SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 40
PINA YA 111 Mabaka a Rona a ho Thaba
Jehova o Etsa Hore re “Thabe Haholo”
“ Ke tla tla . . . ho Modimo ya etsang hore ke thabe haholo.”—PES. 43:4.
NTLHAKGOLO
Ho re thusa hore re tsebe hore na ke dintho dife tse ka utswang thabo ya rona le hore na re ka etsang hore re boele re thabe.
1, 2. (a) Batho ba bangata ba ikutlwa jwang mehleng ee? (b) Re tlo bua ka eng sehloohong see?
BATHO ba bangata mehleng ena ba leka mekgwa e mengata e le hore ba thabe. Le ha ho le jwalo, ha ba kgone ho finyella thabo ya moshwelella. Ba ikutlwa ba hlorile ebile ha ba na tshepo ya hore dintho di tla loka. Batho ba Jehova le bona ha se mekgelo tabeng ena. Ka ha re phela “matsatsing a ho qetela,” re lebelletse ho kopana le maemo ao ‘ho leng thata ho sebetsana le ona.’—2 Tim. 3:1, Phetolelo ya Lefatshe le Letjha ya Mangolo a Halalelang.
2 Sehloohong sena, re tlo bua ka dintho tse ka utswang thabo ya rona le hore na re ka etsang e le hore re boele re thabe. Empa pele ho moo, re lokela ho tseba hore na Mohlodi wa thabo ya nnete ke mang.
MOHLODI WA THABO YA NNETE
3. Popo e re ruta eng ka Jehova? (Sheba ditshwantsho.)
3 Haesale Jehova e le Modimo ya thabileng. O batla hore le rona re thabe. Ka hoo, ha ho makatse hore ebe popo ya hae e kgona ho bontsha hore ke Modimo ya thabileng. Re bona ka polanete ya rona e ntle, mebala e mengata e metle, mefuta e fapaneng ya diphoofolo ha e bapala mme e re qabola le dijo tse ngata tse rothisang mathe. Ka nnete Jehova o a re rata ebile o batla hore re thabele bophelo.
Baby elephant: Image © Romi Gamit/Shutterstock; penguin chicks: Vladimir Seliverstov/500px via Getty Images; baby goats: Rita Kochmarjova/stock.adobe.com; two dolphins: georgeclerk/E+ via Getty Images
Tsela eo diphoofolo di bapalang ka yona e bontsha hore Jehova ke Modimo ya thabileng (Sheba serapa sa 3)
4. (a) Jehova o kgona ho dula a thabile jwang ho sa tsotellehe dintho tse bohloko tseo a di bonang di etsahala? (b) Jehova o re file mpho efe? (Pesaleme ya 16:11)
4 Le hoja Jehova e le “Modimo ya thabileng,” o bona ntho e nngwe le e nngwe e re tshwenyang le e re utlwisang bohloko. (1 Tim. 1:11) Empa ha a dumella hore taba ena e fokotse thabo ya hae. O a tseba hore dintho tsohle tse re utlwisang bohloko ke tsa nakwana. O di behetse nako ya hore na o tla di fedisa neng. O ntse a letile ka mamello ho fihlela letsatsi leo ka lona a tlang ho fedisa maswabi ohle le ho utlwa bohloko ka ho felletseng. Empa hona jwale, Jehova o a utlwisisa hore na re feta maemong a jwang ebile o batla ho re thusa. O re thusa jwang? Tsela e nngwe eo a re thusang ka yona ke ka ho re fa mpho ya thabo. (Bala Pesaleme ya 16:11.) A re hlahlobeng ka moo a ileng a fa Mora wa hae Jesu mpho ena ka teng.
5, 6. Ke hobaneng ha Jesu a thabile?
5 Hara dintho tsohle tseo Jehova a di bopileng, Jesu ke yena ya thabileng ka ho fetisisa. Hobaneng? Nahana ka mabaka ana a mabedi. (1) “O tshwana le Modimo ya sa bonahaleng” mme o bonahatsa ka ho phethahetseng hore na Ntate wa hae ke Modimo ya jwang. (Bakol. 1:15) (2) Jesu o qetile nako e ngata le Ntate wa hae, e leng yena Mohlodi wa thabo.
6 Haesale Jesu a thabiswa ke ho etsa dintho tseo Ntate wa hae a mo kopang hore a di etse. (Diprov. 8:30, 31; Joh. 8:29) Ke ka hoo Ntate wa hae a mo ratang hakana.—Mat. 3:17.
7. Re ka thaba e le ka nnete jwang?
7 Le rona re ka thaba e le ka nnete ha re atamela haufi le Jehova, e leng yena Mohlodi wa thabo. Ha re qeta nako e ngata re ithuta ka Jehova ebile re mo etsisa, re tla thaba le ho feta. Re tla boela re thabiswe ke ho etsa thato ya Modimo le ho tseba hore re a mo kgahlisa.a (Pes. 33:12) Empa ho thweng haeba ka dinako tse ding kapa ka mehla re ikutlwa re sa thaba? Na taba ee e bolela hore ha re kgahlise Modimo? Tjhe! Ha re a phethahala mme ka dinako tse ding re utlwa bohloko, re a hlora ebile re ba le kgatello ya maikutlo. Jehova o a utlwisisa. (Pes. 103:14) A re bueng ka hore na ke dintho dife tse ka utswang thabo ya rona le hore na re ka etsang e le hore re boele re thabe.
O SE KE WA DUMELLA LETHO HORE LE O UTSWETSE THABO
8. Mathata a bophelo a ka re ama jwang?
8 Leshodu la pele: Mathata a bophelo. Na o na le mathata ka lebaka la ho hloriswa, koduwa ya tlhaho, bofutsana, bokudi kapa botsofadi? Mathata ana a ka o utswetsa thabo ha bonolo, haholoholo haeba ho se na letho leo re ka le etsang. Bibele e re “pelo e utlwileng bohloko e diha moya.” (Diprov. 15:13) Morabo rona Babis, eo e leng moholo ya ileng a hlokahallwa ke abuti wa hae le batswadi ba hae ka bobedi nakong ya dilemo tse nne, o re: “Ke ne ke utlwa eka ke mong ebile ha ho na motho ya ka nthusang. Ka dinako tse ding, ke ne ke ikutlwa ke tshwenyehile haholo hobane le hoja ke ne ke batla ho qeta nako e ngata le batswadi ba ka le abuti wa ka pele ba hlokahala, ha ke a ka ka kgona.” Ka nnete mathata a bophelo a ka re imela nameng le maikutlong.
9. Re ka thuswa ke eng hore re boele re thabe? (Jeremia 29:4-7, 10)
9 Re ka thuswa ke eng hore re boele re thabe? Re ka thabiswa ke ho amohela boemo ka moo bo leng ka teng le ho bontsha kananelo. Batho ba dumela hore bophelo bo lokela ho itsamaela bothebelele e le hore re thabe. Empa taba ena ha se nnete. Ka mohlala, Jehova o ile a laela Bajuda ba neng ba le botlamuweng Babilona hore ba amohele maemo a bona a matjha a ho ba batlamuwa naheng e nngwe le hore ba etse sohle se matleng a bona hore ba thabe le tlasa maemo ao a boima. (Bala Jeremia 29:4-7, 10.) Re ithutang? Re ka leka ho amohela maemo a rona ka moo a leng ka teng mme re ananele dintho tse molemo tseo re nang le tsona. Hopola hore Jehova o tla dula a ena le wena le ho o thusa. (Pes. 63:7; 146:5) Moradi wa bo rona Effie, ya ileng a holofala ka lebaka la kotsi ya koloi, o re: “Jehova, ba lelapa le phutheho ba ile ba ntshehetsa le ho nthusa haholo. Ka hoo, ke ne ke utlwa eka ke tla be ke sa ananele haeba nka tela. Ke batla ho bontsha hore ke ananela thuso eo Jehova le metswalle ya ka ba mphileng yona ka hore ke dule ke thabile.”
10. Ke hobaneng ha re ka dula re thabile le hoja re ena le mathata?
10 Re ntse re ka thaba le hoja bophelo ba rona bo sa thabise kapa ba lelapa ba hlahelwa ke dintho tse bohloko.b (Ps. 126:5) Hobaneng? Hobane thabo ya rona ha e a itshetleha ka maemo a rona kapa dintho tse re etsahallang. Moradi wa bo rona Maria wa pulamadiboho o re: “Taba ya hore o dula o thabile le hoja o na le mathata, ha e bolele hore o kwalla maikutlo a hao ka hare. Ho ena le hoo, e bolela hore ha o a lebala ditshepiso tsa Jehova. Ntate wa rona o tla re thusa hore re sireletse thabo ya rona.” Hopola, ho sa tsotellehe hore na ho boima hakae hona jwale, mathata ohle a rona ke a nakwana, a jwalo ka mehato ya motho lehlabatheng ha ho le moya. Haufinyane a tla nyamela ebe ha re sa a bona.
11. Mohlala wa moapostola Pauluse o o kgothatsa jwang?
11 Ho thweng haeba o qala ho belaela hore mathata a hao ke bopaki ba hore ha o sa kgahlisa Jehova? Ntho e ka o thusang ke ho nahana ka bahlanka ba Jehova ba tshepahalang ba ileng ba tobana le maemo a boima haholo. Nahana ka mohlala wa moapostola Pauluse. O ile a kgethwa ke Jesu ka boyena hore a bolele ditaba tse monate ho “ditjhaba, marena le Baiseraele.” (Dik. 9:15) Eo e ne e le tokelo e kgolo! Le ha ho le jwalo, Pauluse o ne a ntse a ena le mathata a mangata. (2 Bakor. 11:23-27) Na mathata a Pauluse a neng a bonahala eka ha a fele, a ne a bolela hore ha a sa kgahlisa Jehova? Ho hang! Ho ena le hoo, mamello ya hae e bontshitse hore Jehova o ntse a mo hlohonolofatsa. (Bar. 5:3-5) Jwale nahana ka boemo ba hao. O mamelletse ka botshepehi ho sa tsotellehe diteko tseo o tobanang le tsona. Le wena o ka kgodiseha hore o kgahlisa Jehova.
12. Ha dintho tseo re di lebelletseng di sa phethahale, seo se ka re utswetsa thabo jwang?
12 Leshodu la bobedi: Ha dintho tseo re di lebelletseng di sa phethahale. (Diprov. 13:12) Ho rata Jehova le ho ananela dintho tseo a re etseditseng tsona, ho re susumelletsa ho ipehela dipakane tshebeletsong ya hae. Le ha ho le jwalo, re ka nyahama haeba re ipehela dipakane tse ka hodimo ho matla a rona. (Diprov. 17:22) Moradi wa bo rona Holly wa pulamadiboho o re: “Ke ne ke batla ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso, ke batla ho ya sebeletsa naheng e nngwe kapa ke ye projekeng ya kaho ya Ramapo. Empa maemo a ka a ile a fetoha mme ha ke a ka ka kgona ho finyella dipakane tseo. Ke ne ke swetsehile. Ho utlwisa bohloko ho se finyelle dintho tseo o ipehetseng tsona.” Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ikutlwa ka tsela ena.
13. Haeba maemo a hao a sa o dumelle ho etsa se eketsehileng, o ka ipehela dipakane dife tseo o ka di finyellang?
13 Ke eng e ka re thusang hore re boele re thabe? Hopola hore Jehova ha a lebella hore re etse se ka hodimo ho matla a rona, kapa hona hore o re nka re le ba bohlokwa a ipapisitse le dintho tseo re kgonang ho di finyella tshebeletsong ya hae. Jehova o batla hore re tshepahale re be re ikokobetse. (Mik. 6:8; 1 Bakor. 4:2) O tsotella motho eo re leng yena ka hare ho feta seo re kgonang ho se etsa. Na e ne e tla ba taba e utlwahalang hore re lebelle ho etsa dintho tseo Jehova yena a sa lebellang hore re di etse?c Ho hang! Ka hoo, haeba maemo a hao a sa o dumelle ho etsa ho eketsehileng tshebeletsong ya Jehova, leka ho etsa dintho tseo o ka kgonang ho di etsa. Ka mohlala, o ka kwetlisa ba batjha kapa wa kgothatsa ba hodileng. O ka ipehela pakane ya ho kgothatsa motho e mong ka ho mo etela, ka ho mo founela kapa ka ho mo romella molaetsa. Jehova o tla o hlohonolofatsa ka hore o thabe ha o ntse o sebetsa ka thata ho finyella dintho tseo o kgonang ho di etsa. Hopola hore haufinyane re tla be re ena le menyetla e mengata lefatsheng le letjha ya hore re sebeletse Jehova ka ditsela tseo re sa nahaneng hore re ka mo sebeletsa ka tsona. Moradi wa bo rona Holly, eo re buileng ka yena pejana, ha a dihela dikgala o re: “Ha ke utlwa eka ke a nyahama, ke ema hanyane ebe ke hopola hore ke tlo phela ka ho sa feleng. Jehova o tla nthusa hore ke finyelle tse ding tsa dipakane tsa ka lefatsheng le letjha.”
14. Ke eng hape e ka re utswetsang thabo?
14 Leshodu la boraro: Ho itjheba bowena. Batho ba bang ba sebedisa Inthanete ho etsa hore batho ba nahane hore ba tla fumana thabo ya nnete ebile ba tla kgotsofala haeba ba itjheba bobona. Batho ba kgothalletswa ho etsa dintho tse ba thabisang, ho reka dintho tseo ba di batlang le ho etela dibaka tse fapaneng, e le hore ba fumane thabo ya nnete. Ha se phoso ho thabela dintho tsena. Jehova o re bopile ka tsela eo re kgonang ho thabela dintho tse ntle. Le ha ho le jwalo, batho ba bangata ba bone hore dintho tseo ba neng ba nahana hore di tla ba fa thabo, ha e le hantle ke tsona tse e utswang. Moradi wa bo rona Eva wa pulamadiboho, o re: “Ha o phelela ho etsa dintho tse thabisang wena feela, ha ho mohla o kgotsofalang.” Ho itjheba bowena feela, ho ka etsa hore o ikutlwe o nyahame ebile o se na thuso.
15. Re ka ithuta eng mohlaleng wa Morena Solomone?
15 Mohlala wa Morena Solomone o re ruta ditlamorao tse bohloko tsa ho itjheba borona. O ile a leka ho fumana thabo ka hore a etse dintho tse mo thabisang, jwalo ka ho thabela dijo tse monate, mmino o mathemalodi le ho reka dintho tse ntle tseo tjhelete e neng e ka di reka mehleng ya hae. Empa o ile a sala a ntse a sa thaba. O re: “Leihlo ha le kgotsofalle ho bona le tsebe ha e tlale ke ho utlwa.” (Moek. 1:8; 2:1-11) Dintho tseo batho ba nahanang hore di tlisa thabo ya sebele di tshwana le tjhelete ya maiketsetso. Di bonahala eka di na le boleng, empa ha e le hantle di ke ke tsa etsa hore motho a thabe e le ka nnete.
16. Ho thusa batho ba bang ho ka etsa hore re boele re thabe jwang? (Sheba ditshwantsho.)
16 Ke eng e ka re thusang hore re boele re thabe? Jesu o ile a re ruta hore “ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuwa.” (Dik. 20:35) Morabo rona wa moholo ya bitswang Alekos o re: “Ke leka ho thusa batho ba bang ka dintho tse nyenyane. Ha ke dula ke fana, seo se etsa hore ke se ke ka itjheba bonna mme ke a thaba.” O ka etsetsa batho ba bang eng? Ka mohlala, haeba o hlokomela hore motho e mong o utlwile bohloko, leka ho mo kgothatsa. O ka nna wa se ke wa kgona ho rarolla mathata a hae, empa o ka mo kgothatsa ka hore o mo mamele ka qenehelo, o mo utlwele bohloko le hore o mo kgothalletse hore a lahlele morwalo wa hae ho Jehova. (Pes. 55:22; 68:19) O ka boela wa mo thusa hore a ananele taba ya hore Jehova ha a eso mo lahle. (Pes. 37:28; Esa. 59:1) O ka boela wa mo thusa ka dintho tseo a di hlokang, jwalo ka ho mo phehela kapa ho otlolla maoto le yena. Mo kope hore a ye tshimong le wena mme seo se tla mo tsosa molota. Dumella Jehova hore a o sebedise ho kgothatsa ba bang. Ho thusa batho ba bang ho ena le ho itjheba borona, ho tla etsa hore re thabe e le ka nnete.—Diprov. 11:25.
Ho ena le ho ameha ka dintho tseo o di batlang, ameha ka dintho tseo batho ba bang ba di hlokang (Sheba serapa sa 16)d
17. Haeba re batla ho thaba e le ka nnete, re lokela ho etsang? (Pesaleme ya 43:4)
17 Re ka thaba e le ka nnete haeba re tswela pele ho atamela haufi le Ntate wa rona ya lehodimong. Bibele e a re tiisetsa hore Jehova o ‘etsa hore re thabe haholo.’ (Bala Pesaleme ya 43:4.) Ka hoo, ho sa tsotellehe hore na re tobane le eng bophelong, ha ho hlokahale hore re tshohe kapa re tshwenyehe. A re tsweleng pele ho ba metswalle ya Jehova, e leng yena Mohlodi o sa feleng wa thabo ya rona.—Pes. 144:15.
PINA YA 155 Thabo e sa Feleng
a Sheba lebokose le reng “Etsa Jehova Mohlodi wa Hao wa Thabo.”
b E le mohlala feela, sheba puisano ya Morabo rona Dennis le Moradi wa bo rona Irina Christensen ho jw.org/st-za videong ya Tlaleho ya Bohlano ya 2023 ya Sehlopha se Busang.
c Sheba sehlooho se reng “Iketsetse Lipakane Tseo U ka li Finyellang, U Tle U Thabe” ho Molula-Qhooa wa July 15, 2008, e le hore o fumane dintlha tse eketsehileng.
d TLHALOSO YA SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona o rekile dintho tse ngata tseo a di batlang empa o thabiswa haholo ke ho rekela moradi wa bo rona ya hodileng ya hlokang ho kgothatswa dipalesa.