Ditho Tse Pedi Tse Ntjha Tsa Sehlopha se Busang
KA LA 5 OCTOBER 2024, ho ile ha etswa tsebiso e kgethehileng sebokeng sa selemo le selemo: Morabo rona Jody Jedele le Morabo rona Jacob Rumph ba ile ba kgethwa hore e be ditho tsa Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova. Ka bobedi bara bana ba bo rona ba sebeleditse Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata.
Morabo rona Jody Jedele le mohatsa wa hae Damaris
Morabo rona Jedele o hlahetse Missouri, naheng ya Amerika. O hodisitswe ke batswadi ba Dipaki. Lelapa labo le ne le dula haufi le tshimo e sa sebetsweng hangata. Ka hoo, o ile a kopana le bana ba bo rona ba bangata ba tswang dinaheng tse fapaneng ba neng ba tjhakela moo ho tla thusetsa ho bolela ditaba tse monate. Lerato la bona le momahano ya bona di ile tsa mo ama haholo. O ile a kolobetswa a sa le motjha ka la 15 October 1983. O ne a rata tshimo mme ha a qeta sekolong se phahameng, e ile ya eba pulamadiboho ya ka mehla ka September 1989.
Ha Morabo rona Jedele a ntse a le motjha, batswadi ba hae ba ne ba atisa ho ya Bethele ba tsamaya le yena le ausi wa hae. Maeto ana a ile a ba susumetsa hore ba batle ho yo sebeletsa Bethele ha ba se ba hodile, e leng ntho e ileng ya etsahala. Morabo rona Jedele o ile a fihla Bethele e Wallkill ka September 1990. Kabelo ya hae ya pele e ile ya eba ho sebetsa lefapheng la ho hlwekisa mme ha morao a sebetsa Lefapheng la Tsa Bongaka.
Ka nako eo, diphutheho tsa puo ya Sepanishe tse haufi di ne di hola mme di hloka bara ba bo rona. Ka hoo, Morabo rona Jedele o ile a ya ho e nngwe ya tsona mme a qala ho ithuta puo ya Sepanishe. Nakwana ka mora moo, o ile a kopana le Moradi wa bo rona Damaris, eo e neng e le pulamadiboho hona potolohong eo. Ha morao ba ile ba nyalana mme ba sebeletsa Bethele ba le babedi.
Ka 2005, ba ile ba tlohela ho sebetsa Bethele e le hore ba ilo hlokomela batswadi ba bona ba neng ba sebeletsa Jehova ka botshepehi. Ka nako eo, ba ile ba sebeletsa e le bopulamadiboho ba ka mehla. Morabo rona Jedele o ile a thusetsa ka ho ruta Sekolong sa Tshebeletso sa Bopulamadiboho a ba a sebeletsa Komiting ya Bohokahanyi le Dipetlele le Komiting ya Kaho ya Lebatowa.
Ka 2013, Mora le Moradi wa bo rona Jedele ba ile ba bitswa Bethele hape ha Warwick e ne e hahwa. Ho tloha ka nako eo, ba ile ba boela ba sebetsa Patterson le Wallkill. Morabo rona Jedele o ile a sebetsa Lefapheng la Meralo le Kaho le Lefapheng la Boitsebiso ba Ditshebeletso Tsa Dipetlele. Ka March 2023, o ile a kgethwa hore e be mothusi Komiting ya Tshebeletso. Ha a bua ka dikabelo tseo a ileng a di fuwa o re: “Ha o fuwa kabelo e ntjha, ka dinako tse ding o ka utlwa o tshohile. Empa ha seo se etsahala, o lokela ho hopola ho itshetleha ka Jehova hobane ke yena ya re thusang hore re etse dintho tseo a reng re di etse.”
Morabo rona Jacob Rumph le mohatsa wa hae Inga
Morabo rona Rumph o hlahetse California, naheng ya Amerika. Ha a ntse a hola, mme wa hae o ile a kgaotsa ho ya dibokeng le tshimong empa o ne a ntse a leka ho mo ruta Bibele. Hape, selemo le selemo o ne a tjhakela nkgono wa hae eo e neng e le Paki ya Jehova. O ile a mo thusa hore a be le thahasello ya ho ithuta Bibele mme ha a le dilemo di 13 o ile a kopa ho kgannelwa thuto. O ile a kolobetswa ha a ntse a le motjha ka la 27 September 1992. Taba e thabisang ke hore mme wa hae o ile a boela a ya dibokeng le tshimong le ba lelapa labo ba ile ba qalella ho hatela pele yaba ba a kolobetswa.
Ha e ntse e le motjha, Mora bo rona Rumph o ile a bona ka moo bopulamadiboho ba thabileng ka teng. Ka hoo, ha a qeta sekolong se phahameng, o ile a nkela bopulamadiboho ka September 1995. Ka 2000, o ile a ya Ecuador ho yo sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Ke hona teng moo a ileng a kopana le moradi wa bo rona wa pulamadiboho ya bitswang Inga, ya tswang Canada. Ha morao ba ile ba nyalana. Ka mora hore ba nyalane, ba ile ba sebeletsa toropong e Ecuador e neng e ena le sehlopha se senyenyane sa bahweletsi. Hona jwale, phutheho eo e se e ena le bahweletsi ba tjhesehang.
Ha nako e ntse e ya, Mora le Moradi wa bo rona Rumph ba ile ba kgethwa hore e be bopulamadiboho ba kgethehileng mme ha morao ba etsa mosebetsi wa potoloho. Ka 2011, ba ile ba memelwa ho ya tlelaseng ya bo132 ya Gileade. Ka mora ho fuwa mangolo, ba ile ba sebeletsa dinaheng tse fapaneng mme ba thabela mefuta e fapaneng ya tshebeletso e kang tshebeletso ya Bethele, ho ba baromuwa le mosebetsi wa potoloho. Hape, Morabo rona Rumph o ile a ba le tokelo ya ho ba morupedi wa Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso.
Ka lebaka la sewa sa COVID-19, Mora le Moradi wa bo rona Rumph ba ile ba kgutlela Amerika. Ba ile ba memelwa ho ya Bethele e Wallkill moo Morabo rona Rumph a ileng a fumana kwetliso Lefapheng la Tshebeletso. Ha morao ba ile ba kgutlela lekaleng la Ecuador moo Morabo rona Rumph a ileng a sebeletsa e le setho sa Komiti ya Lekala. Ka 2023, ba ile ba iswa Warwick. Ka January 2024, Morabo rona Rumph o ile a kgethwa hore e be mothusi Komiting ya Tshebeletso. Ha a nahana ka mesebetsi eo a e entseng, o re: “Ntho e etsang hore kabelo e ikgethe ha se sebaka seo o sebetsang ho sona empa ke batho bao o sebetsang le bona.”
Re ananela mosebetsi o boima o etswang ke bara bana ba bo rona mme ‘re tla nne re bontshe banna ba tshwanang le bana hore re a ba rata.’—Bafil. 2:29.