LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mrt sehlooho 32
  • Itshireletse Ditabeng Tseo Eseng Nnete

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Itshireletse Ditabeng Tseo Eseng Nnete
  • Dihlooho Tse Ding
  • Dintlha tse Ding
  • Qoba Ditaba Tseo e Seng Nnete
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Molaodi ya Phahameng wa Tsa Bophelo o Lemosa Batho ka Dikotsi Tsa Inthanete—Bibele e Reng ka Taba Ee?
    Dihlooho Tse Ding
  • Na o na le Dintlha Kaofela?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Setswalle sa Hao le Batho ba Bang?
    Fadimehang!—2021
Tse Ding
Dihlooho Tse Ding
mrt sehlooho 32
Monna o shebile ditaba tse tswang bathong ba bangata ba fapaneng.

Itshireletse Ditabeng Tseo Eseng Nnete

Mehleng ena ho bonolo ho feta le ha e le neng pele ho fumana ditaba, ho akareletsa le tse re thusang hore re dule re sireletsehile ebile re phetse hantle. Le ha ho le jwalo, ha o fumana ditaba o lokela ho hlokomela tseo eseng nnete tse kang:

  • Ditaba tse kgelosang

  • Ditlaleho tse fosahetseng

  • Diqoso tse se nang bopaki

Ka mohlala, nakong ya sewa sa COVID-19 mongodi e moholo wa Matjhaba a Kopaneng o ile a bua ka kotsi ya ditaba tseo eseng nnete tse atileng haholo. O ile a re: “Dikeletso tse fosahetseng le tse kotsi tsa phekolo di atile haholo. Dithelevishene le di radio di tswela pele ho fetisa ditaba tseo eseng nnete. Batho ba hasa ditaba tse se nang bopaki inthaneteng. Ke ntho e atileng hore ho fetiswe ditaba tse bakang lehloyo le kgethollo ho batho ba bang.”

Ho fetiswa ha ditaba tseo eseng nnete ha se ntho e re makatsang hobane Bibele e ile ya bolela esale pele hore mehleng ya rona “batho ba kgopo le ba ikgakanyang, bobe ba bona bo tla eketseha bo be bo fetelle.” (2 Timothea 3:​1, 13) Ka ha hona jwale ho se ho le bonolo ho fumana ditaba kapele ho feta le ha e le neng pele, re sa hlokomele re ka iphumana re se re fetisitse ditaba tseo eseng nnete. Ka lebaka leo, di email tsa rona, metjha ya rona ya dipuisano le ditaba tseo re di fumanang disebedisweng tsa rona tsa elektronike di ka tlala ka ditaba tse fosahetseng le tse se nang dinnete tse feletseng.

Re ka itshireletsa jwang ditabeng tse kgelosang kapa tse se nang bopaki bo feletseng? Hlokomela melaomotheo ya Bibele e ka o thusang.

  • Motho o ntse a nahana ka dintho tseo a di utlwileng le tseo a di boneng.

    O se ke wa dumela ntho e nngwe le e nngwe eo o e bonang kapa eo o e utlwang

    Bibele e re: “Ya se nang tsebo o dumela lentswe le leng le le leng empa ya bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong wa hae.”​—Diproverbia 14:15.

    Haeba re se hlokolosi ho ka ba bonolo hore re ka thetswa. Ka mohlala, nahana ka ditshwantsho tse nang le melaetsa kapa ka divideo tse kgutshwanyane tse fetiswang inthaneteng, haholoholo metjheng ya dipuisano. Dintho tsena ho tlwaelehile hore di bitswe di meme mme hangata di reretswe ho tshehisa batho ba bang. Le ha ho le jwalo, ditshwantsho kapa divideo tsena ho ka ba bonolo hore di ka fetolwa kapa hore motho e mong a sebedise mantswe kapa mongolo o hlahang ho tsona ka morero o fapaneng. Batho ba ka kgona ho etsa divideo tsa moo motho a buang kapa a etsang ntho e itseng le hoja bophelong ba sebele motho ya jwalo a eso ka a bua kapa a etsa ntho e jwalo.

    “Ditaba tse ngata tseo eseng nnete tseo bafuputsi ba di fumanang metjheng ya dipuisano di akareletsa ditshwantsho le divideo tse fetotsweng, tseo batho ba nkileng mantswe kapa mongolo o hlahang ho tsa batho ba bang, jwalo ka di meme.”​—Axios Media.

    Ipotse: ‘Na ditaba tsee ke nnete kapa ke meme feela?’

  • Kgalase e hodisang mongolo.

    Batla hore na ditaba tseo di tswa hokae le hore na di bua kang

    Bibele e re: “Etsang bonnete ba hore dintho tsohle di nepahetse.”​—1 Bathesalonika 5:21.

    Pele o ka kgolwa kapa wa fetisa ditaba tse itseng le haeba ho buuwa ka tsona haholo metjheng ya diphatlalatso, netefatsa hore di nepahetse. O ka etsa seo jwang?

    Batlisisa hore na ditaba tseo o di fumaneng di tswa ho hokae le hore na di behilwe ke batho ba tshepahalang. Metjha ya diphatlalatso e ka sotha taba ho ya ka tshekamelo ya batho ya dipolotiki kapa ka mabaka a kgwebo. Sebedisa metjha e fapaneng ya ditaba ho bapisa seo o se badileng kapa seo o se utlwileng. Ka dinako tse ding metswalle ya rona e ka romela ditaba tseo e sa hlokomelang hore ha se nnete metjheng ya dipuisano. Ka hoo, o se ke wa kgolwa ditaba tseo o di utlwang pele o di bala moo di hlahang teng.

    Etsa bonnete ba hore ditaba tseo ke tsa moraorao ebile di nepahetse. Sheba hore na ke tsa neng, hore na ke nnete le hore na di na le bopaki bo di tshehetsang. Ela hloko hore na ditaba tsa bohlokwa ha di a fetiswa jwalo ka ha eka ha di bohlokwa le hore na ditaba tseo ha di a rerelwa ho susumetsa maikutlo a rona.

    “Ho netefatsa hore ditaba tseo re di fumaneng ke nnete ho ntse ho eba bohlokwa jwalo ka ho hlapa matsoho.”​—Sridhar Dharmapuri, Ofisiri e Phahameng ya Tshireletseho ya Dijo le Phepo e Nepahetseng ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng.

    Ipotse: ‘Na ditaba tsee ke maikutlo a motho a bonahalang eka ke nnete kapa di buella lehlakore le le leng la seo ho buuwang ka sona?’

  • Pampiri e nang le lethathamo la dintho.

    Kgolwa ditaba tseo e leng nnete eseng tseo wena o thabelang ho di utlwa

    Bibele e re: “Motho ya tshepang pelo ya hae ha a na kelello.”​—Diproverbia 28:26.

    Hangata re kgolwa ditaba tseo rona re batlang ho dumela hore ke nnete. Ha motho a kena inthaneteng o hlahisetswa ditaba tse amanang le dintho tseo a ileng a di sheba nakong e fetileng. Le ha ho le jwalo, dintho tseo rona re thabelang ho di utlwa ha se ka mehla e leng dintho tseo re lokelang ho di utlwa.

    “Ho bonolo hore batho ba bone seo e leng nnete ka mora ho hlahloba mahlakore ohle a taba. Le ha ho le jwalo, ditabatabelo tsa bona, dintho tse ba susumetsang le dintho tseo ba di tshabang di ka etsa hore ba kgolwe taba e itseng hobane feela e tshehetsa dintho tseo ba di thahasellang.”​—Peter Ditto, setsebi sa kelello.

    Ipotse: ‘Na ke tshepa ditaba tsee hobane feela di tshehetsa dintho tseo ke di thahasellang?’

  • Ditaba tse fosahetseng di lahlelwa ka moqomong.

    O se ke wa fetisa ditaba tseo eseng nnete

    Bibele e re: “O se ke wa bolela tlaleho eo e seng ya nnete.”​—Exoda 23:1.

    Hopola hore ditaba tseo o di fetisetsang ho batho ba bang di ka ama tsela eo ba ikutlwang le ho etsa dintho ka yona haholo. Le hoja o ka romela ditaba tse fosahetseng ka sepheo se setle, ho etsa jwalo ho ka ba kotsi.

    “Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo o lokelang ho e etsa pele o ka fetisetsa ditaba ho batho ba bang ke ho ipotsa potso ena: ʻNa ke kgodisehile hore taba ee eo ke batlang ho e fetisa ke nnete?’ Haeba motho e mong le e mong a ne a ka ipotsa potso ena ho ka be ho sa tlala ditaba tseo eseng nnete hakana inthaneteng!”​— Peter Adams, motlatsi e moholo wa mopresidente wa News Literacy Project.

    Ipotse: ‘Na ke fetisa ditaba tsee hobane ke tseba hore ke nnete?’

Diqoso tse se nang bopaki

Shauna Bowes eo e leng setsebi sa kelello o re: “Hona jwale diqoso tse se nang bopaki di susumetsa tsela eo batho ba nahanang le ho etsa dintho ka yona ho feta pele.” A re ke re bueng haholwanyane ka diqoso tsena tse se nang bopaki.

Diqoso tse se nang bopaki keng? Ke diqoso tse reng ho na le dihlopha tse matla le tse kgopo tse rerileng ho etsa dintho tse itseng tse ka ntshang setjhaba kotsi.

Ke hobaneng ha di le kotsi? Diqoso tse se nang bopaki di ka etsa hore batho ba se ke ba hlola ba tshepa ditaba tse tswang metjheng e tshepahalang. Di ka ba tsa etsa hore batho ba se ke ba amohela mekgwa ya phekolo kapa dikeletso tsa tshireletseho. Diqoso tsena di boetse di etsa hore batho ba kgetholle dihlopha tse qoswang le ho susumeletsa batho ho etsa dintho tse ka ntshang dihlopha tseo kotsi.

Ke hobaneng ha di atile hakaale? Encyclopaedia Britannica e re diqoso tse se nang bopaki di eketseha haholo “nakong eo batho ba bangata ba tshwenyehileng ka ntho e itseng, ho fetofetoha ha dintho kapa ha ho ena le mathata a itseng jwalo ka a bang teng nakong ya dintwa, nakong ya ho putlama ha moruo kapa ka mora dikoduwa tsa tlhaho tse kang tsunami, tshisinyeho ya lefatshe le mafu a sewa.” Ha dintho tsena di etsahala, batho ba kgolwa diqoso tsena tse se nang bopaki hobane di tshehetsa seo ba se dumelang kapa di ba thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha ba hlahelwa ke dintho tse bohloko.

Bibele e ka o thusa jwang hore o se ke wa kgolwa diqoso tse se nang bopaki? Dikeletso tsa Bibele di ka o thusa hore o se ke wa tshwenyeha haholo nakong eo o nang le mathata. Di ka re thusa ho utlwisisa hore na ha e le hantle ke hobaneng ha re hlahelwa ke mathata le hore na mathata ao a tla fela jwang. Ho fumana dintlha tse ding, shebella video ya Ke Hobaneng ha o Lokela ho Ithuta Bibele?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share