LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • yb17 maq. 26-29
  • Ho nehelwa lekala

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho nehelwa lekala
  • Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
  • Dintlha tse Ding
  • Dintho Tsohle di a Kgoneha ho Jehova
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
Buka ya Selemo ya Dipaki Tsa Jehova 2017
yb17 maq. 26-29
Morabo rona Stephen Lett wa Sehlopha se Busang o fana ka puo ha ho nehelwa ofisi ya lekala ya Kyrgyzstan

Kyrgyzstan

DINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Makala a a Nehelwa

BAITHAOPI ba ile ba qeta selemo le halofo ba sebetsa ka thata ho lokisa le ho eketsa mehaho ya lekala e Bishkek, Kyrgyzstan. Ka la 24 October  2015, mehaho eo e ile ya nehelwa, kgwedi feela kamora hore mosebetsi o qetwe. Batho ba fetang 3 000 ba ne ba mametse puo e ileng ya fanwa. Puo eo e ile ya mamelwa Diholong tsa Mmuso tse 18 le dibakeng tse ding hape tse 5. Morabo rona Stephen Lett wa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo e monate e neng e ena le sehlooho se reng “Sebeletsa Jehova ka Pelo e Felletseng.” Letsatsi le latelang, ho ile ha eba le lenaneo le ileng la mamelwa ke bara le baradibabo rona kaofela naheng eo.

Ofisi ya lekala ya Kyrgyzstan

Lekala la Kyrgyzstan

Ka Moqebelo wa la 14 May 2016, batho ba 6 435 ba ne ba le teng ha ho nehelwa ofisi ya lekala la Armenia, e nang le mekato e 6 mohahong wa mekato e 18. Ho ile ha ba ha nehelwa Holo ya Kopano le moo ho tla tshwarelwa Sekolo sa Baevangedi ba Mmuso. Ha dipuo di ntse di tswela pele, ho ile ha buuwa ka histori ya Dipaki Tsa Jehova tsa Armenia. Ha hlaloswa hore batho ba Armenia ba ile ba qala ho utlwa nnete ha ba le United States, maqalong a dilemo tsa bo1900 mme mahareng a bo1970 tsa fihla naheng ya Armenia. Ka nako eo Amernia e ne entse e le tlasa mmuso wa Soviet Union. Morao tjena, mokgatlo o ile wa ngodiswa ka molao mme hwa etswa le ofisi ya lekala. Ba bangata ba ne ba sa nahana hore ho se ho fihletswe dintho tse ngata jwalo Amernia. Ntho e bileng monate le ho feta, ke ha batho ba neng ba le teng moo ba dumella Morabo rona David Splane wa Sehlopha se Busang hore a nehele mehaho eo e metle ho Jehova.

Morabo rona David Splane wa Sehlopha se Busang o fana ka puo ha ho nehelwa ofisi ya lekala ya Armenia; batho ba tlile lenaneong; jaefe ya setso sa Armenia

Armenia

Ka hodimo: Ho nehelwa lekala la Amernia

Mahareng: Bara le baradibabo rona ba lenaneong le kgethehileng

Ka fatshe: Jaefe ya setso sa Armenia letsatsing la lenaneo le kgethileng

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share