1 Pet. 1:7) Etsisa mokgwa wa Pauluse wa ho ruta ka hore o thuse motho eo o ithutang le yena hore a be le tumelo e matla le hore a be le setswalle se haufi le Ntate wa hae ya lerato ya lehodimong.—2 Bakor. 1:24.
13. Re ka bontsha mamello le kutlwisiso jwang ha re thusa batho ba thahasellang? (2 Bakorinthe 10:4, 5) (Sheba setshwantsho.)
13 Etsisa tsela ya Jesu ya ho ruta ka hore o be le mamello le kutlwisiso. Qoba ho botsa motho dipotso tse tla etsa hore a se ke a phutholoha. Haeba ho ena le ntho eo ho leng thata hore a e utlwisise, ha ho hlokahale hore o dule ho yona. Le ka tswela pele ka thuto mme la kgutlela ntlheng eo ha morao. Ho ena le hore o mo qobelle hore a dumele seo a ithutang sona, mo fe nako ya hore a dumelle nnete hore e mele ka metso pelong ya hae. (Joh. 16:12; Bakol. 2:6, 7) Bibele e re dithuto tsa bohata di tshwana le “dintho tse metseng ka matla” tseo re lokelang ho di ‘fothola.’ (Bala 2 Bakorinthe 10:4, 5.) Ho ka nna ha se ke ha eba bonolo hore motho eo o ithutang le yena a tlohele dithuto tseo a neng a di dumela. Ka hoo, o lokela ho qala ka ho mo thusa hore a hahe Qhobosheane e ntjha, e leng hore o lokela ho mo thusa hore a tshepe Jehova. Ka mora moo, ho tla ba bonolo ho yena hore a tlohele dintho tseo a neng a di dumela pele.—Pes. 91:9.
Mo fe nako ya hore nnete e mele ka metso (Sheba serapa sa 13)
HA BATHO BA QALA HO TLA DIBOKENG
14. Re lokela ho tshwara batho ba qalang ho tla dibokeng jwang?
14 Jehova o batla hore re se ke ra kgetholla batho ba qalang ho tla dibokeng, ho sa tsotellehe hore na ba tswa setsong sefe kapa hore na maemo a bona a ditjhelete ke afe. (Jak. 2:1-4, 9) Ka hoo, re ka bontsha batho ba tlang dibokeng ka lekgetlo la pele jwang hore re a ba rata?
15, 16. Re ka etsang hore batho ba qalang ho tla dibokeng ba ikutlwe ba amohelehile?
15 Batho ba bang ba tla dibokeng tsa rona hobane feela ba batla ho tseba hore na ho etsahalang kapa e ka nna yaba ba kgothalleditswe ke motho e mong ya dulang sebakeng se seng hore ba ye dibokeng. Ka hoo, ha motho a tlile dibokeng, re se ke ra ba lesisitheho ho bua le bona. Mo amohele ka mofuthu empa o se ke wa mo thabela haholo hoo o ka etsang hore a ikutlwe a sa phutholoha. Mo kope hore a tlo dula le wena. Shebisana Bibele le sengolwa se ithutwang le yena kapa o mo fe tsa hae. Hape nahana ka ditsela tse ding tse ka etsang hore a ikutlwe a phutholohile. Ntate e mong ya neng a ile Holong ya Mmuso o ile a bolella morabo rona ya ileng a mo amohela hore o ne a tshwenyehile hobane o ne a sa apara hantle jwalo ka batho ba bang. Morabo rona o ile a mo kgoba matshwafo mme a mo hlalosetsa hore Dipaki Tsa Jehova ke batho ba tlwaelehileng. Ntate eo o ile a qetella a kolobeditswe, mme ha a ka a lebala tsela eo morabo rona a ileng a mo araba ka yona. Le ha ho le jwalo, ha o bua le batho pele le ka mora diboka, bontsha hore o a ba tsotella empa eba hlokolosi hore o se ke wa kenakenana le ditaba tsa bona tsa botho.—1 Pet. 4:15.
16 Re ka boela ra etsa hore baeti ba rona ba ikutlwe ba amohelehile ka hore re ba hlomphe ha re qoqa le bona, ha re arabela le ha re phetha dikabelo tsa rona tse buang ka batho bao eseng Dipaki kapa dintho tseo ba di dumelang. Qoba ho bua dintho tse ka ba kgopisang kapa tse ka etsang hore ba ikutlwe eka o a ba soma. (Tite 2:8; 3:2) Ka mohlala, re ke ke ra bua ka dintho tseo ba di dumelang ka tsela e sa hlompheng. (2 Bakor. 6:3) Bara ba bo rona ba fanang ka dipuo tsa phatlalatsa le bona ba lokela ho ba hlokolosi tabeng ena. Ba boetse ba nahanela batho bao eseng Dipaki Tsa Jehova ka hore ba hlalose mantswe kapa dintho tseo ba sa di utlwisiseng.
17. Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re fumana batho ‘bao dipelo tsa bona di ba susumetsang’?
17 Mosebetsi wa rona wa ho etsa barutuwa o ntse o potlaka letsatsi le leng le le leng, mme re tswela pele ho batla batho ‘bao dipelo tsa bona di ba susumetsang hore ba amohele lentswe le fanang ka bophelo bo sa feleng.’ (Dik. 13:48) Ka hoo, ha re a lokela ho qeaqea ho kopa ho ithuta Bibele le bona kapa ho ba memela dibokeng. Ha re etsa jwalo, re ka ba thusa hore ba nke mohato wa pele o yang “tseleng e isang [bophelong].”—Mat. 7:14.
PINA YA 64 Re Kotula re Thabile
a TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Bara ba bo rona ba babedi ba ya ho ntate eo e neng e le lesole ya seng a behile meja fatshe ya dutseng foranteng. Baradi ba bo rona ba babedi ba bua ha kgutshwanyane le mme ya phathahaneng.